JEREMIA
1 Ana ke mantsoe a Jeremia* mora oa Hilkia, e mong oa baprista ba neng ba le Anathothe+ naheng ea Benjamine: 2 Jehova o ile a bua le ’na mehleng ea Josiase+ mora oa Amone,+ morena oa Juda, ka selemo sa bo13 sa puso ea Josiase. 3 A boela a bua le ’na mehleng ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ho fihlela qetellong ea selemo sa bo11 sa puso ea Tsedekia+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ho fihlela Jerusalema e haptjoa ka khoeli ea bohlano.+
4 Jehova a re ho ’na:
Ke u entse moprofeta ho lichaba.”
7 Eaba Jehova o re ho ’na:
“U se ke oa re: ‘Ke sa le moshanyana.’
U lokela ho ea ho bohle bao ke u romang ho bona,
U bue ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laelang eona.+
9 Jehova a otlolla letsoho la hae ’me a thetsa molomo oa ka.+ Eaba Jehova o re ho ’na: “Ke behile mantsoe a ka molomong oa hao.*+ 10 Letsatsing lena, ke u behile hore u okamele lichaba le mebuso, u fothole le ho heletsa, u qhaqhe le ho felisa, u hahe le ho hloma.”+
11 Jehova a boela a re ho ’na: “U bona’ng Jeremia?” Ka re: “Ke bona lekala la sefate sa almonde.”*
12 Jehova a re ho ’na: “U bone hantle, etsoe ke falimehile ebile ke malala-a-laotsoe ho phetha lentsoe la ka.”
13 Jehova a re ho ’na ka lekhetlo la bobeli: “U bona’ng?” Kahoo ka re: “Ke bona pitsa* e belang ’me molomo oa eona o sekame o furaletse leboea.” 14 Eaba Jehova o re ho ’na:
“Tlokotsi e tla hlaha e tsoa leboea,
E hlahele baahi bohle ba naha.+
15 Jehova o re: ‘Ke laela malapa ’ohle a mebuso ea leboea hore a tle.+
Le leng le le leng le tla beha terone ea lona
Likeiting tsa Jerusalema,+
Marakong a eona ho e potoloha
Le metseng eohle ea Juda.+
16 Ke tla phatlalatsa likahlolo tsa ka ho batho ba ka ka lebaka la bokhopo bohle ba bona
Hobane ba ntahlile,+
Ba etsetsa melimo e meng mahlabelo*+
Ebile ba inamela melimo eo ba e entseng ka matsoho a bona.’+
17 Empa u lokela ho itokisetsa ho nka khato,*
U eme ’me u ba bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laelang eona.
U se ke oa ba tšaba+
E le hore ke se ke ka etsa hore u ba tšabe le ho feta.
18 Etsoe kajeno ke u entse motse o sirelelitsoeng ka thata,
Pilara ea tšepe le marako a koporo e le hore u ka ema u tiile ka pel’a naha eohle,+
Marena a Juda le likhosana tsa eona,
Baprista ba eona le batho ba naha.+
19 Ba tla fela ba u loantše
Empa ba ke ke ba u hlola
Hobane ‘ke na le uena+ ho u pholosa,’ ke Jehova ea chong.”
2 Jehova a re ho ’na: 2 “E-ea u phatlalatse moo Jerusalema e ntseng e utloa, u re: ‘Jehova o re:
“Ke hopola hantle boitelo* ba hao ha u sa le mocha,+
Lerato la hao nakong eo ke neng ke u lebelelitse,+
Kamoo u neng u ntatela kateng lefeelleng,
Naheng e sa jaloang peo.+
3 Iseraele o ne a halalela ho Jehova,+ e le litholoana tsa Hae tsa pele.”’
Jehova o re: ‘Mang kapa mang ea mo ntšang kotsi o ne a tla ba molato.
Tlokotsi e ne e tla mo oela holimo.’”+
4 Utloang lentsoe la Jehova, lona ba ntlo ea Jakobo
Le lona malapa ’ohle a ntlo ea Iseraele.
5 Jehova o re:
“Bo-ntate ba lona ba fumane ke le molato oa eng+
Ha e le moo ba tsamaetse hole le ’na hakaale?
Ba rapetse litšoantšo tse se nang thuso+ eaba le bona ba fetoha ntho e se nang thuso.+
6 Ha baa ka ba re: ‘A re tšepeng Jehova*
Ea re ntšitseng naheng ea Egepeta,+
Ea re tataisitseng lefeelleng
Har’a lehoatata+ le har’a likoti,
Naheng e otluoeng ke komello+ le e moriti o lefifi,
Naheng eo ho seng motho ea fetang ho eona
Le eo ho seng motho ea lulang ho eona.’
7 Qetellong ka le tlisa naheng e mobu o motle*
Hore le je litholoana tsa eona le lintho tsa eona tse ntle.+
8 Baprista ha baa ka ba re: ‘A re tšepeng Jehova.’*+
Ba neng ba lokela ho ruta molao ha baa ka ba ntseba.
9 Jehova o re: ‘Kahoo, ke tla boela ke le loantše.+
Ke tla loantša le litloholo tsa lona.
10 Tšelelang lihlekehlekeng* tsa Kitime+ ’me le bone.
Romelang molaetsa Kedare+ ’me le nahane hantle,
Le bone hore na ntho e tjena e kile ea etsahala.
11 Na sechaba se kile sa tlohela melimo ea sona eaba se ea melimong ea bohata?
Empa batho ba ka ba ntlohetse, ’na Molimo ea matla ’me ba ea nthong e se nang thuso.+
12 Lona maholimo shebang ka ho makala,
Tlakaselang ke tšabo,’ ke Jehova ea chong
13 ‘Hobane sechaba sa ka se entse lintho tse peli tse mpe:
Se ntahlile, ’na mohloli oa metsi a bophelo,+
Se icheketse liliba,*
Liliba tse se nang metsi, tse ke keng tsa a boloka.’
14 ‘Na Iseraele ke mohlanka kapa lona lekhoba le hlahetseng ka tlung ea mong’a lona?
Joale ke hobane’ng ha e tlatlapuoe?
Li etsa hore naha ea Iseraele e be ntho e tšosang.
Metse ea eona e chesitsoe, ha e na moahi.
16 Batho ba Nofe*+ le Takpanese+ ba u phumotse lefatla.
17 Na ha se uena ea ipaketseng lintho tsee
Ka ho lahla Jehova Molimo oa hao+
Ha a ntse a u tataisa tseleng?
Ke hobane’ng ha u rata tsela e eang Asiria+
Ho ea noa metsi a Noka ea Eufrate?
19 U lokela ho ithuta linthong tse khopo tseo u li entseng,
U lokela ho khalemelloa ho se tšepahale.
U tsebe ’me u bone hore ke ntho e mpe le e bohloko+
Ho lahla Jehova Molimo oa hao.
Ha oa ntlhompha,’+ ke ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho ea chong.
Empa u itse: “Nke ke ka u sebeletsa.”
U ne u kakaletse maralleng ’ohle a phahameng le tlas’a lifate tsohle tse behang,+
U ikentse letekatse.+
21 Ke u lemme u le sefate se setle haholo sa morara o mofubelu,+ sa peo e ntle.
Joale ho tlile joang hore u fetohe lehlomela le bolileng la sefate sa morara sa naheng ka pel’a mahlo a ka?’+
22 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Leha u ka ba oa itlhatsoa ka soda,* oa sebelisa sesepa se sengata,
Mahlong a ka u tla be u ntse u sa hloeka ka lebaka la phoso ea hao.’+
23 Ke joang u ka reng: ‘Ha kea itšilafatsa,
Ha kea rapela melimo ea Baale’?
Bona tsela ea hao khohlong.
Ela hloko seo u se entseng.
U tšoana le kamele e nyenyane e tšehali e lebelo
E thalang ntle ho morero,
24 Le tonki e hlaha e tloaetseng ho phela naheng,
E fofonelang moea ka lebaka la takatso ea eona.
Ke mang ea ka e thibang nakong eo e palesitseng?
Tsohle tse tona tse e batlang li ke ke tsa hloka ho ikhathatsa.
Li tla e fumana ha e le nako* ea eona ea hore e tloleloe.
25 Khaotsa ho matha e le hore u tle u se ke oa qetella u sa roala letho
Le ’metso oa hao o se ke oa omella.
Empa u itse: ‘Che! Ha ho na thuso.+
26 Joalokaha lesholu le hlajoa ke lihlong ha le fumanoa,
Ba ntlo ea Iseraele le bona ba hlajoa ke lihlong,
Bona hammoho le marena a bona, likhosana tsa bona,
Baprista ba bona le baprofeta ba bona.+
27 Ba re ho sefate: ‘U Ntate.’+
Ba re ho lejoe: ‘U ntsoetse.’
Ho e-na le hore ba khutlele ho ’na, ba mphuraletse.+
Nakong ea tlokotsi ea bona ba tla re:
‘Tloo u re pholose!’+
28 Joale melimo ea hao eo u iketselitseng eona e kae?+
E ke e tle haeba e ka u pholosa nakong ea tlokotsi ea hao.
Etsoe melimo ea hao e mengata joaloka metse ea hao, uena Juda.+
29 Jehova o re: ‘Ke hobane’ng ha le ntse le ntoantša?
Ke hobane’ng ha kaofela ha lona le mphetohetse?’+
30 Ke otlile bana ba lona empa ho ne ho se na thuso.+
Ba ne ba sa mamele khalemelo leha e le efe.+
Sabole ea lona e timelitse baprofeta ba lona+
Joaloka tau e bohale.
31 Lona moloko, nahanisisang ka lentsoe la Jehova.
Na ke se ke tšoana le lefeella ho Iseraele
Kapa naha e lefifi le letšo-letšo?
Ke hobane’ng ha sechaba see sa ka se itse: ‘Re itsamaela kamoo re batlang.
Ha re sa tla tla ho uena’?+
32 Na moroetsana a ka lebala mekhabiso ea hae?
Na monyaluoa a ka lebala mabanta a hae a ho ikhabisa?*
Leha ho le joalo, sechaba sa ka se ntebetse ka nako e telele.+
33 Uena mosali, u sebelitse ka thata e le hore banna ba u rate.
U entse hore litsela tsa hao e be tse mpe.+
34 Le liaparo tsa hao li na le mali a bafutsana ba hlokang molato.+
Ha baa bolaeloa ho thuha ntlong ea hao.
Leha ho le joalo, ke fumane mali a bona liaparong tsohle tsa hao.+
35 Empa u re: ‘Ha ke na molato.
Kannete Molimo ha a sa nkhalefetse.’
Joale ke tlisa kahlolo holim’a hao
Hobane u re: ‘Ha kea etsa sebe.’
36 Ke hobane’ng ha u nyenyefatsa taba ea ho se tšepahale ha hao?
37 Ka lebaka lena, u tla tsamaea u itšoere hloohong+
Hobane Jehova o lahlile bao u ba tšepileng,
Ba ke ke ba u thusa.”
3 Batho ba re: “Haeba monna a leleka mosali oa hae ebe mosali eo oa tsamaea o nyaloa ke monna e mong, na monna oa pele a ka khutlela ho eena hape?”
Na naha e se e ntse e sa silafala?+
Jehova o re: “U entse botekatse le metsoalle e mengata.+
Joale na kannete u batla ho khutlela ho ’na?
2 Phahamisetsa mahlo maralleng a hlobotseng ’me u bone.
Ke hokae moo u sa kang oa beteloa teng?
U ile oa lula haufi le litsela
Joaloka motsamai* lefeelleng.
U ntse u silafatsa naha
Ka botekatse le ka bokhopo ba hao.+
4 Empa joale oa nkhoeletsa u re:
‘Ntate, u bile motsoalle oa ka ho tloha bocheng ba ka.+
5 Na motho a ka lula a halefile ho ea ho ile
Kapa a lule a bolokile sekhopi?’
U cho joalo
Empa u lula u etsa bokhopo bohle boo u khonang ho bo etsa.”+
6 Mehleng ea Morena Josiase,+ Jehova o ile a re ho ’na: “‘Na u bone hore na Iseraele ea sa tšepahaleng o entse’ng? O hloeletse holim’a thaba e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng, a ea tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo e le hore a etse botekatse.+ 7 Ka mor’a hore a etse lintho tsena tsohle, ke ile ka ’na ka re a khutlele ho ’na+ empa ha aa ka a khutla. Juda a ’na a shebella ausi oa hae oa molotsana.+ 8 Ha ke bona hoo, ka tebela Iseraele ea sa tšepahaleng, ka mo fa lengolo la tlhalo+ ka lebaka la bofebe ba hae.+ Empa ngoan’abo ea bolotsana e leng Juda ha aa ka a tšoha. Le eena a tsoa ho ea etsa botekatse.+ 9 Iseraele o ne a nka botekatse ba hae hanyenyane, a ’na a silafatsa naha le ho feba ka hore a rapele majoe le lifate.+ 10 Ho sa tsotellehe lintho tsena tsohle tse etsahetseng, ngoan’abo ea bolotsana Juda ha aa ka a khutlela ho ’na ka pelo eohle haese ka boikaketsi feela,’ ke Jehova ea chong.”
11 Eaba Jehova o re ho ’na: “Iseraele ea sa tšepahaleng o ipakile hore o lokile ho feta Juda oa molotsana.+ 12 E-ea ka leboea ’me u phatlalatse mantsoe ana u re:+
‘Jehova o re: “Khutla, uena Iseraele oa mokoenehi.+ Nke ke ka u halefela*+ hobane kea tšepahala,” ke Jehova ea chong. “Nke ke ka lula ke u halefetse ho ea ho ile. 13 Amohela feela hore u entse phoso hobane u sitetsoe Jehova Molimo oa hao. U ile oa ’na oa etsa botekatse* le balichaba* tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo empa ha oa ka oa mamela lentsoe la ka,” ke Jehova ea chong.’”
14 Jehova o re: “Khutlang, lona bana ba koenehileng. Etsoe ke fetohile monghali* oa lona e le kannete. Ke tla le nka, ke nke a le mong motseng le ba babeli lelapeng ’me ke tla le tlisa Sione.+ 15 Ke tla le fa balisa ba etsang thato ea ka*+ ’me ba tla le fa* tsebo le temohisiso. 16 Matsatsing ao, le tla eketseha le ngatafale naheng,” ke Jehova ea chong.+ “Ha le sa tla hlola le re: ‘Areka ea selekane sa Jehova!’ Ha le sa tla hlola le nahana ka eona, le e hopola kapa le e hloloheloa ’me ha e sa tla hlola e etsoa hape. 17 Ka nako eo, le tla bitsa Jerusalema terone ea Jehova+ ’me lichaba tsohle li tla phuthehela Jerusalema ho rorisa lebitso la Jehova ’me ha le sa tla hlola le latela lipelo tsa lona tse mpe ka manganga.”+
18 “Matsatsing ao ba tla tsamaea hammoho, ba ntlo ea Juda ba tla tsamaea le ba ntlo ea Iseraele+ ’me ba tle ba tsoa naheng ea leboea ba kene naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lona e le lefa.+ 19 Ke ne ke ee ke re: ‘Ke u behile har’a bana ba ka ’me ke u file naha e ntle, lefa le letle har’a lichaba.’*+ Ke ne ke nahana hore u tla mpitsa ‘Ntate’ le hore u ke ke oa ntahla. 20 Jehova o re: ‘Empa joalokaha mosali ea bolotsana a siea monna oa hae, le lona ba ntlo ea Iseraele le ntšebelitse ka bolotsana.’”+
21 Ho utloahetse molumo ka holim’a maralla,
Sello le likopo tsa batho ba Iseraele.
Etsoe ba nkile tsela e sothehileng,
Ba lebetse Jehova Molimo oa bona.+
22 “Khutlang, lona bana ba koenehileng.
Ke tla le folisa ’me le ke ke la hlola le e-ba bakoenehi.”+
“Ke rona bana! Re tlile ho uena
Hobane Jehova, u Molimo oa rona.+
23 Kannete re ne re ithetsa ha re ntse re hoeletsa re le maralleng le lithabeng.+
Kannete poloko ea Iseraele e ho uena Jehova Molimo oa rona.+
24 Empa ho tloha bocheng ba rona, ntho e hlabisang lihlong* e qetile lintho tsohle tseo baholo-holo ba rona ba li sebelelitseng ka thata,+
Mehlape ea bona ea linku le lipoli le mehlape ea bona ea liphoofolo tse kholo,
Bara le barali ba bona.
25 A re robaleng ka lihlong tsa rona
’Me sekhobo sa rona se re koahele
Hobane re u sitetsoe, Jehova Molimo oa rona,+
Rona le bo-ntate ba rona ho tloha bocheng ba rona ho fihlela letsatsing lena.+
Ha rea mamela lentsoe la hao Jehova Molimo oa rona.”
4 Jehova o re: “Ha u ka khutla, uena Iseraele,
Ha u ka khutlela ho ’na,
Oa tlosa melimo ea hao ea bohata* e nyonyehang ka pel’a ka,
Joale u ke ke oa ba mophaphathehi.+
2 Hape ha u ka hlapanya ka ’nete, toka le ka ho loka, oa re:
‘Ka Jehova ea phelang!’
3 Jehova o re ho banna ba Juda le ho Jerusalema:
“Itemeleng masimo,
Le se ke la ’na la jala har’a meutloa.+
4 Lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema,
Bollang bakeng sa Jehova,
Bolotsang lipelo tsa lona+
E le hore khalefo ea ka e se ke ea tuka joaloka mollo
’Me ea tuka ea hloka motho ea e timang
Ka lebaka la mesebetsi ea lona e khopo.”+
5 Bolelang taba ena Juda, le e phatlalatse le Jerusalema.
Hoeletsang le letse lenaka ho pholletsa le naha.+
Hoeletsang le re: “Bokanang!
Re baleheleng metseng e sirelelitsoeng ka thata.+
6 Phahamisang letšoao* le bontšang tsela e eang Sione.
Le se ke la ema, batlang tšireletso”
Hobane ke tlisa koluoa e tsoang leboea,+ tlokotsi e kholo.
O tsoile sebakeng sa hae e le hore a etse naha ea hao ntho e tšosang.
Metse ea hao e tla etsoa lithako, e hloke moahi.+
8 Kahoo, aparang masela a hoashang.*+
Bokollang, le lle*
Hobane Jehova o ntse a re halefetse haholo.
Baprista ba tla tšoha le baprofeta ba makale.”+
10 Eaba ke re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, kannete u thetsitse Juda+ le Jerusalema ha u re: ‘Le tla ba le khotso’+ empa re le makhatheng a ho bolaoa ka sabole.”
11 Ka nako eo ho tla thoe ho sechaba sena le ho Jerusalema:
“Moea o chesang o hlahang maralleng a hlobotseng a lehoatata
O tla puputla morali oa* sechaba sa ka.
Ha se moea o tla olosa kapa o hloekise.
12 Moea o fokang ka matla o tsoa libakeng tsena ka taelo ea ka.
Joale ke tla phatlalatsa likahlolo ho batho ba ka.
Lipere tsa sona li lebelo ho feta lintsu.+
Re malimabe hobane re ba shoeleng.
14 Hlatsoa bokhopo pelong ea hao hore e hloeke, uena Jerusalema e le hore u pholosoe.+
U tla lula u nahana bokhopo ho fihlela neng?
16 Tlalehelang lichaba molaetsa ona.
O phatlalatseng khahlanong le Jerusalema.”
“Balebeli* ba tla ba tsoa naheng e hole
’Me ba tla hoeletsa khahlanong le metse ea Juda.
17 Ba tla hlasela Jerusalema ka mahlakoreng ’ohle joaloka batho ba katileng masimo+
Hobane e mphetohetse,”+ ke Jehova ea chong.
18 “U tla fumana kotlo bakeng sa litsela tsa hao le mesebetsi ea hao.+
Koluoa ea hao e bohloko haholo
Hobane e fihla pelong ea hao.”
19 Bohloko boo ke bo utloang,* bohloko boo ke bo utloang!
Ke utloa bohloko bo boholo pelong ea ka.*
Pelo ea ka e otla habohloko.
20 Ho tlalehiloe koluoa ka mor’a koluoa
Hobane naha eohle e felisitsoe.
Litente tsa ka li sentsoe ka tšohanyetso,
Masela a ka a tente a sentsoe ka nako le motsotso.+
21 Ke tla ’ne ke bone letšoao* halelele hakae,
Ke tla ’ne ke utloe molumo oa lenaka ho fihlela neng?+
22 “Etsoe batho ba ka ke maoatla.+
Ha ba na taba le ’na.
Ke bana ba se nang kelello ’me ha ba na kutloisiso.
Ba hlalefetse ho etsa lintho tse fosahetseng
Empa ha ba tsebe ho etsa tse lokileng.”
23 Ha ke sheba naha, ka bona e se na letho ebile e senyehile.+
Ka sheba maholimo ’me ka bona khanya ea ’ona e le sieo.+
26 Ha ke sheba serapa sa lifate tsa litholoana, ka bona hore se fetohile lehoatata
Le metse eohle ea sona e ne e qhaqhiloe kaofela.+
E ne e le ka lebaka la Jehova,
Ka lebaka la bohale ba hae bo tukang.
29 Batho bohle ba motse baa baleha+
Ha ba utloa molumo oa banna ba palameng lipere le ba loanang ka liqha.
Ba ipata merung e teteaneng,
Ba hloella mafikeng.+
Baahi bohle ba balehile metseng,
Ha ho sa na batho ba lulang ho eona.”
30 Kaha joale u tlatlapuoe, u tla etsa’ng?
U ne u tloaetse ho apara liaparo tse khubelu,
U ikhabisa ka mekhabiso ea khauta,
U tlotsa mahlo a hao ka setlolo se setšo hore a bonahale a le maholo.
Empa u ikentse botle mahala+
Kaha ba u batlang ba u lahlile.
Hona joale ba batla ho u bolaea.+
31 Etsoe ke utloile sello se kang sa mosali ea opeloang,*
Seboko se kang sa mosali ea belehang ngoana oa hae oa pele,
Lentsoe la morali oa Sione ea ntseng a hema ka thata.
O otlolla liatla a ntse a re:+
“Ke malimabe hobane ke khathetse ka lebaka la babolai!”
5 Sollang le literata tsa Jerusalema,
Qamakang ka hloko.
Batlang limmarakeng tsa eona le shebe
Hore na le ke ke la fumana motho ea sebetsang lintho ka toka,+
Ea tšepahalang.
Haeba le mo fumana, ke tla tšoarela Jerusalema.
3 Jehova, na mahlo a hao ha a batle batho ba tšepahalang?+
U ba otlile empa ha baa utloa.*
U timelitse naha ea bona empa ba hanne ho mamela khalemelo.+
4 Empa ka re: “Kannete e tlameha ebe ke bafutsana.
Ba etsa lintho tse se nang kelello hobane ha ba tsebe thato* ea Jehova,
Molao oa Molimo oa bona.
5 Ke tla ea ho banna ba hlaheletseng ’me ke bue le bona
Etsoe e tlameha ebe ba tsebile thato* ea Jehova,
Molao oa Molimo oa bona.+
Empa kaofela ba ne ba robile joko,
Ba khaotse le liketane.”*
6 Ke ka lebaka leo tau ea morung e ba hlaselang
Le phiri ea lehoatata e ntseng e ba bolaea.
Hape ke kahoo lengau le lulang le falimehile metseng ea bona.
Lengau le rusolla e mong le e mong ea tlohang metseng eo.
Etsoe liphoso tsa bona li ngata,
Ba bile bolotsana ka makhetlo a mangata.+
7 Nka u tšoarela joang ka ntho ee?
Bana ba hao ba ntahlile,
Ba ntse ba hlapanya ka ntho eo e seng Molimo.+
Ke ba file lintho tseo ba li hlokang
Empa ba ile ba ’na ba feba,
Ba petetsana ho ea ntlong ea mosali oa letekatse.
8 Ba joaloka lipere tse lehala tse batlang ho tlolela tse ling.
E mong le e mong o matha ka mor’a mosali oa monna e mong.+
9 Jehova o re: “Na ha kea lokela ho ba bitsa hore ba tl’o ikarabella bakeng sa lintho tsee?
Na ha kea lokela ho iphetetsa ho sechaba se tjee?+
Pomang makalana a Jerusalema a hlahang
Hobane ha se a Jehova.
12 “Ba latotse Jehova ba re:
Ha re na oeloa ke tlokotsi,
Ntoa le tlala re ke ke ra li bona.’+
13 Baprofeta ba profeta lintho tsa lefeela.
Lentsoe la Molimo ha le eo lipelong tsa bona.
Ba tla fetoha lefeela joaloka lintho tseo ba li profetang.”
14 Ka hona, Jehova Molimo oa mabotho o re:
Sechaba sena ke patsi,
Mollo o tla se chesa.”+
15 Jehova o re: “Ke le tlisetsa sechaba se tsoang hole, lona ba ntlo ea Iseraele.+
Ke sechaba se lulang se le teng.
Ke sechaba sa khale,
Sechaba seo le sa tsebeng puo ea sona.
Le ke ke la utloisisa hore na se re’ng.+
16 Mokotla oa sona o tšelang metsu o joaloka lebitla le ahlameng.
Kaofela ke sechaba sa bahlabani.
17 Ba tla ja lijalo le bohobe ba lona.+
Ba tla bolaea bara le barali ba lona.
Ba tla ja mehlape ea lona ea linku le lipoli le ea liphoofolo tse kholo.
Ba tla senya lifate tsa lona tsa morara le tsa feie.*
Metse ea lona e sirelelitsoeng ka thata eo le e tšepang, ba tla e felisa ka sabole.”
18 Jehova o re: “Empa esita le nakong eo, nke ke ka le felisa kaofela.+ 19 Etlare ha ba re: ‘Ke hobane’ng ha Jehova Molimo oa rona a re entse tjee?’ U re ho bona: ‘Feela joalokaha le ile la mphuralla la sebeletsa molimo osele naheng ea habo lona, le tla sebeletsa balichaba naheng eo e seng ea habo lona.’”+
20 Bolellang ba ntlo ea Jakobo,
Le tsebise Juda le re:
21 “Utloang, lona sechaba sa lithoto se bileng se se nang kelello,*+
Le na le mahlo empa ha le bone.+
Le na le litsebe empa ha le utloe.+
22 ‘Na ha le ntšabe?’ ke Jehova ea chong,
‘Na ha lea lokela ho nthothomella?
Ke ’na ea behileng lehlabathe e le moeli oa leoatle,
E le molao oa tsamaiso o sa tloheng oo leoatle le ke keng la o tlola.
Le hoja maqhubu a lona a akhotseha, a ke ke a o tlola.
Le hoja a loebehlana, a ntse a ke ke a feta moeli oa leoatle.+
23 Empa batho bana ba manganga ebile ba tletse borabele.*
Ba khelohile ’me ba inketse tsela ea bona.+
24 Ha ho mohla ba reng ka pelong:
“A re tšabeng Jehova Molimo oa rona,
Ea nesang pula ka nako ea eona,
Pula ea lehoetla le pula ea selemo,
25 Liphoso tsa lona li thibile lintho tsena hore li se ke tsa e-ba teng.
Libe tsa lona li le sitisa ho fumana melemo ena.+
26 Etsoe har’a sechaba sa ka ho na le batho ba khopo.
Ba ntse ba nyarela joaloka batšoasi ba linonyana ha ba khukhuna ba li laletse.
Ba cheha sefi se bolaeang.
Ba tšoasa batho.
Ke kahoo ba leng matla ba bileng ba ruileng.
28 Ba nonne ebile baa benya.
Bokhopo ba bona bo hlotse!
Ha ba buelle nyeoe ea khutsana+
E le hore ba ka atleha.
Ha ba ahlolele bafutsana ka toka.’”+
29 Jehova o re: “Na ha kea lokela ho ba bitsa hore ba tl’o ikarabella bakeng sa lintho tsee?
Na ha kea lokela ho iphetetsa ho sechaba se tjee?
30 Ho etsahetse ntho e tšosang le e tšabehang naheng:
Sechaba sa ka se rata ha ho le joalo.+
Empa le tla etsa joang ha bofelo bo fihla?”
6 Itšireletseng, lona bana ba Benjamine, balehang Jerusalema.
Besang mollo e le letšoao Bethe-hakereme
Hobane ho na le tlokotsi e tlang e tsoa leboea, tlokotsi e kholo.+
2 Morali oa Sione* o tšoana le mosali e motle ea phelang hamonate.+
3 Balisa ba tla tla le mehlape ea bona.
Ba tla hloma litente ho mo pota-pota ka hohle,+
E mong le e mong a fulise mohlape oo a o hlokomelang.+
4 “Itokisetseng ho mo loantša,
Emang, re mo hlaseleng har’a mpa ea motšehare.”
“Re malimabe hobane letsatsi le ntse le sekama
Le meriti e hlahlamela lithaba.”
6 Etsoe Jehova oa mabotho o re:
“Remang lifate ’me le etse qubu e thibellang Jerusalema.+
Ke motse o lokelang ho ahloloa.
Ka har’a oona ha ho letho haese khatello.+
7 Joalokaha seliba e le mohloli oa metsi a pholileng,
Motse ona le oona ke mohloli oa bokhopo.
Ho oona ho utloahala ntoa le timetso.+
Ke lula ke bona boloetse le kotlo.
8 Mamela uena Jerusalema esere ka u furalla ke lekehile.+
Ke tla u ripitla, ke u etse naha e se nang baahi.”+
9 Jehova oa mabotho o re:
“Ba tla bokella Baiseraele ba setseng hantle feela joalokaha ho bokelloa morara oa ho qetela sefateng.
Ba bokelle hape joaloka ea khang morara sefateng.”
10 “Ke tla bua le bo-mang ’me ke ba lemose?
Ke mang ea tla mamela?
Litsebe tsa bona li thibane* hoo ba sa khoneng ho utloa.+
Lentsoe la Jehova le fetohile ntho eo ba e nyefolang,+
Ha ba le rate.
11 Ke tletse khalefo ea Jehova.
Ke khathetse ke ho e mamella.”+
“E tsebise ngoana ea seterateng+
Le lihlopha tsa bahlankana ba bokaneng ’moho.
Etsoe ba tla haptjoa kaofela, monna hammoho le mosali oa hae,
Ke tla phahamisa letsoho ke otle baahi ba naha,” ke Jehova ea chong.
13 “Ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+
Ho tloha ho moprofeta ho ea ho moprista, kaofela ba etsa bobolu.+
14 Ba leka ho folisa sechaba sa ka se sithabetseng ka hore feela ba re:
‘Khotso e teng! Khotso e teng!’
Empa khotso e le sieo.+
15 Na batho ba ka ba soabetse lintho tse nyonyehang tseo ba li entseng?
Ha ba soabe ho hang!
Ha ba tsebe le hore na ho soaba ke ntho e joang.+
Ka hona, ba tla oela har’a ba oeleng.
Ha ke ba otla ba tla khothometseha,” ke Jehova ea chong.
16 Jehova o re:
“Emang mateanong a litsela ’me le bone.
Le botse ka litsela tsa khale,
Botsang hore na tsela e nepahetseng ke efe ’me le tsamaee ho eona,+
Le iphumanele phomolo.”
Empa ba re: “Re ke ke ra tsamaea ho eona.”+
17 “Ke khethile balebeli+ ba ileng ba re:
‘Mamelang molumo oa lenaka!’”+
Empa ba re: “Re ke ke ra mamela.”+
18 “Ka hona utloang, lona lichaba.
Lona phutheho, tsebang
Hore na ho tla etsahala’ng ka batho ba Jerusalema.
19 Mamela, uena lefatše.
Ke tlisa tlokotsi holim’a batho bana+
E le litla-morao tsa merero ea bona
Hobane ha baa mamela mantsoe a ka
Ebile ba hanne molao* oa ka.”
20 “Ha ke tsotelle le haeba le tlisa libano tse tšoeu tse tsoang Sheba
Le lehlaka* le tsoang naheng e hole.
Linyehelo tsa lona tsa secheso ha li amohelehe
Le mahlabelo a lona ha a nkhahle.”+
21 Kahoo Jehova o re:
“Ke behela batho bana lintho tse tla ba khopa,
Li tla ba liha,
Bo-ntate le bara,
Moahisani le motsoalle oa hae.
Kaofela ba tla timela.”+
22 Jehova o re:
“Batho ke bao ba tsoa naheng ea leboea,
Batho ba matla ba tla hlaha likarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lefatše.+
23 Ba tla tšoara seqha le lerumo.
Ba sehloho ’me ba ke ke ba e-ba le mohau.
Mantsoe a bona a tla luma joaloka leoatle
Ebile ba palama lipere.+
Ba itokisetsa ho u loantša ba ikentse ngatana-’ngoe, uena morali oa Sione.”
24 Re utloile tlaleho e mabapi le bona.
Re aparetsoe ke mathata,
Re utloile bohloko bo kang ba mosali ea pepang.+
25 U se ke oa tsoela tšimong.
Hape u se ke oa tsamaea tseleng
Hobane sera se nkile sabole,
Hohle batho ba tšohile haholo.
Lla joalokaha eka u llela mora ea mong, u bokolle haholo+
Hobane sera se felisang se tla re futuhela ka tšohanyetso.+
U lokela ho ela hloko ’me u hlahlobe liketso tsa bona.
Ba tšoana le koporo le tšepe,
Kaofela ha bona ba tletse bobolu.
29 Mosebetsi o sebelitse ka thata ho hloekisa tšepe,
Hoo le lisebelisoa tsa hae li cheleng.
Empa ha ho na thuso hobane ho itsoela loto feela mollong.+
Batho ba khopo ha baa tlosoa sechabeng.+
7 Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Jeremia: 2 “Ema keiting ea ntlo ea Jehova u phatlalatse molaetsa ona moo: ‘Utloang lentsoe la Jehova, lona batho bohle ba Juda ba kenang ka likeiti tsena ho tla inamela Jehova. 3 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Lokisang liketso tsa lona le mesebetsi ea lona ’me ke tla le lumella hore le ’ne le lule sebakeng sena.+ 4 Le se ke la tšepa mantsoe a bohata eaba le re: ‘Ena ke* tempele ea Jehova, tempele ea Jehova, tempele ea Jehova.’+ 5 Etsoe haeba le lokisa liketso tsa lona le mesebetsi ea lona ’me le emela toka pakeng tsa motho le moahisani oa hae,+ 6 le sa hatelle balichaba, likhutsana* le bahlolohali,+ le sa bolaee batho ba se nang molato sebakeng sena ’me le sa latele melimo e meng eaba le ipakela tlokotsi,+ 7 ke tla le lumella hore le ’ne le lule naheng ena eo ke e fileng baholo-holo ba lona ka ho sa feleng.”’
8 Empa le tšepa mantsoe a bohata+ a ke keng a le tsoela molemo ho hang. 9 Na le ka utsoa,+ la bolaea, la feba, la hlapanya ka leshano,+ la etsetsa Baale+ mahlabelo* le ho latela melimo eo le sa kang la e tseba 10 eaba lea tla, le ema ka pel’a ka ka tlung ee e bitsoang ka lebitso la ka ebe le re: ‘Re tla pholosoa’ empa le ntse le etsa lintho tsee tsohle tse nyonyehang? 11 Na le bona ntlo ee e bitsoang ka lebitso la ka e le lehaha la masholu?+ Ke bone hore na le ntse le etsa’ng,” ke Jehova ea chong.
12 “‘E-eang tabernakeleng ea ka e Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le lule teng pele+ ’me le bone hore na ke e entse’ng ka lebaka la bokhopo ba sechaba sa ka sa Iseraele.+ 13 Empa la ’na la etsa lintho tsena kaofela,’ ke Jehova ea chong. ‘Le hoja ke ile ka bua le lona ka makhetlo-khetlo,* ha lea ka la mamela.+ Ka ’na ka le bitsa empa la se ke la araba.+ 14 Kahoo, ntlo e bitsoang ka lebitso la ka+ eo le e tšepileng+ le sebaka seo ke le fileng sona le baholo-holo ba lona, ke tla li etsa ntho e tšoanang hantle le eo ke e entseng Shilo.+ 15 Ke tla le tlosa ka pel’a mahlo a ka feela joalokaha ke ile ka lahla bana ba bo lona e leng bana bohle ba Efraime.’+
16 “Ha e le uena Jeremia, u se ke oa rapella sechaba sena. U se ke oa bokolla, oa nkopa ka tieo kapa oa rapela bakeng sa sona+ kaha nke ke ka u mamela.+ 17 Na ha u bone hore na se etsa’ng metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema? 18 Bana ba roalla patsi, bo-ntate ba besa mollo, ha bo-’mè ba luba hlama e le hore ba etsetse Mofumahali oa Leholimo*+ mahobe a sehlabelo, ba etsa le linyehelo tsa lino bakeng sa melimo e meng e le ho ntšiteloa.+ 19 Jehova o re: ‘Empa na ke ’na eo ba mo siteloang?* Baa itšiteloa ’me ba tla soaba.’+ 20 Ka hona Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Bohale ba ka le khalefo ea ka li tla theoleloa sebakeng sena,+ ho batho le libata, ho lifate tsa tšimo le litholoana tsa naha. Khalefo ea ka e tla tuka ’me e ke ke ea tima.’+
21 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Eketsang linyehelo tsa lona tsa secheso mahlabelong a lona ’me le li je.+ 22 Etsoe mohla ke neng ke ntša baholo-holo ba lona naheng ea Egepeta, ha kea ka ka bua le bona kapa ka ba laela malebana le linyehelo tsa secheso le mahlabelo.+ 23 Empa ke ile ka ba fa taelo ena: “Mamelang lentsoe la ka. Ke tla ba Molimo oa lona, le be sechaba sa ka.+ Le lokela ho tsamaea tseleng eohle eo ke le laelang hore le tsamaee ho eona e le hore lintho li ka le tsamaela hantle.”’+ 24 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe.+ Ho e-na le hoo ba ile ba latela mehopolo* ea bona, ka manganga ba latela lipelo tsa bona tse khopo+ eaba ba ea morao eseng pele, 25 ho tloha mohla baholo-holo ba lona ba tsoang Egepeta ho fihlela letsatsing lena.+ Ke ile ka ’na ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ke ba romela letsatsi le leng le le leng, ka makhetlo-khetlo.*+ 26 Empa ba hanne ho ’mamela ’me ha baa ka ba sekeha tsebe.+ Ho e-na le hoo, ba ne ba le manganga* eaba ba etsa hampe ho feta baholo-holo ba bona.
27 “U tla ba bolella mantsoe ana ’ohle+ empa ba ke ke ba u mamela. U tla ba hoeletsa empa ba ke ke ba u araba. 28 Kahoo, e-re ho bona: ‘Sena ke sechaba se sa mamelang lentsoe la Jehova Molimo oa sona ’me se hanne ho amohela taeo. Botšepehi bo felile ebile ha se le ntho eo ba buang ka eona.’*+
29 “Kuta moriri oa hao* ’me u o lahle, u bine koli-ea-malla* maralleng a se nang letho etsoe Jehova o lahlile moloko oo o mo halefisitseng ’me o tla o tlohela. 30 Jehova o re: ‘Batho ba Juda ba entse lintho tse fosahetseng mahlong a ka. Ba behile litšoantšo tsa bona tse nyonyehang ka tlung e jereng lebitso la ka ’me ba e silafalitse.+ 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe, e Khohlong ea Mora oa Hinome*+ e le hore ba chese bana ba bona mollong+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela eona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.’*+
32 Jehova o re: ‘Ka hona, matsatsi aa tla ao ka ’ona e ke keng ea hlola e bitsoa Tofethe kapa Khohlo ea Mora oa Hinome* empa ho tla thoe ke Khohlo ea Polao. Ba tla pata bafu Tofethe ho fihlela ho se ho se na sebaka se setseng.+ 33 Litopo tsa sechaba sena e tla ba lijo tsa linonyana tsa maholimo le libata tsa lefatše ’me ha ho na motho ea tla tšosa linonyana le libata tseo.+ 34 Ke tla felisa mohoo oa thabo le mohoo oa nyakallo, ke felise lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa+ metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema etsoe naha e tla sala e se na baahi.’”+
8 Jehova o re: “Ka nako eo, masapo a marena a Juda, a likhosana tsa eona, a baprista, a baprofeta le a baahi ba Jerusalema a tla ntšoa mabitleng a bona. 2 A tla aloa letsatsing, khoeling le makhotleng ’ohle a maholimo ao ba a ratileng, ao ba a sebelelitseng, ao ba a latetseng, ao ba a batlileng le ao ba a inametseng.+ A ke ke a phuthoa kapa a epeloa. E tla ba moiteli holim’a lefatše.”+
3 Jehova oa mabotho o re: “Ba setseng lelapeng lena le khopo ba tla khetha lefu ho e-na le bophelo libakeng tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona.
4 U lokela ho re ho bona: ‘Jehova o re:
“Na ba tla oa ’me ba se ke ba ema hape?
Haeba e mong a ka khutla, na e mong le eena a ke ke a khutla?
5 Ke hobane’ng ha baahi ba Jerusalema ba tsoela pele ka ho se tšepahale?
Ba itšoarelelitse ka bolotsana.
Ba hana ho fetoha.+
6 Ke etse hloko ’me ka ’na ka mamela empa tsela eo ba neng ba bua ka eona e ne e sa nepahala.
Ha ho le ea mong ea ileng a bakela bokhopo ba hae kapa a re: ‘Ke entse’ng?’+
E mong le e mong o lula a khutlela tseleng e ratoang joaloka pere e potlakelang ntoeng.
7 Esita le mokotatsie o maholimong o tseba linako tsa oona,
Leebana-khoroana, lehaqasi le serobele* li boloka nako ea tsona ea ho khutla.*
Empa sechaba sa ka sona ha se tsebe nako ea Jehova ea kahlolo.”+
8 Ke joang le ka reng: “Re bohlale ’me re na le molao* oa Jehova”?
Hantle-ntle pene+ ea bohata ea bangoli e sebeliselitsoe leshano feela.
Ba tšohile ’me ba tla tšoaroa.
Ba lahlile lentsoe la Jehova.
Joale ba na le bohlale bofe?
Etsoe ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+
Ho tloha ho moprofeta ho ea ho moprista, kaofela ba etsa bobolu.+
11 Ba leka ho folisa morali oa sechaba sa ka ea sithabetseng ka hore feela ba re:
“Khotso e teng! Khotso e teng!”
Empa khotso e le sieo.+
12 Na batho ba ka ba soabetse lintho tse nyonyehang tseo ba li entseng?
Ha ba soabe ho hang!
Ha ba tsebe le hore na ho soaba ke ntho e joang.+
Ka hona, ba tla oela har’a ba oeleng.
Ha ke ba otla ba tla khothometseha,’+ ke Jehova ea chong.
13 Jehova o re: ‘Ha ke ba bokella, ke tla ba felisa.
Ho ke ke ha e-ba le morara o setseng sefateng sa morara, ho ke ke ha e-ba le lifeie* sefateng sa feie ’me makhasi a tla pona.
Lintho tseo ke ba fileng tsona li tla ba lahlehela.’
14 Re luletse’ng moo?
A re bokaneng re kene metseng e sirelelitsoeng+ ka thata ’me re shoelle moo.
Etsoe Jehova Molimo oa rona o tl’o re bolaea,
O re fa metsi a chefo hore re a noe+
Hobane re sitetsoe Jehova.
15 Re ne re tšepile hore ho tla ba le khotso empa ha ho letho le molemo le hlahileng,
Re ne re tšepile hore ho tla ba le nako ea ho folisa empa ke matsoalo feela.+
16 Ho utloahala molumo oa lipere tsa ba lireng ho tloha Dane.
Naha eohle ea reketla
Ka lebaka la molumo oa ho lla ha lipere tsa bona tse tona.
Baa tla ’me ba senya naha le sohle se ho eona,
Motse le baahi ba oona.”
17 Jehova o re: “Ke romela linoha har’a lona,
Linoha tse chefo tse ke keng tsa laoloa*
’Me ruri li tla le loma.”
18 Mesarelo ea ka ha e phekolehe.
Pelo ea ka ea kula.
19 Morali oa sechaba sa heso o hoeletsa
A le naheng e hole ho kopa thuso o re:
“Na Jehova ha a Sione?
Kapa na morena oa eona ha a ho eona?”
“Ke hobane’ng ha ba ntšitetsoe ka litšoantšo tsa bona tse betliloeng,
Ka melimo ea bona ea balichaba e se nang thuso?”
20 “Nako ea kotulo e fetile, lehlabula le felile
Empa ha re e-s’o pholosoe!”
21 Ke sithabelitsoe ke ho ripitloa ha morali oa sechaba sa heso.+
Ke nyahame.
Ke tšohile haholo.
22 Na ha ho na balsame* Gileade?+
Joale ke hobane’ng ha morali oa sechaba sa heso a sa fola?+
9 Hoja hlooho ea ka e ne e le seliba sa metsi
Ebe mahlo a ka ke mohloli oa meokho,+
Ke ne ke tla lla bosiu le motšehare,
Ke llele batho ba heso ba bolailoeng.
2 Hoja ke ne ke e-na le sebaka sa ho phomola lefeelleng,
Ke ne ke tla siea batho ba heso ’me ke tlohe ho bona.
Etsoe kaofela ha bona ke bafebi,+
Ke lequloana la balotsana.
3 Ba itokiselitse ho bua leshano joaloka seqha se kobehileng hore se betse tsenene.
Leshano le atile naheng ho e-na le botšepehi.+
Jehova o re: “Bokhopo ba bona bo ntse bo e-hloa mekoalaba
Ebile ha ba ’mamele.+
4 E mong le e mong a itebele ho moahisani oa hae.
Le se ke la tšepa esita le bana ba bo lona.
5 E mong le e mong o qhekella moahisani oa hae,
Ha ho ea buang ’nete.
Ba rutile maleme a bona ho bua leshano.+
Ba ipakela mokhathala ka ho etsa lintho tse fosahetseng.
6 U phela har’a batho ba leshano.
Ba bua leshano ’me ha ba batle ho ntseba,” ke Jehova ea chong.
7 Ka hona Jehova oa mabotho o re:
8 Maleme a bona ke tsenene e bolaeang, a bua leshano.
Ka molomo, motho o bua ka khotso le moahisani oa hae
Empa ka pelong o mo chehela leraba.”*
9 Jehova o re: “Na ha kea lokela ho ba bitsa hore ba tl’o ikarabella bakeng sa lintho tsee?
Na ha kea lokela ho iphetetsa ho sechaba se tjee?+
10 Ke tla lla ’me ke bokollele lithaba,
Ke bine koli-ea-malla* bakeng sa makhulo a naha
Kaha a chesitsoe e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea fetang.
Batho ba ke ke ba utloa molumo oa liphoofolo tse ruiloeng.
Linonyana tsa maholimo le libata li balehile, li tsamaile.+
11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be liqubu tsa majoe,+ selao sa liphokojoe,+
Ke etse hore metse ea Juda e be lithako, e hloke baahi.+
12 Ke mang ea bohlale hore a ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha lintho tsee li etsahala?
Ke mang eo Jehova a mo boleletseng taba ee e le hore a ka e bolella batho ba bang?
Ke hobane’ng ha naha e timetse?
Ke hobane’ng ha e chesitsoe joaloka lefeella
Hoo ho seng motho ea fetang ho eona?”
13 Jehova a re: “Ke hobane ba furaletse molao* oa ka oo ke ba behetseng oona le hore ha baa ka ba o latela ’me ha baa ka ba mamela lentsoe la ka. 14 Ka manganga ba latetse lipelo tsa bona+ ’me ba latetse litšoantšo tsa Baale joalokaha bo-ntate ba bona ba ba rutile.+ 15 Kahoo, Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke jesa batho bana lengana ’me ke tla ba noesa metsi a chefo.+ 16 Ke tla ba hasanya har’a lichaba tseo bona le bo-ntate ba bona ba sa kang ba li tseba+ ’me ke tla ba nehella sabole ho fihlela ke ba timelitse.’+
17 Jehova oa mabotho o re:
‘Nahanisisang ka lintho tse etsahalang.
Bitsang basali ba binang koli-ea-malla,+
Le bitse le basali ba nang le tsebo
18 E le hore ba potlake ’me ba re llele
E le hore mahlo a rona a ka tsoa meokho
Le likeleli li keleketle marameng a rona.+
19 Etsoe ho utloahetse sello Sione:+
“Naha ea rona e sentsoe hakaakang!
Re tlotlolohile haholo
Hobane re tlositsoe naheng ea rona ’me ba lihile mahae a rona.”+
20 Lona basali, utloang lentsoe la Jehova.
E se eka litsebe tsa lona li ka mamela lentsoe la molomo oa hae.
Le rutane pina ena ea koli-ea-malla+
Le be le e rute barali ba lona
21 Etsoe lefu le kene ka lifensetere tsa rona.
Le kene litoreng tsa rona tse tiisitsoeng ka thata,
La lata bana literateng
Le bahlankana limmarakeng.’+
22 E-re: ‘Jehova o re:
“Litopo tsa batho li tla oa joaloka moiteli tšimong
Joaloka koro* e sa tsoa heloa ke mokotuli
Ho se ea e bokellang.”’”+
23 Jehova o re:
“Monna ea bohlale a se ke a ithorisa ka bohlale ba hae,+
Monna ea matla a se ke a ithorisa ka matla a hae
Le morui a se ke a ithorisa ka maruo a hae.+
A ithorise ka hore ke ’na Jehova ea nang le lerato,* toka le ea lokileng lefatšeng+
Hobane ke khahlisoa ke lintho tsena,”+ ke Jehova ea chong.
25 Jehova o boetse o re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla ahlola e mong le e mong ea bolotseng empa a sa bolla.+ 26 Ke tla ahlola Egepeta,+ Juda,+ Edomo,+ Baamone,+ Moabe+ le bohle ba lulang lefeelleng ba kutileng litelu tse ka holim’a mehlahare.*+ Etsoe lichaba tsohle ha lia bolla ’me bohle ba ntlo ea Iseraele ha baa hloeka* pelong.”+
10 Utloang mantsoe ao Jehova a le boleletseng ’ona lona ba ntlo ea Iseraele. 2 Jehova o re:
“Le se ke la ithuta meetlo ea lichaba+
Hape le se ke la tšosoa ke lipontšo tsa maholimo
Hobane feela lichaba li li tšaba.+
3 Etsoe meetlo ea lichaba ha e na thuso.
Setsebi sa mesebetsi ea matsoho se rema sefate morung
Ebe ka sona se etsa setšoantšo.+
4 Ba se khabisa ka silevera le khauta+
Ebe ba se kokotela ka hamore le lipekere e le hore se se ke sa oa.+
5 Litšoantšo tse joalo li tšoana le setšosa se tšimong ea likomkomere, ha li tsebe ho bua.+
Li hloka ho kakasoa hobane ha li tsebe ho tsamaea.+
Le se ke la li tšaba hobane li ke ke tsa baka kotsi
Kapa tsa etsa letho le molemo.”+
6 Ha ho ea tšoanang le uena Jehova.+
U moholo le lebitso la hao le leholo ebile le matla.
7 Ke mang ea sa lokelang ho u tšaba, uena Morena oa lichaba?+ U lokela ho tšajoa.
Har’a batho bohle ba bohlale ba lichaba le har’a mebuso eohle ea bona,
Ho hang ha ho ea tšoanang le uena.+
8 Kaofela ha bona ha ba nahane ’me ha ba na kelello.+
Thuto e fanoang ke litšoantšo tse entsoeng ka sefate ha e na thuso ho hang.+
9 Makapa a silevera a rekoa Tarshishe+ le khauta e rekoa Ufaze,
Li entsoe ke setsebi sa mesebetsi ea matsoho le matsoho a ea sebetsang ka tšepe.
Liaparo tsa bona li entsoe ka khoele e putsoa le boea bo pherese.
Kaofela li entsoe ke basebetsi ba hloahloa.
10 Empa kannete Jehova ke Molimo.
Ke Molimo ea phelang+ ebile ke Morena oa bosafeleng.+
Lefatše le tla reketla ka lebaka la khalefo ea hae+
Ebile ha ho na lichaba tse ka mamellang khalefo ea hae.
11 * U lokela ho re ho lichaba tseo:
“Melimo e sa kang ea etsa maholimo le lefatše
E tla timela lefatšeng le ka tlas’a maholimo ana.”+
13 Lentsoe la hae le etsa hore
Metsi a maholimong a loebehlane,+
O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše.+
14 Motho e mong le e mong o etsa lintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo.
Motho e mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng,+
Etsoe litšoantšo* tsa hae tse entsoeng ka tšepe lia thetsa
15 Ha li na thuso, li lokeloa ke ho songoa.+
Ha letsatsi la kahlolo le fihla, li tla timela.
16 Empa Molimo oa Jakobo ha a tšoane le tsona,
Ke eena ea entseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe
’Me Iseraele ke lere la lefa la hae.+
Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+
18 Etsoe Jehova o re:
19 Ke malimabe ka lebaka la ho sithabela ha ka.*+
Leqeba la ka ha le fole.
Ke itse: “Kannete bona ke boloetse ba ka ’me ke lokela ho bo mamella.
20 Tente ea ka e sentsoe, lithapo tsa tente ea ka kaofela li khaotsoe.+
Bana ba ka ba ntšiile ’me ha ba sa le eo.+
Ha ho na ea setseng ho phutholla tente ea ka kapa ho e hloma.
Ke ka lebaka leo ba sa kang ba e-ba bohlale
’Me mehlape eohle ea bona e hasane.”+
22 Mamelang tlaleho.
Morusu o moholo o hlaha naheng ea leboea.+
O tl’o etsa hore metse ea Juda e se ke ea e-ba le baahi, e be selao sa liphokojoe.*+
23 Jehova, ke tseba hantle hore motho ha a fuoa matla a ho laola tsela ea hae.
Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.+
25 Ntšetsa bohale ba hao ho lichaba tse iphapanyetsang uena+
Le holim’a malapa a sa hlompheng lebitso la hao.
11 Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia: 2 “Batho bohle ba ke ba utloe mantsoe a selekane sena.
U* a bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema. 3 U re ho bona: ‘Jehova Molimo oa Iseraele o re: “Ho rohakoe motho ea sa mameleng mantsoe a selekane sena,+ 4 ao ke a laetseng baholo-holo ba lona mohla ke ba ntšang Egepeta,+ seboping sa mollo o qhibilihisang tšepe.+ Ke ile ka re: ‘Mamelang lentsoe la ka, le etse lintho tsohle tseo ke le laelang tsona. Le tla ba sechaba sa ka ’me ke tla ba Molimo oa lona+ 5 e le hore nka phetha kano eo ke e hlapanyelitseng baholo-holo ba lona, ea ho ba fa naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ Kano eo e ntse e sebetsa le letsatsing lena.’”’”
Eaba ke re: “Amen,* Jehova.”
6 Eaba Jehova o re ho ’na: “Phatlalatsa mantsoe ana ’ohle metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema u re: ‘Utloang mantsoe a selekane sena ’me le a phethe. 7 Etsoe ke buile le baholo-holo ba lona ka thata mohla ke neng ke ba ntša Egepeta ka re: “Mamelang lentsoe la ka.” Ke fane ka keletso ena ka makhetlo* ho fihlela letsatsing lena.+ 8 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe. Ho e-na le hoo, kaofela ha bona ba ne ba le manganga ’me ba ’na ba latela lipelo tsa bona tse khopo.+ Kahoo, ka ba fa kotlo ho ea ka mantsoe ’ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe eaba ba hana ho a phetha.’”
9 Eaba Jehova o re ho ’na: “Ho na le ’mommori har’a batho ba Juda le baahi ba Jerusalema. 10 Ba khutletse liphosong tsa khale tsa baholo-holo ba bona ba hanneng ho mamela mantsoe a ka.+ Le bona ba latetse melimo e meng ’me ba e sebeletsa.+ Ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda ha baa tšepahalla selekane sa ka seo ke se entseng le baholo-holo ba bona.+ 11 Ka hona, Jehova o re: ‘Ke ba tlisetsa tlokotsi+ eo ba ke keng ba khona ho e baleha. Ha ba nkhoeletsa ho kopa thuso, nke ke ka ba mamela.+ 12 Batho ba metse ea Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ea ho melimo eo ba e etsetsang mahlabelo* ho e kopa thuso+ empa e ke ke ea ba pholosa ho hang nakong eo ba oeloang ke tlokotsi. 13 Etsoe melimo ea hao e mengata joaloka metse ea hao, uena Juda. U entse lialetare ’me holim’a tsona u etsa mahlabelo bakeng sa Baale, molimo ea hlabisang lihlong. Lialetare tseo li ngata joaloka literata tsa Jerusalema.’+
14 Ha e le uena,* u se ke oa rapella sechaba sena. U se ke oa hoeletsa ho se kopela thuso kapa oa se rapella+ hobane ke tla be ke sa mamela ha se nkhoeletsa nakong eo se leng tlokotsing.
15 Batho ba ka bao ke ba ratang ba na le tokelo efe ea ho ba ka tlung ea ka,
Ha bongata ba bona bo phethile merero e khopo?
Na ba tla sebelisa nama e halalelang* ho etsa hore tlokotsi e suthele hole nakong eo e u* tlelang?
Na u tla thaba ka nako eo?
16 Jehova o kile a u bitsa sefate sa mohloaare se atlehileng haholo,
Se setle se bileng se nang le litholoana tse ntle.
Empa ha e-ba le lerata le leholo ’me a u chesa ka mollo.
Ba robile makala a hao.
17 Jehova oa mabotho ea u lemmeng,+ o phatlalalitse hore tlokotsi e tla u tlela ka lebaka la bokhopo bo entsoeng ke ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda, ba ntšitetsoeng ka ho etsetsa Baale mahlabelo.”+
18 Jehova, u mpoleletse e le hore ke tsebe.
Ka nako eo, u entse hore ke bone hore na ba ntse ba etsa’ng.
19 Ke ne ke le joaloka konyana e bonolo e tl’o hlajoa.
Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile ba ntse ba re:+
“A re senyeng sefate le litholoana tsa sona,
Re mo bolaee
E le hore lebitso la hae le se ke la hlola le hopoloa.”
20 Empa Jehova oa mabotho o ahlola ka toka.
O hlahloba menahano e tebileng* le pelo.+
E-re ke bone ha u iphetetsa ho bona
Etsoe ke siile nyeoe ea ka matsohong a hao.
21 Ka hona, Jehova o re ka batho ba Anathothe+ ba batlang ho u bolaea le ba reng: “U se ke oa profeta ka lebitso la Jehova,+ ho seng joalo re tla u bolaea ka matsoho a rona,” 22 Jehova oa mabotho o re: “Ke tl’o ba ahlola. Bara le barali ba bona ba tla bolaoa ke tlala.+ Bahlankana ba tla bolaoa ka sabole.+ 23 Ho ke ke ha e-ba le ba setseng har’a bona hobane ke tla tlisetsa batho ba Anathothe+ tlokotsi ka selemo sa ho ahloloa ha bona.”
12 Jehova,+ u Molimo ea lokileng. Ha ke ipelaetsa ho uena,
Leha ke bua ka likahlolo tsa hao, u sebetsa lintho ka toka.
Empa ke hobane’ng ha batho ba khopo ba atleha?+
Ke hobane’ng ha balotsana ba sa tšoenyehe?
2 U ba hlomme ’me ba metse ka metso.
Ba holile ’me ba hlahisitse litholoana.
U melomong ea bona empa lipelo* tsa bona li hole le uena.+
3 Empa Jehova,+ u ntseba hantle, oa mpona.
U hlahlobile pelo ea ka ’me oa e fumana e u tšepahalla.+
Ba qolle joaloka linku tse lokelang ho hlajoa.
U ba behelle ka thoko bakeng sa letsatsi la polao.
Liphoofolo le linonyana li shoele
Ka lebaka la bokhopo ba batho ba lulang ho eona.
Ba itse: “Ha a bone hore na ho tla etsahala’ng ka rona.”
U ka ikutloa u sireletsehile naheng e nang le khotso
Empa u tla etsa’ng ha u le har’a mefero e teteaneng ea Jordane?
Ba u rohakile.
U se ke oa ba tšepa
Esita leha ba u bolella lintho tse monate.
7 Ke siile ntlo ea ka,+ ke tlohetse lefa la ka.+
Ke nehelane ka batho ba ka bao ke ba ratang letsohong la lira tsa bona.+
8 Ke lefa la ka empa ba fetohile tau e morung.
Ba nkharumetse.
Kahoo, ke se ke ba hloile.
9 Ke bona lefa la ka le tšoana le nonyana e mebala-bala* e jang nama.
Linonyana tse ling tse jang nama lia le pota-pota le ho le hlasela.+
Tloong, bokanang, lona libata tsohle tsa naha,
Tloong le je.+
10 Balisa ba bangata ba sentse serapa sa ka sa morara.+
Ba hataketse karolo ea ka ea naha.+
Ba fetotse karolo e ntle ea naha ea ka sebaka se se nang letho.
11 E senyehile.
E omeletse.*
E fetohile sebaka se se nang letho ka pel’a ka.+
Naha eohle e senyehile
Empa ha ho na motho ea tsotellang.+
12 Batho ba senyang ba tlile ka litsela tsohle tse tsamauoang haholo lefeelleng
Hobane sabole ea Jehova e felisa batho ba naha ena eohle.+
Ha ho na khotso bakeng sa mang kapa mang.*
13 Ba jetse koro empa ba kotutse meutloa.+
Ba sebelitse hore ba be ba khathale empa ha baa fumana molemo oa letho.
Ba tla soabela lijalo tsa bona
Ka lebaka la bohale bo tukang ba Jehova.”
14 Jehova o re: “Baahisani bohle ba ka ba khopo, ba hlaselang naha eo ke entseng hore sechaba sa ka sa Iseraele se lule ho eona,+ ke ba fothola naheng ea bona+ ’me ke tla fothola ba ntlo ea Juda har’a bona. 15 Empa ka mor’a hore ke ba fothole, ke tla boela ke ba hauhele ’me ke khutlisetse e mong le e mong oa bona lefeng la hae hammoho le tšimong ea hae.”
16 “Haeba ba etsa bonnete ba hore ba ithuta litsela tsa sechaba sa ka le ho hlapanya ka lebitso la ka ba re: ‘Ka Jehova ea phelang!’ feela joalokaha ba rutile sechaba sa ka ho hlapanya ka Baale, joale ba tla balelloa har’a sechaba sa ka. 17 Empa haeba ba hana ho mamela, le ’na ke tla fothola sechaba seo, ke se fothole le ho se felisa,” ke Jehova ea chong.+
13 Jehova o itse ho ’na: “Tsamaea, u ithekele lebanta la line ’me u le tlame thekeng empa u se ke oa le kenya ka metsing.” 2 Kahoo, ka reka lebanta joalokaha Jehova a ne a ntaetse eaba ke le tlama thekeng. 3 Jehova a boela a re ho ’na: 4 “Nka lebanta leo u le rekileng, le thekeng la hao, u tlohe u ee Eufrate ’me u le pate lepatsong la lefika.” 5 Kahoo, ka ea ’me ka le pata Eufrate feela joalokaha Jehova a ntaetse.
6 Empa ka mor’a matsatsi a mangata Jehova a re ho ’na: “Tsamaea u ee Eufrate, u e’o nka lebanta leo ke u laetseng hore u le pate.” 7 Kahoo, ka ea Eufrate. Ka tsetolla lebanta moo ke neng ke le patile teng. Ka fumana le senyehile le se na thuso ho hang.
8 Joale Jehova a re ho ’na: 9 “Jehova o re: ‘Boikhohomoso ba Juda le boikhohomoso bo bongata ba Jerusalema bo tla tšoana le lebanta lena.+ 10 Batho bana ba khopo ba hanang ho mamela mantsoe a ka,+ bao ka manganga ba latelang lipelo tsa bona+ le ba latelang melimo e meng, ba e sebeletsa le ho e inamela, ba tla ba feela joaloka lebanta lena le se nang thuso ho hang. 11 Etsoe feela joalokaha lebanta le itšoarella thekeng la motho, ke entse hore bohle ba ntlo ea Iseraele le bohle ba ntlo ea Juda ba itšoarelle ka ’na e le hore e be sechaba sa ka,+ botumo ba ka,+ thoriso ea ka le hore ba ntlhomphe. Empa ha baa ka ba mamela,’ ke Jehova ea chong.+
12 U boele u ba fe molaetsa ona: ‘Jehova Molimo oa Iseraele o re: “Nkho e ’ngoe le e ’ngoe e kholo e lokela ho tlatsoa veine.”’ Ba tla re: ‘Re se re ntse re tseba hore nkho e ’ngoe le e ’ngoe e kholo e lokela ho tlatsoa veine.’ 13 Ebe u re ho bona: ‘Jehova o re: “Ke fa baahi bohle ba naha ena, marena a lutseng teroneng ea Davida, baprista le baprofeta le baahi bohle ba Jerusalema veine e ngata ho fihlela ba tahoa.+ 14 Ke tla ba thulanya, ke etse ntho e tšoanang ho bo-ntate le bara,” ke Jehova ea chong.+ “Nke ke ka ba qenehela, ka sareloa kapa ka ba hauhela. Ha ho na letho le tla nthibela ho ba felisa.”’+
15 Thehang tsebe le mamele.
Le se ke la ikhohomosa etsoe ke Jehova ea buileng.
16 Rorisang Jehova Molimo oa lona
Pele a etsa hore ho be lefifi
Le pele maoto a lona a khoptjoa lithabeng ka shoalane.
Le tla lebella leseli
Empa o tla etsa moriti o lefifi,
O tla etsa hore leseli le fetohe lefifi le letšo.+
17 Haeba le hana ho mamela,
Ke tla llela lekunutung ka lebaka la boikhohomoso ba lona.
18 E-re ho morena le ho ’mè oa morena:*+ ‘Lulang sebakeng se tlase
Kaha korone ea lona e ntle e tla theoha lihloohong tsa lona.’
19 Likeiti tsa metse ea boroa li koetsoe,* ha ho ea li bulang.
Batho bohle ba Juda ba hapuoe, ba hapuoe kaofela.+
20 Jerusalema, phahamisa mahlo ’me u bone ba tsoang leboea.+
O kae mohlape oo u o filoeng, linku tsa hao tse ntle li kae?+
Na u ke ke oa otloa ke mahlaba a kang a mosali ea pepang?+
22 Ha u re ka pelong: ‘Ke hobane’ng ha ke hlahetsoe ke lintho tsee?’+
Ke ka lebaka la phoso ea hao e kholo u hlobolisitsoeng mose+
Le lirethe tsa hao li utloileng bohloko haholo.
23 Na Mokushe* a ka fetola letlalo la hae kapa lengau la fetola maroboko a lona?+
Haeba ho joalo, le lona le ka etsa lintho tse lokileng,
Lona batho ba rutiloeng ho etsa bobe.
24 Kahoo, ke tla le hasanya joaloka ’moko o fefoloang ke moea oa lehoatata.+
25 Ena ke ntho e tla u* etsahalla, eo ke u abetseng eona
Hobane u ntebetse+ ’me u tšepile leshano,”+ ke Jehova ea chong.
26 Kahoo, ke tla phahamisa mose oa hao o u koahele sefahleho
’Me lihlong tsa hao li tla ba pooaneng.+
27 Bofebe ba hao+ le sello sa hao se kang sa pere e palesitseng
Hammoho le botekatse ba hao bo soabisang, li tla ba pooaneng.
Maralleng le har’a naha
Ke bone boitšoaro ba hao bo nyontšang.+
U malimabe, uena Jerusalema.
U tla lula u sa hloeka ho fihlela neng?”+
14 Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia ka komello:+
2 Juda e utloile bohloko+ ’me likeiti tsa eona li senyehile.
Li oetse fatše, li soahlamane,
Ho utloahala sello sa baahi ba Jerusalema.
3 Benghali ba rometse bahlanka* ba bona ho tla le metsi.
Ba ea lilibeng* empa ha ba fumane metsi.
Ba khutla linkho tsa bona li se na letho.
Ba soabile ’me ba soetsehile,
Ba ikoahela lihlooho.
5 Le khama e tšehali e naheng e lahlile namane ea eona e sa tsoa tsoaloa
Hobane ha ho na joang.
6 Litonki tse hlaha li ema maralleng a hlobotseng.
Li hemesela joaloka liphokojoe,
Mahlo a tsona aa khathala hobane ha li fumane limela.+
7 Le hoja liphoso tsa rona li paka hore re molato,
Jehova, re thuse molemong oa lebitso la hao+
Hobane re hlolehile ho u tšepahalla ka makhetlo a mangata,+
Re u sitetsoe.
8 Uena tšepo ea Iseraele, Mopholosi+ oa eona nakong ea mahlomola,
Ke hobane’ng ha u tšoana le molichaba naheng
Joaloka motsamai ea fapohelang feela hore a robaletse bosiu bo le bong?
9 Ke hobane’ng ha u le joaloka motho ea tsielehileng?
Ke hobane’ng ha u sa re pholose le hoja u le matla?
U se ke oa re lahla.
10 Jehova o re ka batho bana: “Ba rata ho lelera,+ ha baa thiba maoto a bona.+ Kahoo, Jehova ha a khahloe ke bona.+ O tla hopola liphoso tsa bona ’me o tla ba bitsa hore ba ikarabelle bakeng sa libe tsa bona.”+
11 Eaba Jehova o re ho ’na: “U se ke oa rapella hore lintho li tsamaele batho bana hantle.+ 12 Ha ba itima lijo, ha ke mamele likopo tsa bona.+ Ha ba fana ka linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa lijo,* ha ke khahloe+ kaha ke tla ba felisa ka sabole, tlala le lefu la seoa.”+
13 Eaba ke re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, baprofeta ke bana ba re ho bona: ‘Ho ke ke ha e-ba le ntoa ’me le ke ke la bolaoa ke tlala. Ho e-na le hoo, Molimo o tla le fa khotso ea ’nete sebakeng sena.’”+
14 Jehova a re ho ’na: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ea bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ’ona.*+ 15 Kahoo, Jehova o re: ‘Ha e le baprofeta ba profetang ka lebitso la ka empa ke sa ba roma, ba reng ho ke ke ha e-ba le ntoa kapa tlala naheng ena, ba tla felisoa ka sabole le tlala.+ 16 Batho bao ba ba profetelang, basali ba bona, bara le barali ba bona ba tla bolaoa ke tlala le sabole. Litopo tsa bona li tla lahleloa literateng tsa Jerusalema ’me ha ho motho ea tla ba pata+ hobane ke tla ba tlisetsa tlokotsi e ba loketseng.’+
17 U ba bolelle mantsoe ana:
‘Mahlo a ka a ke a tšolohe meokho bosiu le motšehare, e se ke ea khaotsa ho tšoloha+
Hobane morali oa sechaba sa ka oa moroetsana o otluoe habohloko,+
Leqeba la hae le lebe haholo.
18 Ha ke ea tšimong ’me ke re mahlo tloha!
Ka bona ba bolailoeng ka sabole.+
Ha ke fihla motseng
Ka bona batho ba bolaoang ke tlala.+
Moprofeta le moprista ba chalaketse naheng eo ba sa e tsebeng.’”+
19 Na u lahletse Juda ruri kapa na u nyonya Sione?+
Ke hobane’ng ha u re otlile? Joale ha re fole.+
Re ne re tšepile hore ho tla ba le khotso empa ha ho letho le molemo le hlahileng.
Re ne re tšepile hore ho tla ba le nako ea ho folisa empa ke matsoalo feela.+
21 U se ke oa re lahla molemong oa lebitso la hao.+
U se ke oa nyefola terone ea hao e khanyang.
Hopola selekane sa hao le rona ’me u se ke oa se fetohela.+
22 Har’a melimo* ea lichaba e se nang thuso, na o teng o ka nesang pula
Kapa na maholimo a ka fana ka lipula ka boona?
Jehova Molimo oa rona, na ha se uena feela ea ka etsang joalo?+
Re u tšepile
Hobane ke uena feela ea entseng lintho tsena tsohle.
15 Eaba Jehova o re ho ’na: “Le haeba Moshe le Samuele ba ne ba eme ka pel’a ka,+ ke ne nke ke ka hauhela batho bana. Ba tlose ka pel’a ka. Ba tlohele ba tsamaee. 2 Haeba ba re ho uena: ‘Ho tla etsahala’ng ka rona?’ U re ho bona: ‘Jehova o re:
“Ba bang ba lona ba tla bolaoa ke lefu la seoa,
Ba bang ba bolaoe ka sabole,+
Ba bang ba shoe ka lebaka la tlala,
Ba bang bona ba hapuoe.”’+
3 Jehova o re: ‘Ke tla ba tlisetsa litlokotsi tse ’nè,’*+ sabole e tla ba bolaea, lintja li tla hulanya litopo tsa bona, linonyana le liphoofolo li tla ja le ho senya.+ 4 Ke tla etsa hore mebuso eohle ea lefatše e tšohe ha e bona ntho e ba hlahetseng.+ Ke tla etsa joalo ka lebaka la ntho eo Manase mora oa Ezekiase, morena oa Juda, a e entseng Jerusalema.+
5 Ke mang ea tla u qenehela, uena Jerusalema?
Ke mang ea tla u utloela bohloko?
Hape ke mang ea tla tla a botsa hore na u phela joang?’
Kahoo, ke tla phahamisa letsoho, ke u otle ’me ke u felise.+
Ke khathetse ke ho u hauhela.*
7 Ke tla olosa batho ba ka ka fereko likeiting tsa naha.
Ke tla ba amoha bana.+
Ke tla felisa batho ba ka
Kaha ba hana ho furalla litsela tsa bona.+
8 Bahlolohali ba bona ba tla ba bangata ho feta lehlabathe la leoatle ka pel’a ka.
Motšehare ke tla tlisetsa bo-’mè le bara ba bona motho ea felisang.
Ke tla etsa hore ba tšohe ba be ba ferekane hang-hang.
9 Mosali ea bileng le bana ba supileng o feletsoe ke matla,
O hema ka thata.
Letsatsi la hae le liketse e sa ntse e le motšehare,
O soabile ebile o tlotlolohile.*
Ba fokolang ba bona ba setseng
Ke tla ba nehella sabole ka pel’a lira tsa bona,’ ke Jehova ea chong.”+
Ha kea alimana kapa hona ho alima
Empa kaofela ha bona baa nthohaka.
11 Jehova o itse: “Kannete ke tla u sebeletsa e le hore ke u thuse.
Ruri ke tla u thusetsa nakong ea tlokotsi,
Nakong ea mahlomola, ha sera se u hlasela.
12 Na o teng motho ea ka robang tšepe likoto,
Ea ka robang koporo le tšepe e tsoang leboea?
13 Ke tla fa lira tsa hao* maruo a hao le matlotlo a hao+
Ba sa a lefelle, ka lebaka la libe tsohle tsa hao libakeng tsohle tsa hao.
Etsoe mollo o hotelitsoe ke bohale ba ka,
Oa u tukela.”+
15 U tseba mathata a ka, Jehova.
Nkhopole ’me u nkele hloko.
U iphetetse ho bahlorisi ba ka bakeng sa ka.+
U se ke oa ithiba bohale eaba u ntlohella hore ke timele.*
Tseba hore ke jere thohako molemong oa hao.+
16 Ke ile ka fumana mantsoe a hao eaba ke a tebisetsa pelong.*+
Lentsoe la hao le ile la thabisa le ho nyakallisa pelo ea ka
Kaha ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova Molimo oa mabotho.
17 Ha ke lule har’a batho ba etsang mesoaso ebe ke ithabisa le bona.+
Ke lula ke le mong hobane letsoho la hao le holim’a ka.
U entse hore ke halefe ka lebaka la lintho tseo ba li entseng.*+
18 Ke hobane’ng ha ke e-na le bohloko bo sa feleng le leqeba le sa foleng?
Le hana ho fola.
Na u tla ba joaloka seliba se se nang metsi,
Se ke keng sa tšeptjoa?
19 Ka hona, Jehova o re:
“Haeba u khutla, ke tla u khutlisetsa boemong ba hao
’Me u tla ema ka pel’a ka.
Haeba u arola lintho tsa bohlokoa ho lintho tse se nang thuso,
U tla ba ’muelli oa ka.*
Ba tla tlameha ho tla ho uena
Empa uena u ke ke oa ea ho bona.
20 Ke u etsa lerako la koporo le tiileng har’a batho bana.+
Ba tla fela ba u loantše
Empa ba ke ke ba u hlola+
Hobane ke na le uena ho u pholosa le ho u lopolla,” ke Jehova ea chong.
21 “Ke tla u pholosa letsohong la ba khopo,
Ke u lopolle letsohong la ba sehloho.”
16 Jehova a boela a re ho ’na: 2 “U se ke oa nyala mosali ’me u se ke oa ba le bara le barali naheng ena. 3 Etsoe Jehova o re ka bara le barali ba hlahetseng naheng ena le ka bo-’mè ba bona le bo-ntate ba bona: 4 ‘Ba tla bolaoa ke mafu+ empa ha ho na motho ea tla utloa bohloko hobane ba shoele kapa a ba pate. Ba tla ba joaloka moiteli holim’a lefatše.+ Ba tla felisoa ka sabole le tlala+ ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa linonyana le tsa libata.’
5 Jehova o re:
‘U se ke oa kena ka tlung ea ba llang,
U se ke oa ea lla kapa oa fana ka matšeliso.+
Ke tlositse khotso ea ka bathong bana
Hammoho le lerato la ka le mohau,’ ke Jehova ea chong.+
6 ‘Ba baholo le ba banyenyane ba tla shoa naheng ena.
Ba ke ke ba patoa,
Ha ho na motho ea tla ba llela
Ebile ha ho ea tla itšeha kapa a ipeole bakeng sa bona.*
7 Ha ho na motho ea tla fa ba llang lijo
E le ho ba tšelisa hobane ba shoetsoe.
Ha ho ea tla ba fa kopi ea matšeliso
Hore ba se ke ba noa ka lebaka la ho lahleheloa ke ntate kapa ’mè.
8 U se ke oa kena ka tlung ea mokete
Ho lula le bona hore u je u noe.’
9 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Mehleng ea lona, ke tla felisa molumo oa batho ba thabileng le ba nyakaletseng, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa naheng ena ka pel’a mahlo a lona.’+
10 Etlare ha u bolella sechaba sena mantsoe ana ’ohle, se tla re ho uena: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a buile ka tlokotsi e kaale-kaale e tla re oela? Ke phoso efe le sebe sefe seo re sitetsoeng Jehova Molimo oa rona ka sona?’+ 11 U re ho sona: ‘Jehova o re: “Ke hobane bo-ntate ba lona ba ntahlile+ ’me ba ’nile ba latela melimo e meng, ba e sebeletsa le ho e inamela.+ Empa ’na ba ntahlile le molao oa ka ha baa o boloka.+ 12 Le entse hampe ho feta baholo-holo ba lona,+ e mong le e mong ka manganga o latela pelo ea hae e mpe ho e-na le ho ’mamela.+ 13 Kahoo, ke tla le ntša naheng ena ke le lahlele naheng eo lona hammoho le baholo-holo ba lona le sa kang la e tseba.+ Le tla sebeletsa melimo e meng moo bosiu le motšehare+ hobane nke ke ka le hauhela.”’
14 Jehova o re: ‘Leha ho le joalo, matsatsi aa tla, ao ka ’ona ba ke keng ba hlola ba re: “Re ikana ka Jehova ea phelang ea ntšitseng batho ba Iseraele naheng ea Egepeta”+ 15 empa ba tla re: “Re ikana ka Jehova ea phelang, ea ntšitseng bana ba Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyelitse ho tsona!” Ke tla ba khutlisetsa naheng ea bona eo ke e fileng baholo-holo ba bona.’+
16 Jehova o re: ‘Ke bitsa batšoasi ba bangata ba litlhapi,
Batšoasi bao ba tla ba tšoasa.
Ka mor’a moo, ke tla bitsa litsomi tse ngata,
Li tla ba tsoma thabeng e ’ngoe le e ’ngoe
Le leralleng le leng le le leng le mapatsong a mafika.
17 Etsoe mahlo a ka a shebile lintho tsohle tseo ba li etsang.*
Ba ke ke ba ipata moo nke keng ka ba bona
Ebile ba ke ke ba mpatela liphoso tsa bona.
18 Pele ho tsohle, ke tla ba fa moputso o feletseng oa liphoso le libe tsa bona+
Kaha ba silafalitse naha ea ka ka litšoantšo tsa bona tse sa pheleng* tse nyonyehang
’Me ba tlatsitse lefa la ka ka lintho tsa bona tse nyonyehang.’”+
19 Jehova, matla a ka le setšabelo sa ka,
Sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola,+
Lichaba li tla tla ho uena li tsoa likhutlong tsa lefatše.
Li tla re: “Baholo-holo ba rona ba jele lefa la ho rapela melimo ea bohata,*
Lefeela le lintho tse se nang thuso.”+
20 Na motho a ka iketsetsa melimo?
Eo a e etsang e tla be e se melimo ea ’nete.+
21 “Joale ke tla etsa hore ba tsebe,
Ka nako eo ke tla etsa hore ba tsebe matla a ka le bonatla ba ka,
Ba tla tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”
17 “Sebe sa Juda se ngotsoe fatše ka pene ea tšepe.
Se ngotsoe ka motsu oa taemane lipelong tsa bona
Le manakeng a lialetare tsa bona.
2 Le bara ba bona ba hopola lialetare tsena le lipalo tse halalelang*+
Tse pel’a sefate se behang haholo, holim’a maralla a phahameng,+
3 Holim’a lithaba tse naheng.
Ke tla nehelana ka maruo a hao le matlotlo ’ohle a hao hore a hapuoe,+
Ke nehelane ka lintho tse libakeng tsa hao tse phahameng ka lebaka la sebe libakeng tsohle tsa hao.+
4 Ka ho rata, u tla lahla lefa la hao leo ke u fileng lona.+
Hape ke tla etsa hore u sebeletse lira tsa hao naheng eo u sa e tsebeng+
Mollo oo o tla tuka ka ho sa feleng.”
5 Jehova o re:
6 O tla ba joaloka sefate se emeng se le seng lehoatateng.
A ke ke a bona lintho tse molemo
Empa o tla lula libakeng tse omeletseng lefeelleng,
Naheng e letsoai moo ho se nang motho ea ka lulang.
8 O tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le metsi,
Seo metso ea sona e namelang molapong.
A ke ke a utloa mocheso ha ho chesa haholo,
Ho e-na le hoo, makhasi a hae a tla lula a le matle.+
Selemong sa komello a ke ke a tšoenyeha
Kapa a khaotsa ho beha litholoana.
9 Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ebile e tsitlella seo e se batlang.*+
Ke mang ea ka e tsebang?
10 ’Na Jehova, ke hlahloba pelo,+
Ke phenya menahano e tebileng*
E le hore ke fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,
Ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+
Ka mor’a nako maruo ao a tla mo siea,
Qetellong ho tla hlaka hore ha a na kelello.”
13 Jehova, tšepo ea Iseraele,
Bohle ba u furallang ba tla hlajoa ke lihlong.
Ba u koenehelang* ba tla nyamela joaloka mongolo o mobung+
Hobane ba furaletse Jehova, mohloli oa metsi a bophelo.+
14 Mpholise, Jehova ’me ke tla fola.
Mpholose ’me ke tla pholoha+
Kaha ke uena eo ke mo rorisang.
15 Ho na le ba reng ho ’na:
“Ke hobane’ng ha mantsoe a Jehova a e-s’o phethahale?+
A ke a phethahale hle!”
16 Empa ha e le ’na, ha kea ka ka tlohela ho u sala morao joaloka molisa
Ebile ha kea ka ka lakatsa letsatsi la koluoa.
U tseba hantle lintho tsohle tseo molomo oa ka o li buileng,
Kaofela li etsahetse ka pel’a sefahleho sa hao.
17 U se ke oa etsa hore ke tšohe.
U setšabelo sa ka letsatsing la tlokotsi.
E se eka ba ka tšoha
Empa u se ke oa lumella hore ke tšohe.
19 Jehova o ile a re ho ’na: “E-ea ’me u eme keiting ea bara ba sechaba eo marena a Juda a kenang le ho tsoa ka eona le likeiting tsohle tsa Jerusalema.+ 20 U re ho bona: ‘Mamelang lentsoe la Jehova, lona marena a Juda, batho bohle ba Juda le baahi bohle ba Jerusalema ba kenang ka likeiti tsena. 21 Jehova o re: “Itebeleng ’me le se ke la jara thoto leha e le efe kapa la e kenya ka likeiti tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha.+ 22 Le se ke la ntša thoto leha e le efe malapeng a lona ka letsatsi la Sabatha ’me ho hang le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe.+ Le boloke letsatsi la Sabatha le halalela feela joalokaha ke laetse baholo-holo ba lona.+ 23 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe ’me ka manganga ba ile ba hana ho mamela* ha ba khalemeloa.”’+
24 Jehova o boetse o re: ‘Haeba le ’mamela ka hloko, le sa kenye thoto leha e le efe ka likeiti tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha ’me le boloka letsatsi la Sabatha le halalela ka ho se etse mosebetsi leha e le ofe letsatsing leo+ 25 joale marena le likhosana tse lulang teroneng ea Davida+ li tla kena le likeiting tsa motse ona. Marena le likhosana tsa ’ona, banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ba tla kena ba palame likariki le lipere+ ’me motse ona o tla lula o e-na le baahi ka ho sa feleng. 26 Batho ba tla tla ba tsoa metseng ea Juda, ba tsoa libakeng tse potolohileng Jerusalema, ba tsoa naheng ea Benjamine,+ ba tsoa mabalane,+ ba tsoa libakeng tse lithaba le Negebe.* Ba tla tlisa linyehelo tsa secheso,+ mahlabelo,+ linyehelo tsa lijo,*+ libano tse tšoeu le mahlabelo a liteboho ka tlung ea Jehova.+
27 Empa haeba le sa ’mamele ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela ’me le jara lithoto le ho kena ka tsona likeiting tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha, ke tla hotetsa likeiti tsa eona ka mollo. Ruri mollo o tla chesa litora tsa Jerusalema tse tiileng+ ’me o ke ke oa tima.’”+
18 Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia: 2 “Ema, u theohele ntlong ea sebopi+ ’me ke tla u bolella mantsoe a ka moo.”
3 Kahoo, ka theohela ntlong ea sebopi ’me se ne se bopela holim’a mabili. 4 Empa sejana seo sebopi se neng se se etsa ka letsopa se ile sa senyeha ka letsohong la sona. Eaba sebopi se bopa letsopa leo, se etsa sejana se seng ka tsela eo se batlang.*
5 Jehova a re ho ’na: 6 “‘Na nka hloleha ho etsa ka lona kamoo sebopi se entseng ka letsopa, lona ba ntlo ea Iseraele?’ ke Jehova ea chong. ‘Bonang! Joaloka letsopa letsohong la sebopi, le lona le joalo letsohong la ka, lona ba ntlo ea Iseraele.+ 7 Neng kapa neng ha nka bua ka ho fothola, ho liha le ho senya sechaba kapa ’muso+ 8 ebe sechaba seo se tlohela bokhopo ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo ke neng ke rerile ho se tlisetsa eona.+ 9 Empa neng le neng ha ke bua ka ho haha le ho hloma sechaba kapa ’muso 10 ebe se etsa lintho tse fosahetseng mahlong a ka ’me ha se ’mamele, ke tla fetola maikutlo* ka molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa oona.’
11 “Ke kopa u re ho banna ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: ‘Jehova o re: “Ke ntse ke hlophisa* tlokotsi le ho nahana hore na ke tla le fa kotlo e joang. Ke kopa le furalle litsela tsa lona tse mpe ’me le lokise litsela tsa lona le litloaelo tsa lona.”’”+
12 Empa ba re: “Ha ho na thuso.+ Re tla latela menahano ea rona ’me e mong le e mong ka manganga o tla latela pelo ea hae e mpe.”+
13 Ka hona Jehova o re:
“Ka kopo, ipotsetseng har’a lichaba.
Ke mang ea utloileng ntho e kang ee?
Moroetsana oa Iseraele o entse ntho e tšabehang haholo.+
14 Na lehloa la lithaba tsa Lebanone lea qhibiliha mafikeng a tsona?
Kapa na metsi a pholileng a phallang a hlaha hole a ka psha?
15 Empa batho ba ka ba ntebetse.+
Ba etsetsa litšoantšo tse se nang thuso mahlabelo*+
Ebile ba kheloha litsela tsa bona, litsela tsa khale+
Hore ba tsamaee litseleng tse ka thoko tse sa batallang le tse tletseng makukuno*
16 E le ho etsa hore naha ea bona e be ntho e tšosang+
Le e letsetsoang mololi ho ea ho ile.+
E mong le e mong ea fetang pel’a eona o tla sheba a tšohile ’me a sisinye hlooho.+
17 Ke tla ba hasanya ka pel’a sera joalokaha moea oa bochabela o hasanya.
Ke tla ba furalla, ke ba patele sefahleho sa ka,* ka letsatsi la koluoa ea bona.”+
18 Eaba ba re: “Tloong, re etsetseng Jeremia ’mommori+ etsoe baprista ba rona ke bona ba tla tsoela pele ho re tsebisa molao,* ke banna ba bohlale ba tla re eletsa le baprofeta ba tla tsoela pele ho re bolella lentsoe. Tloong ’me re mo qose,* re se ke ra mamela hore na o re’ng.”
19 ’Mamele Jehova,
U utloe hore na bahanyetsi ba ka ba re’ng.
20 Na botle bo lokela ho buseletsoa ka bobe?
Ba chekile sekoti e le hore ba mpolaee.+
Hopola kamoo ke neng ke eme ka pel’a hao ho ba buella hantle
Hore u se ke oa ba halefela.
E se eka basali ba bona ba ka shoeloa ke bana le ke banna.+
E se eka banna ba bona ba ka bolaoa ke lefu la seoa le kotsi,
Bahlankana ba bona ba bolaoe ka sabole ntoeng.+
22 Ho ke ho utloahale sello ka matlung a bona,
Ha u ba tlisetsa sera ho ba futuhela ba sa lebella
Hobane ba chekile sekoti hore ba nkhape,
Ba nchehetse leraba hore ba ntšoase.+
U se ke oa tšoarela phoso ea bona
’Me u se ke oa iphapanyetsa sebe sa bona.
19 Jehova o itse: “E-ea ’me u reke botlolo ea letsopa ho sebopi.+ U bitse ba bang ba baholo ba sechaba le ba bang ba banna ba hlaheletseng ba baprista, 2 u ee Phuleng ea Mora oa Hinome,+ e Keiting ea Sebopi.* Ha u fihla moo, u phatlalatse mantsoe ao ke tla u bolella ’ona. 3 U re: ‘Utloang lentsoe la Jehova, lona marena a Juda le lona baahi ba Jerusalema. Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re:
“Haufinyane ke tlisa tlokotsi sebakeng sena ’me litsebe tsa mang kapa mang ea utloang ka eona li tla hlohlona 4 hobane ba ntahlile+ ’me ba entse hore ke se ke ka hlola ke tseba sebaka sena.+ Ba etsetsa melimo e meng mahlabelo mona, melimo eo bona, baholo-holo ba bona le marena a Juda ba sa kang ba e tseba ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba se nang molato.+ 5 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale e le hore ba chese bara ba bona mollong e le linyehelo tsa secheso tse etsetsoang Baale+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela eona kapa ka bua ka eona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.”’*+
6 Jehova o re: ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona sebaka sena se ke keng sa hlola se bitsoa Tofethe kapa Khohlo ea Mora oa Hinome empa ho tla thoe ke Khohlo ea Polao.+ 7 Ke tla thibela morero oa Juda le oa Jerusalema sebakeng sena ’me ke tla etsa hore ba bolaoe ka sabole ke lira tsa bona le ke letsoho la ba batlang ho ba bolaea. Ke tla fa linonyana le libata tsa lefatše litopo tsa bona hore e be lijo tsa tsona.+ 8 Ke tla etsa hore motse ona e be ntho e tšosang le ntho e letsetsoang mololi. E mong le e mong ea fetang pel’a oona o tla o sheba a tšohe ’me a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa oona.+ 9 Ke tla etsa hore ba je bara le barali ba bona ’me e mong le e mong o tla ja oa habo ka lebaka la ho thibelloa le ka lebaka la khatello le tsietsi e bakiloeng ke lira tsa bona tse batlang ho ba bolaea.”+
10 “Joale u pshatle botlolo ka pel’a mahlo a banna ba tsamaeang le uena, 11 u re ho bona: ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke tla pshatla batho ba motse ona tjena joalokaha motho a pshatla sejana sa sebopi hoo se ke keng sa khona ho lokisoa. Ba tla pata ba shoeleng Tofethe ho fihlela ho se ho se na sebaka sa ho pata ba bang.”’+
12 Jehova o re: ‘Ke tla etsa tjena ka sebaka sena le ho baahi ba sona, ke etse hore motse ona o be joaloka Tofethe. 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla silafala joaloka Tofethe+ hobane ba ile ba etsetsa makhotla ’ohle a maholimo mahlabelo marulelong a ’ona+ ’me ba tšella melimo e meng linyehelo tsa lino moo.’”+
14 Ha Jeremia a khutla Tofethe moo Jehova a neng a mo romme ho ea profeta, a ema lebaleng la ntlo ea Jehova eaba o re ho sechaba sohle: 15 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tlisetsa motse ona le litoropo tsohle tsa oona tlokotsi eohle eo ke boletseng hore ke tla e tlisetsa oona hobane ka manganga ba hanne ho* mamela mantsoe a ka.’”+
20 Moprista Pashkure mora oa Imere eo hape e neng e le molaoli ea etellang pele ka tlung ea Jehova, o ne a mametse ha Jeremia a ntse a profeta lintho tsena. 2 Joale Pashkure a otla moprofeta Jeremia ’me a mo kenya litlamong+ tse neng li le Keiting e ka Holimo ea Benjamine, e neng e le pel’a ntlo ea Jehova. 3 Empa ka letsatsi la bobeli ha Pashkure a ntša Jeremia litlamong, Jeremia a re ho eena:
“Jehova ha aa u reha Pashkure empa o u rehile Tšabo ka Hohle.+ 4 Etsoe Jehova o re: ‘Ke tla etsa hore uena le metsoalle eohle ea hao le tšohe ka lebaka la ntho e tla u etsahalla ’me metsoalle ea hao e tla bolaoa ka sabole ke lira tsa eona u ntse u shebile.+ Ke tla fa morena oa Babilona taolo holim’a Juda eohle ’me o tla hapa ba bang ba Bajuda a ba ise Babilona ebe ba bang o ba bolaea ka sabole.+ 5 Ke tla nehelana ka maruo a motse ona, lihlahisoa tsohle tsa oona, lintho tsohle tsa oona tsa bohlokoa le matlotlo ’ohle a marena a Juda matsohong a lira tsa bona.+ Ba tla li nka ka mahahapa ’me ba li ise Babilona.+ 6 Ha e le uena Pashkure le bohle ba lulang ka tlung ea hao, le tla haptjoa. U tla ea Babilona u shoelle teng ’me u tla pateloa teng le metsoalle eohle ea hao hobane u ba profetetse leshano.’”+
7 U ’makalitse, Jehova ’me ke ile ka makala.
U bontšitse hore u matla ho mpheta ’me u hlotse.+
Ke fetohile ntho e tšehisang letsatsi lohle,
E mong le e mong oa ntšoma.+
8 Etsoe neng kapa neng ha ke bua, ke lokela ho hoeletsa ke re:
“Ntoa le timetso!”
Ke rohakiloe le ho songoa letsatsi lohle ka lebaka la lentsoe la Jehova.+
9 Kahoo ka re: “Nke ke ka bua ka eena.
Ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.”+
Empa ka pelong ea ka lentsoe la Molimo la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka.
Ke ne ke khathetse ke ho le tiisetsa.
Ke ne ke sa khone ho thola.+
Ba re: “Mo qoseng, a re mo qoseng.”
Batho bohle ba ntakaletsang khotso ba ne ba shebile hore ke oe.+
Ba re: “Mohlomong o tla etsa phoso e se nang kelello
Ebe rea hlola ’me re iphetetsa ho eena.”
11 Empa Jehova o ne a e-na le ’na joaloka mohlabani ea tšosang.+
Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla khoptjoa ’me ba se ke ba hlola.+
Ba tla hlajoa ke lihlong haholo hobane ba ke ke ba atleha.
Ba tla soaba ho ea ho ile ’me tšoabo ea bona e ke ke ea lebaloa.+
12 Empa uena, Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng.
U bona menahano e tebileng* le pelo.+
13 Binelang Jehova! Rorisang Jehova!
O pholositse mofutsana matsohong a ba khopo.
14 Ho rohakoe letsatsi leo ke tsoetsoeng ka lona.
E se eka letsatsi leo ’Mè a ntsoetseng ka lona le ke ke la hlohonolofatsoa.+
15 Ho rohakoe motho ea tliselitseng Ntate litaba tse monate a re:
“U tsoaletsoe mora, ngoan’a moshanyana!”
Eaba o mo thabisa haholo.
16 E se eka motho eo a ka ba joaloka metse eo Jehova a e timelitseng a sa ikoahlaee.
E se eka a ka utloa mohoo hoseng le mokhosi motšehare.
17 Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ke sa le ka popelong
E le hore ’Mè a fetohe lebitla la ka
’Me popelo ea hae e lule e imme?+
18 Ke hobane’ng ha ke tsoile ka popelong
Hore ke bone mathata le mesarelo
Hore ke qete bophelo ba ka ke soabile?+
21 Jeremia o ile a fumana molaetsa o tsoang ho Jehova nakong eo Morena Tsedekia+ a neng a rometse Pashkure+ mora oa Malkija le Sofonia+ mora oa moprista Maseia ho Jeremia hore ba re: 2 “Re kopa u re botsetse ho Jehova hobane Morena Nebukadnezare* oa Babilona oa re loantša.+ Mohlomong Jehova o tla re etsetsa e meng ea mesebetsi ea hae e hlollang e le hore morena eo a re tlohele.”+
3 Jeremia a re ho bona: “Le tle le re ho Tsedekia: 4 ‘Jehova Molimo oa Iseraele o re: “Ke etsa hore libetsa tsa ntoa tse matsohong a lona li le fetohele, e leng libetsa tseo le loantšang morena oa Babilona+ ka tsona le Bakalde ba ka nģ’ane ho lerako ba le thibeletseng. Ke tla li bokella ka har’a motse ona. 5 Ke tla le loantša ka letsoho la ka,+ matla a ka, ka bohale bo tukang le ka khalefo.+ 6 Ke tla otla baahi ba motse ona, batho hammoho le liphoofolo. Ba tla bolaoa ke lefu le kotsi la seoa.”’+
7 Jehova o boetse o re: ‘Ka mor’a moo, Morena Tsedekia oa Juda le bahlanka ba hae le batho ba motse ona ba phonyohileng lefu la seoa, sabole le tlala, ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* oa Babilona, matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaea.+ Morena Nebukadnezare o tla ba bolaea ka sabole. A ke ke a ba utloela bohloko leha e le ho ba qenehela kapa ho ba hauhela.’”+
8 “U re ho sechaba sena: ‘Jehova o re: “Ke beha tsela ea bophelo le tsela ea lefu ka pel’a lona. 9 Batho ba tla sala motseng ona ba tla bolaoa ke sabole, tlala le lefu la seoa. Empa mang kapa mang ea tsoang ’me a inehela ka pel’a Bakalde ba le thibeletseng o tla lula a phela ’me o tla fumana bophelo ba hae e le moputso.”’*+
10 Etsoe ke ikemiselitse ho tlisetsa motse ona* tlokotsi ho e-na le lintho tse molemo.+ O tla oela matsohong a morena oa Babilona+ ’me o tla o chesa ka mollo,” ke Jehova ea chong.+
11 “Lona ba ntlo ea morena oa Juda, mamelang lentsoe la Jehova. 12 Lona ba ntlo ea Davida, Jehova o re:
‘Ahlolang ka toka hoseng ho hong le ho hong,
Le pholose motho ea utsoetsoang letsohong la molotsana+
E le hore khalefo ea ka e se ke ea tuka joaloka mollo+
Eaba e tuka hoo ho se nang motho ea ka e timang
Hobane liketso tsa lona li le khopo.+
13 Ke khahlanong le uena, uena moahi ea lulang khohlong,*
Uena lefika la naha e motsitsa,’ ke Jehova ea chong.
‘Ha e le lona ba reng: “Ke mang ea tla re futuhela?
Ke mang ea tla kena moo re lulang?”
‘Ke tla hotetsa moru oa lona ka mollo.
Mollo oo o tla chesa lintho tsohle tse le potolohileng.’”+
22 Jehova o re: “Theohela ntlong ea morena* oa Juda ’me u fetise molaetsa ona. 2 U re: ‘Utloa lentsoe la Jehova, uena morena oa Juda ea lutseng teroneng ea Davida, uena le bahlanka ba hao le batho ba hao ba kenang ka likeiti tsena. 3 Jehova o re: “Sebetsang ka toka le ho loka. Motho ea utsoetsoang le mo pholose letsohong la molotsana. Le se ke la tšoara molichaba hampe ’me le se ke la ntša khutsana* kapa mohlolohali kotsi.+ Le se ke la bolaea batho ba se nang molato sebakeng sena.+ 4 Etsoe haeba le phetha lentsoe lena hantle, marena a lulang teroneng ea Davida+ a tla kena ka likeiti tsa motse ona, a palame likariki le lipere, ’ona hammoho le bahlanka ba ’ona le sechaba sa ’ona.”’+
5 Jehova o re: “Haeba le sa mamele mantsoe ana, ke hlapanya ka ’na hore ntlo ena e tla soahlamana.”+
6 “Etsoe Jehova o re ka ntlo ea morena oa Juda:
‘U joaloka Gileade ho ’na,
U tšoana le tlhoro ea Lebanone.
Empa ke tla u etsa lithako,
Ha ho le o mong oa metse ea hao o tla ba le baahi.+
Ba tla rema lifate tsa hao tsa kedare tse khethehileng
Ba li akhele mollong.+
8 “‘Lichaba tse ngata li tla feta haufi le motse ona ’me li buisane li re: “Ke hobane’ng ha Jehova a entse tjee ka motse oo o moholo?”+ 9 Li tla re: “Ke hobane batho ba motse oo ba fetohetse selekane seo ba se entseng le Jehova Molimo oa bona, ba inametse melimo e meng ’me ba e sebelelitse.”’+
10 Le se ke la llela ea shoeleng
Hape le se ke la mo utloela bohloko.
Ho e-na le hoo, llang haholo bakeng sa motho ea haptjoang
Kaha ha a sa tla hlola a khutla hore a bone naha eo a hlahetseng ho eona.
11 “Etsoe Jehova o re ka Shalume*+ mora oa Josiase, morena oa Juda ea busang sebakeng sa ntate oa hae Josiase+ le ea tlositsoeng sebakeng sena: ‘Ha a sa tla hlola a khutlela moo. 12 O tla shoella sebakeng seo ba mo isitseng kholehong ho sona ’me ha a sa tla hlola a bona naha ena.’+
13 Ho malimabe ea hahang ntlo ea hae ka bolotsana,
Ea hahang likamore tsa eona tse ka holimo empa e se ka toka,
Ea etsang hore oa habo a mo sebeletse mahala,
Ea hanang ho mo patala.+
14 Ho malimabe ea reng: ‘Ke tl’o ikahela ntlo e kholo
E nang le likamore tse kholo ka holimo.
Ke tla e kenya lifensetere,
Ke e kenye mapolanka a kedare ’me ke e pente ka bofubelu.’
15 Na u tla tsoela pele ho busa hobane feela u hlolisa ba bang ka ho sebelisa kedare?
Ntate oa hao le eena o ile a ja le ho noa
Empa o ile a sebetsa ka toka le ka ho loka+
Eaba lintho li mo tsamaela hantle.
16 O ile a buella nyeoe ea mofutsana le ea motho ea mahlomoleng
Eaba lintho li tsamaea hantle.
‘Na eo ha se eona ntho e boleloang ke ho ntseba?’ ke Jehova ea chong.
17 ‘Empa u lula u nahana le ho batla mekhoa ea ho ithuisa ka bolotsana,
Ho bolaea batho ba se nang molato,
Ho etsa bobolu le ho nka thepa ea batho ka mahahapa.’
18 “Ka hona, Jehova o re ka Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda:
‘Ba ke ke ba mo llela ba re:
“Ao ngoan’eso! Ao ngoan’eso!”
Ba ke ke ba mo llela ba re:
“Ao mong’a ka! Ao moren’a ka!”
19 O tla patoa joaloka tonki,+
A hulanngoe a be a lahloe,
A lahleloe ka nģ’ane ho likeiti tsa Jerusalema.’+
20 Nyolohela* Lebanone ’me u hoeletse.
21 Ke buile le uena nakong eo u neng u ikutloa u sireletsehile.
Empa oa re: ‘Nke ke ka mamela.’+
Haesale u itšoere ka tsela ena ho tloha u sa le mocha,
Etsoe ha oa mamela lentsoe la ka.+
Joale u tla soaba le ho tlotloloha ka lebaka la tlokotsi e tla u hlahela.
Ea entseng sehlaha har’a likedare,+
U tla lumaela ha u otloa ke mahlaba,
Ha u utloa bohloko bo kang ba mosali ea belehang.”+
24 “Jehova, Molimo ea phelang o re: ‘Ke hlapanya ka ’na hore esita le haeba uena Konia*+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, u ne u le reng e tempang e letsohong la ka le letona, ke ne ke tla u rola. 25 Ke tla nehelana ka uena ho ba batlang ho u bolaea, ho bao u ba tšabang, ho Nebukadnezare* morena oa Babilona le ho Bakalde.+ 26 Ke tla lahlela uena le ’mè oa hao naheng esele ’me le tla shoela teng. 27 Le ke ke la hlola le khutlela naheng eo le e labalabelang.+
28 Na Konia eo ha a tšoane le nkho feela e nyatsehang, e pshatlehileng,
Sejana seo ho seng motho ea se batlang?
Ke hobane’ng ha eena le bana ba hae ba lihetsoe fatše
’Me ba lahletsoe naheng eo ba sa e tsebeng?’+
29 Lona batho ba lefatšeng,* mamelang lentsoe la Jehova.
30 Jehova o re:
‘Ngolang monna enoa a se na bana
E le monna ea ke keng a atleha bophelong,*
Etsoe ha ho le ea mong oa bana ba hae ea tla atleha
Ho lula teroneng ea Davida ’me a buse Juda hape.’”+
23 Jehova o re: “Ho malimabe balisa ba bolaeang le ba qhalakanyang linku tsa lekhulo la ka.”+
2 Ka hona, Jehova Molimo oa Iseraele o re ho balisa ba lisang sechaba sa hae: “Le hasantse linku tsa ka, la ’na la li qhalakanya. Ha lea ka la li hlokomela.+
Kahoo, nke ke ka le hauhela hobane mesebetsi ea lona e khopo,” ke Jehova ea chong.
3 “Ke tla bokella linku tsa ka tse setseng linaheng tsohle tseo ke li leleketseng ho tsona.+ Ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona+ ’me li tla ata li ngatafale.+ 4 Ke tla li batlela balisa ba sebele.+ Ha li sa tla hlola li tšoha kapa li tšaba ’me ho ke ke ha e-ba le e lahlehang,” ke Jehova ea chong.
5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ea lokileng.+ E tla ba morena+ ’me a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatšeng.*+ 6 Mehleng ea hae, Juda e tla bolokoa+ le Iseraele e tla lula e sireletsehile.+ O tla bitsoa ‘Jehova ke ho Loka ha Rona.’”+
7 Jehova o re: “Leha ho le joalo, matsatsi aa tla, ao ka ’ona ba ke keng ba hlola ba re: ‘Re ikana ka Jehova ea phelang, ea ntšitseng batho ba Iseraele naheng ea Egepeta’+ 8 empa ba tla re: ‘Re ikana ka Jehova ea phelang, ea ntšitseng le ea khutlisitseng litloholo tsa Baiseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo a li qhalakanyelitseng ho tsona’ ’me li tla lula naheng ea tsona.”+
9 Molaetsa o eang ho baprofeta:
Pelo ea ka e bohloko.
’Mele oa ka* oa thothomela.
Ke joaloka motho ea tahiloeng,
Ea hlotsoeng ke veine
Ka lebaka la Jehova le ka lebaka la mantsoe a hae a halalelang.
10 Etsoe naha e tletse batho ba febang.*+
Liketso tsa bona li mpe ebile ba sebelisa matla a bona hampe.
11 “Moprofeta le moprista ba silafetse.*+
Le ka tlung ea ka ke fumane ba etsa bolotsana,”+ ke Jehova ea chong.
Etsoe ke tla ba tlisetsa tlokotsi
Ka selemo sa hore ba fuoe kotlo,” ke Jehova ea chong.
13 “Ke bone ntho eo ke e nyatsang ho baprofeta ba Samaria.+
Ba profeta ka lebitso la Baale.
Ba khelosa sechaba sa ka sa Iseraele.
14 Ke bone lintho tse mpe har’a baprofeta ba Jerusalema.
Ho ’na kaofela ha bona ba joaloka Sodoma.+
Baahi ba moo ba joaloka Gomora.”+
15 Ka hona, Jehova oa mabotho o re ka baprofeta:
“Ke ba jesa lengana,
Ke ba noesa le metsi a chefo.+
Etsoe baprofeta ba Jerusalema ba entse hore batho ba mphetohele naheng eohle.”
16 Jehova oa mabotho o re:
“Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba le profetelang.+
Baa le thetsa.*
17 Ba lula ba re ho ba ntellang:
‘Jehova o itse: “Le tla ba le khotso.”’+
Ba re ho bohle bao ka manganga ba latelang lipelo tsa bona:
‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+
18 Etsoe ke mang ea har’a metsoalle ea Jehova
E le hore a utloe le ho utloisisa lentsoe la hae?
Ke mang ea utloileng lentsoe la hae ’me a le mamela?
20 Jehova o tla lula a halefile
Ho fihlela a entse lintho tseo a li rerileng a bile a li phethile.
Le tla utloisisa taba ena hantle mehleng ea ho qetela.
21 Ha kea ka ka roma baprofeta empa ba mathile.
Ha kea ka ka bua le bona empa ba profetile.+
22 Hoja ba ne ba le har’a metsoalle ea ka,
Ba ka be ba entse hore batho ba ka ba mamele mantsoe a ka.
Ba ka be ba entse hore ba furalle mekhoa le mesebetsi ea bona e mebe.”+
23 Jehova o re: “Na ’na ke Molimo ea bonang lintho tse etsahalang haufi feela a sa bone lintho tse etsahalang hole?”
24 “Na ho na le motho ea ka ipatang moo ke sa mo boneng?”+ ke Jehova ea chong.
“Na ho na le ntho leha e le efe eo nke keng ka e bona leholimong kapa lefatšeng?”+ ke Jehova ea chong.
25 “Ke utloile baprofeta ba profetang leshano ka lebitso la ka ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’+ 26 Baprofeta baa ba tla profeta mashano ho fihlela neng? Ba bua mashano ho tsoa botebong ba pelo.+ 27 Ba batla ho etsa hore batho ba ka ba lebale lebitso la ka ka litoro tseo ba ntseng ba li phetelana feela joalokaha bo-ntate ba bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka lebaka la Baale.+ 28 Moprofeta ea lorileng a ke a phete toro empa ea fuoeng lentsoe la ka a le bolele ka ’nete.
Na koro* e ka bapisoa le lehlaka?” ke Jehova ea chong.
29 Jehova o re: “Na lentsoe la ka ha le tšoane le mollo?+ Na ha le tšoane le hamore e thuhakanyang lefika?”+
30 Jehova o re: “Ke tla otla baprofeta ba utsoang mantsoe a ka ho baprofeta ba bang ebe ba a sotha.”+
31 Jehova o boetse o re: “Ke tla otla baprofeta ba ipuelang mantsoe a bona ebe ba re: ‘Molimo o re!’”+
32 Hape Jehova o re: “Ke tla otla baprofeta ba phetang litoro tsa bohata ebe ba khelosa batho ba ka ka ho ithorisa ka litoro tsa bona tsa mashano,+
Ha kea ba roma kapa hona ho ba laela. Kahoo, ba ke ke ba thusa batho bana ho hang,”+ ke Jehova ea chong.
33 “Ha batho bana kapa moprofeta kapa moprista a re: ‘Molaetsa oa Jehova ke moroalo,’ u re ho bona: ‘“Ke lona moroalo ’me ke tla le lahla,”+ ke Jehova ea chong.’ 34 Ha e le motho kapa moprofeta kapa moprista ea reng: ‘Molaetsa oa Jehova ke moroalo,’ ke tla otla motho eo le ba ntlo ea hae. 35 E mong le e mong o ntse a re ho oa habo le ho ngoan’abo: ‘Jehova o arabile ka ho re’ng? Jehova o itse’ng?’ 36 Empa le khaotse hore molaetsa oa Jehova ke moroalo. Ke moroalo ho lona hobane le sothile mantsoe a Molimo ea phelang, Jehova oa mabotho, Molimo oa rona ’me le a hlalositse ka mokhoa oo le ratang.
37 U re ho moprofeta eo: ‘Jehova o u file karabo efe? Jehova o itse’ng? 38 Haeba le ntse le re molaetsa oa Jehova ke moroalo, Jehova o re: “Kaha le ntse le re lentsoe la Jehova ke moroalo empa ke itse ho lona le se ke la re lentsoe la Jehova ke moroalo, 39 ke tla le nka ke le lahlele hole le ’na, lona hammoho le motse oo ke o nehileng lona le baholo-holo ba lona. 40 Ke tla le tlotlolla ke be ke le bakele sekhobo se ke keng sa lebaloa.”’”+
24 Eaba Jehova o mpontša libaskete tse peli tsa lifeie* tse behiloeng ka pel’a tempele ea Jehova. O ile a mpontša tsona ka mor’a hore Nebukadnezare* morena oa Babilona a hape Jekonia*+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda hammoho le likhosana tsa Juda, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe.* O ile a ba tlosa Jerusalema a ba isa Babilona.+ 2 Baskete e ’ngoe e ne e tšetse lifeie tse ntle haholo tse kang lifeie tse butsoang pele empa baskete e ’ngoe e ne e tšetse lifeie tse mpe haholo, li le mpe hoo li neng li ke ke tsa jeoa.
3 Eaba Jehova o re ho ’na: “U bona’ng Jeremia?” Ka re: “Ke bona lifeie. Lifeie tse ntle li ntle haholo empa lifeie tse mpe li mpe haholo, li mpe hoo li ke keng tsa jeoa.”+
4 Jehova a re ho ’na: 5 “ ’Na, Jehova Molimo oa Iseraele ke re: ‘Bajuda ba hapiloeng, bao ke ba lelekileng sebakeng sena ho ea naheng ea Bakalde, ke tla ba rata joaloka lifeie tsena tse ntle. 6 Ke tla ba beha leihlo e le hore ke ba etse hantle ’me ke ba khutlisetse naheng ena.+ Ke tla ba haha, nke ke ka ba liha. Ke tla ba hloma, nke ke ka ba fothola.+ 7 Ke tla etsa hore lipelo tsa bona li batle ho ntseba, li tsebe hore ke ’na Jehova.+ E tla ba batho ba ka ’me ke tla ba Molimo oa bona+ etsoe ba tla khutlela ho ’na ka lipelo tsohle tsa bona.+
8 Empa ha e le Tsedekia+ morena oa Juda, likhosana tsa hae, batho ba Jerusalema ba setseng naheng ena le ba lulang naheng ea Egepeta,+ ho ’na ba tla ba joaloka lifeie tse mpe hoo li ke keng tsa jeoa,’+ ke Jehova ea chong. 9 ‘Ke tla ba tlisetsa tlokotsi e mpe hoo mebuso eohle ea lefatše e tla tšoha ha e bona ntho e ba hlahetseng.+ Batho ba tla ba nyefola, ba bue ka bona e le mehlala ea batho ba rohakiloeng,+ ba ba some le ho ba rohaka libakeng tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona.+ 10 Ke tla ba bolaea ka sabole,+ tlala le lefu la seoa+ ho fihlela ba timela naheng eo ke e fileng bona le baholo-holo ba bona.’”
25 Selemong sa bone sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda e leng selemo sa pele sa puso ea Nebukadnezare* morena oa Babilona, Molimo o ile a bua le Jeremia ka sechaba sohle sa Juda. 2 Moprofeta Jeremia o ile a re ka* sechaba sohle sa Juda le ka baahi bohle ba Jerusalema:
3 “Ho tloha selemong sa bo13 sa puso ea Josiase+ mora oa Amone, morena oa Juda, ho fihlela hona joale, ka lilemo tsena tse 23, Jehova o ile a bua le ’na. Eaba ’na ke bua le lona ka makhetlo-khetlo* empa le ne le sa mamele.+ 4 Jehova o ile a roma bahlanka bohle ba hae ba baprofeta ho lona. O ile a ba roma ka makhetlo-khetlo* empa ha lea ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le utloe.+ 5 Ba ne ba re: ‘Ka kopo e mong le e mong oa lona a ke a tlohele mekhoa ea hae e mebe le mesebetsi ea hae e mebe.+ Haeba le etsa joalo, le tla tsoela pele ho lula halelele naheng eo Jehova a e fileng lona le baholo-holo ba lona ho tloha khale. 6 Le se ke la latela melimo e meng. Le se ke la e sebeletsa le ho e inamela eaba le mo siteloa ka mosebetsi oa matsoho a lona. Ho seng joalo o tla le bakela tlokotsi.
7 Empa ha lea ka la ’mamela,’ ke Jehova ea chong. ‘Ho e-na le hoo, le ile la ntšiteloa ka mosebetsi oa matsoho a lona eaba le ipakela mathata.’+
8 Kahoo, Jehova oa mabotho o re: ‘Kaha ha lea ka la mamela mantsoe a ka, 9 ke bitsa batho ba lichaba tsohle tsa leboea,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke bitsa Nebukadnezare* morena oa Babilona, mohlanka oa ka.+ Ke tla ba tlisa hore ba futuhele naha ena,+ baahi ba eona le lichaba tsena tsohle tse e potolohileng.+ Ke tla le felisa ’moho le lichaba tsena, ke le etse ntho e tšosang le ntho e letsetsoang mololi, ke etse hore le senyehele ruri. 10 Ke tla felisa thabo le nyakallo har’a lona,+ ke felise lentsoe la monyali le la monyaluoa,+ molumo oa leloala le khanya ea lebone. 11 Naha ena eohle e tla felisoa, e fetohe ntho e tšosang ’me lichaba tsena li tla lokela ho sebeletsa morena oa Babilona ka lilemo tse 70.+
12 Empa ha lilemo tse 70 li fetile,+ ke tla otla morena oa Babilona le sechaba seo* ka lebaka la phoso ea bona+ ’me ke tla etsa hore naha ea Bakalde e se ke ea hlola e e-ba le baahi ka ho sa feleng,’ ke Jehova ea chong.+ 13 ‘Ke tla phethahatsa lintho tsohle tseo ke boletseng hore ke tla li etsa naha eo, lintho tsohle tse ngotsoeng bukeng ena tseo Jeremia a li profetileng ka lichaba tsohle. 14 Etsoe lichaba tse ngata le marena a maholo+ a tla etsa Bakalde makhoba+ ’me ke tla ba ahlola ho latela liketso tsa bona le mesebetsi ea matsoho a bona.’”+
15 Jehova Molimo oa Iseraele o itse ho ’na: “Nka senoelo sena sa veine ea khalefo letsohong la ka ’me u noese lichaba tsohle tseo ke u romang ho tsona. 16 Li tla noa, li thekesele, li itšoare joaloka mahlanya hobane ke etsa hore ntoa e qhome har’a tsona.”+
17 Kahoo, ka nka senoelo letsohong la Jehova ’me ka noesa lichaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona.+ 18 Ka qala ka Jerusalema le metse ea Juda,+ marena a eona le likhosana tsa eona e le hore li felisoe, li fetohe ntho e tšosang, e letsetsoang mololi le e rohakiloeng+ feela joalokaha ho tla etsahala kajeno. 19 Eaba ke leba ho Faro morena oa Egepeta le bahlanka ba hae, likhosana tsa hae, batho bohle ba hae+ 20 le balichaba bohle ba neng ba lula har’a bona, marena ’ohle a naha ea Utse, a naha ea Bafilista,+ Ashkelone,+ Gaza, Ekrone le batho ba Ashdode ba setseng, 21 Edomo,+ Moabe+ le Baamone,+ 22 marena ’ohle a Tire, a Sidone+ le a sehlekehleke se leoatleng, 23 Dedane,+ Tema, Buze le bohle ba kutileng litelu tse ka holim’a mehlahare,*+ 24 marena ’ohle a Maarabia+ le a lichaba tse fapaneng tse lulang lefeelleng, 25 marena ’ohle a Zimri, a Elame+ le a Bamede,+ 26 marena ’ohle a leboea, a hole le a haufi, kaofela ha ’ona ka ho latellana le mebuso eohle e meng ea lefatše. Morena oa Sheshake*+ o tla noa ka mor’a ’ona.
27 “U tle u re ho bona: ‘Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Noang, tahoang, hlatsang le oe hoo le ke keng la tsoha+ hobane ke romela lira tsa lona hore li le hlasele.”’ 28 Ha ba hana ho nka senoelo letsohong la hao hore ba noe, u re ho bona: ‘Jehova oa mabotho o re: “Ho noa le tla noa. 29 Haeba ke qala ka ho tlisa tlokotsi motseng ona o bitsoang ka lebitso la ka,+ na lona nka le tlohela?”’+
Jehova oa mabotho o re: ‘Le ke ke la tloheloa feela etsoe ke tla tlisa sabole e tla bolaea batho bohle ba lefatše.’
30 U ba profetele mantsoe ana ’ohle ’me u re ho bona:
‘Jehova o tla rora joaloka tau a le holimo,
O tla phahamisa lentsoe la hae a le sebakeng sa hae se halalelang sa bolulo.
O tla puruma, a purumela sebaka sa hae sa bolulo.
O tla hoeletsa joaloka ba hatakelang morara ho etsa veine,
A binele holimo ka mor’a ho hlola batho bohle ba lefatše.’
31 ‘Lerata le tla utloahala ho ea fihla likarolong tse hole-hole tsa lefatše
Hobane Jehova o qosa lichaba.
O tla ahlola batho bohle ka boeena.+
O tla nehelana ka ba khopo hore ba bolaoe ka sabole,’ ke Jehova ea chong.
32 Jehova oa mabotho o re:
33 Letsatsing leo, ba bolailoeng ke Jehova ba tla fumanoa hohle, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea ho e ’ngoe. Ba ke ke ba lleloa, ba phuthoa kapa ba patoa. Ba tla ba joaloka moiteli holim’a lefatše.’
34 Lona balisa llang, le bokolle.
Ipitikeng fatše, lona linku tsa bohlokoa har’a mohlape.
Nako ea hore le hlajoe le nako ea hore le hasanngoe e fihlile,
Le tla oa joaloka sejana sa bohlokoa.
35 Balisa ha ba na moo ba ka balehelang teng,
Ha ho na moo linku tsa bohlokoa mohlapeng li tsoang le teng.
36 Utloang! Balisa baa lla
Le linku tsa bohlokoa mohlapeng lia bokolla
Kaha Jehova o senya lekhulo la bona.
37 Metse e nang le khotso ha e sa na bophelo
Hobane Jehova o halefile haholo.
38 O tlohile moo a lulang teng joalokaha tau e kotsi e tloha moo e lulang.+
Kahoo, batho bohle ba tla makalla naha
Hobane o sebelisitse sabole e bohale e bolaeang batho ba bangata
Le hobane a halefile haholo.”
26 Ha Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda a qala ho busa, Jehova o ile a re ho Jeremia: 2 “ ’Na Jehova ke re: ‘Ema lebaleng la ntlo ea Jehova ’me u bue le* batho bohle ba metse ea Juda ba tlang ka tlung ea Jehova ho tla rapela.* U ba bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u laelang hore u ba bolelle eona. U se ke oa siea letho. 3 Mohlomong ba tla mamela ebe e mong le e mong o tlohela mekhoa ea hae e mebe ’me ke tla fetola maikutlo a ka* ka tlokotsi eo ke rerileng ho ba tlisetsa eona ka lebaka la mesebetsi ea bona e mebe.+ 4 U re ho bona: “Jehova o re: ‘Haeba le sa ’mamele ka hore le latele molao* oa ka oo ke le fileng oona 5 le bile le sa mamele mantsoe a bahlanka ba ka e leng baprofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makhetlo-khetlo,*+ 6 ke tla etsa hore ntlo ena e be joaloka Shilo,+ ke felise motse ona ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla etsa mohlala ka oona ha li bua ka metse e rohakiloeng.’”’”+
7 Eaba baprista, baprofeta le batho bohle ba utloa Jeremia a ntse a bua mantsoe ana ka tlung ea Jehova.+ 8 Ha Jeremia a qetile ho bua lintho tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a li bolelle batho, joale baprista, baprofeta le batho bohle ba mo tšoara eaba ba re: “U tl’o shoa. 9 Ke hobane’ng ha u profetile ka lebitso la Jehova, oa re ntlo ee e tla ba joaloka Shilo ’me motse oo o tla ripitloa o sale o se na baahi?” Batho bohle ba bokanela Jeremia ka tlung ea Jehova.
10 Ha likhosana tsa Juda li utloa mantsoe ana, tsa tloha ka tlung ea morena* tsa ea ka tlung ea Jehova eaba li lula keiting e ncha ea ntlo ea Jehova.+ 11 Baprista le baprofeta ba re ho likhosana le ho batho kaofela: “Monna enoa o lokela ho ahloleloa lefu+ hobane o profetile hampe ka motse ona feela joalokaha le ikutloetse ka litsebe tsa lona.”+
12 Eaba Jeremia o re ho likhosana le ho batho bohle: “Ke Jehova ea nthometseng hore ke bolele molaetsa oa kahlolo oo le o utloileng mabapi le ntlo ena le motse ona.+ 13 Lokisang litsela tsa lona le mesebetsi ea lona, le mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ’me Jehova o tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo a itseng o tla le tlisetsa eona.+ 14 Empa ha e le ’na, ke matsohong a lona. Le nketse eng kapa eng eo le bonang e nepahetse ho ea ka lona. 15 Feela le tsebe hore haeba le mpolaea, lona, motse ona hammoho le baahi ba oona, le tla ba molato hobane le bolaile motho ea se nang molato. Etsoe kannete Jehova o nthometse ho lona hore ke bue mantsoe ana ’ohle moo le ntseng le utloa.”
16 Likhosana le batho bohle ba re ho baprista le baprofeta: “Monna enoa ha a lokela ho ahloleloa lefu hobane o buile le rona lebitsong la* Jehova Molimo oa rona.”
17 Ho feta moo, ba bang ba banna ba baholo ba naha eo ba ema eaba ba re ho sechaba sohle se phuthehileng moo: 18 “Mehleng ea Ezekiase+ morena oa Juda, Mikea+ oa Moreshethe o ne a profeta ’me a re ho batho bohle ba Juda: ‘Jehova oa mabotho o re:
“Sione e tla lengoa joaloka tšimo,
Jerusalema e tla fetoha qubu ea majoe+
’Me thaba ea tempele* e tla tšoana le leralla le nang le lifate.”’*+
19 Na Morena Ezekiase oa Juda le Bajuda kaofela ba ile ba mo bolaea? Na morena ha aa ka a tšaba Jehova ’me a kopa mohau ho Jehova eaba Jehova o fetola maikutlo* ka tlokotsi eo a neng a itse o tla ba tlisetsa eona?+ Le rona re mothating oa ho ipakela tlokotsi e kholo.
20 Hape ho ne ho e-na le monna e mong e leng Uria mora oa Shemaia oa Kiriathe-jearime,+ ea neng a profeta ka lebitso la Jehova. O ile a profeta ka motse ona le naha ena ka mantsoe a tšoanang le a Jeremia. 21 Morena Jojakime,+ banna bohle ba hae ba matla le likhosana tsohle tsa utloa mantsoe a hae eaba morena o batla ho mo bolaea.+ Ha Uria a utloela ka taba ena, hang-hang a tšoha eaba o balehela Egepeta. 22 Morena Jojakime o ile a roma Elnathane+ mora oa Akbore le banna ba bang Egepeta. 23 Ba lata Uria Egepeta, ba mo tlisa ho Morena Jojakime ea ileng a mo bolaea ka sabole+ ’me a lahlela setopo sa hae mabitleng a bafutsana.”
24 Akikame+ mora oa Shafane+ o ile a sireletsa Jeremia, ke kahoo Jeremia a sa kang a nehelloa sechaba hore se mo bolaee.+
27 Qalong ea puso ea Jojakime* mora oa Josiase, morena oa Juda, Jehova o ile a bua le Jeremia. 2 Eaba Jeremia o re: “Jehova o itse ho ’na: ‘Iketsetse liropo le lijoko ’me u li behe molaleng. 3 U li romele ho morena oa Edomo,+ morena oa Moabe,+ morena oa bara ba Amone,+ morena oa Tire+ le morena oa Sidone+ ka baromuoa ba tlileng Jerusalema ho Morena Tsedekia oa Juda. 4 U fe marena ao taelo e eang ho beng ba ’ona e reng:
“Ona ke molaetsa o tsoang ho Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele oo le lokelang ho o bolella beng ba lona: 5 ‘Ke ’na ea entseng lefatše, batho le liphoofolo tse lefatšeng ka matla a ka le ka letsoho la ka le matla.* Ke li file mang kapa mang eo ke mo ratang.*+ 6 Ke file mohlanka oa ka Nebukadnezare+ morena oa Babilona linaha tsena tsohle. Le libata tsa naha ke li behile taolong ea hae. 7 Lichaba tsohle li tla mo sebeletsa, li sebeletse mora oa hae le setloholo sa hae ho fihlela ha nako ea naha ea hae e fihla,+ nako eo ka eona lichaba tse ngata le marena a maholo a tla mo etsa lekhoba.+
8 Haeba ’muso kapa sechaba sefe kapa sefe se ka hana ho sebeletsa Nebukadnezare morena oa Babilona le ho beha molala oa sona tlas’a joko ea morena oa Babilona, ke tla otla sechaba seo ka sabole,+ tlala le lefu la seoa ho fihlela ke se timelitse ka letsoho la hae,’ ke Jehova ea chong.
9 ‘Kahoo, le se ke la mamela baprofeta ba lona, linohe, ba sebetsang ka litoro, maselamose le baloi ba reng ho lona: “Le ke ke la sebeletsa morena oa Babilona.” 10 Etsoe ba le profetela leshano. Haeba le ka ba mamela, le tla isoa hole le naha ea lona, ke tla le qhalakanya ’me le tla timela.
11 ‘Empa sechaba se behang molala oa sona tlas’a joko ea morena oa Babilona ebe sea mo sebeletsa, ke tla se lumella ho sala* naheng ea sona hore se e leme ’me se lule ho eona,’ ke Jehova ea chong.”’”
12 Ke ile ka bua ka tsela e tšoanang le ho Tsedekia+ morena oa Juda ka re: “Behang melala ea lona tlas’a joko ea morena oa Babilona, le mo sebeletse, le sebeletse le batho ba hae ’me le tla lula le phela.+ 13 Ho seng joalo, uena le batho ba hao le tla hlaheloa ke lintho tseo Jehova a itseng li tla hlahela sechaba se ke keng sa sebeletsa morena oa Babilona eaba le bolaoa ka sabole,+ tlala+ le ka lefu la seoa.+ 14 Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa morena oa Babilona’+ hobane ba le profetela mashano.+
15 Ha kea ba roma empa ba profeta mashano ka lebitso la ka. Ha le ka ba mamela, ke tla le qhalakanya ’me le tla shoa, lona le baprofeta ba le profetelang,” ke Jehova ea chong.+
16 Ke itse ho baprista le sechaba sena sohle: “Jehova o re: ‘Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba lona ba le profetelang ba re: “Lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova li tla khutla Babilona haufinyane”+ hobane ba le profetela mashano.+ 17 Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena oa Babilona ’me le tla lula le phela.+ Ho seng joalo, motse ona o tla ripitloa. 18 Empa haeba ke baprofeta ’me ehlile Jehova o bua le bona, e-reng ba kope Jehova oa mabotho hore lisebelisoa tse setseng ka tlung ea Jehova, ka tlung ea morena* oa Juda le tse setseng Jerusalema li se ke tsa isoa Babilona.’
19 Jehova oa mabotho o re ka lipilara,+ Tanka,*+ likariki+ le lisebelisoa tse setseng motseng ona, 20 tseo Nebukadnezare morena oa Babilona a sa kang a li nka ha a hapa Jekonia mora oa Jojakime, morena oa Juda, ho tloha Jerusalema ho ea Babilona hammoho le bahlomphehi bohle ba Juda le Jerusalema,+ 21 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re ka lisebelisoa tse setseng ka tlung ea Jehova, ka tlung* ea morena oa Juda le tse setseng Jerusalema: 22 ‘Li tla isoa Babilona+ ’me li tla sala moo ho fihlela ke li lata,’ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla li lata, ke li khutlisetse mona.’”+
28 Selemong sona seo, qalong ea puso ea Morena Tsedekia+ oa Juda, ka selemo sa bone khoeling ea bohlano, moprofeta Hanania mora oa Azure, ea tsoang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ea Jehova ka pel’a baprista le sechaba sohle: 2 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ea morena oa Babilona.+ 3 Pele lilemo tse peli li fela, ke tla khutlisetsa lisebelisoa tsohle tsa ntlo ea Jehova mona, lisebelisoa tseo Morena Nebukadnezare oa Babilona a li nkileng mona a li isa Babilona.+ 4 Ke tla lata Jekonia+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda le Bajuda bohle ba hapuoeng ba ileng Babilona,+ ke ba khutlisetse mona hobane ke tla roba joko ea morena oa Babilona,’ ke Jehova ea chong.”
5 Eaba moprofeta Jeremia o bua le moprofeta Hanania ka pel’a baprista le sechaba sohle se neng se eme ka tlung ea Jehova. 6 Moprofeta Jeremia a re: “Amen!* E se eka Jehova a ka etsa joalo! E se eka Jehova a ka phethahatsa mantsoe a hao ao u a profetileng ka hore a late lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova Babilona. A late le batho bohle ba hapuoeng ba isitsoeng moo a ba khutlisetse mona. 7 Leha ho le joalo, ka kopo, utloa molaetsa ona oo ke o fetisang moo u ntseng u utloa le moo sechaba sohle se ntseng se utloa. 8 Mehleng ea khale, baprofeta ba tlileng pele ho ’na le uena ba ne ba tloaetse ho profeta ka linaha tse ngata le mebuso e meholo, ba profeta ntoa, tlokotsi le lefu la seoa. 9 Haeba moprofeta a profeta khotso ’me lentsoe la hae le phethahala, ho tla tsebahala hore o fela a rometsoe ke Jehova.”
10 Eaba moprofeta Hanania o tlosa joko molaleng oa Jeremia ’me oa e roba.+ 11 Moprofeta Hanania a re ka pel’a sechaba sohle: “Jehova o re: ‘Joko eo Nebukadnezare morena oa Babilona a e behileng molaleng oa lichaba tsohle, ke tla e roba ka tsela ena, pele lilemo tse peli li fela.’”+ Eaba moprofeta Jeremia oa itsamaela.
12 Ka mor’a hore moprofeta Hanania a robe joko molaleng oa moprofeta Jeremia, Jehova a fa Jeremia molaetsa ona o reng: 13 “E-ea, u re ho Hanania: ‘Jehova o re: “U robile lijoko tsa lepolanka+ empa sebakeng sa tsona u tla etsa lijoko tsa tšepe.” 14 Etsoe Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke tla beha joko ea tšepe melaleng ea lichaba tsena tsohle hore li sebeletse Morena Nebukadnezare oa Babilona ’me li tla mo sebeletsa.+ Ke tla mo fa esita le libata tsa naha.”’”+
15 Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa u mamele uena Hanania! Jehova ha aa u roma empa u entse hore sechaba sena se lumele leshano.+ 16 Ka hona, Jehova o re: ‘Bona, ke tla u felisa lefatšeng. U tla shoa selemong sena hobane u khothalelitse batho hore ba fetohele Jehova.’”+
17 Kahoo, moprofeta Hanania a shoa selemong seo, ka khoeli ea bosupa.
29 Ana ke mantsoe a hlahang lengolong leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela a le Jerusalema. O ile a le romela banna ba baholo ba har’a batho ba hapuoeng, baprista, baprofeta le batho bohle bao Nebukadnezare a neng a ba hapile a ba tlositse Jerusalema ho ba isa Babilona. 2 Ka nako eo, Morena Jekonia,+ ’mè oa morena,*+ balaoli ba lekhotla, likhosana tsa Juda le Jerusalema, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe* ba ne ba se ba tsoile Jerusalema.+ 3 A le neheletsa Elasa mora oa Shafane+ le Gemaria mora oa Hilkia bao Morena Tsedekia+ oa Juda a neng a ba romme Babilona ho Morena Nebukadnezare oa Babilona. Lengolo leo le ne le re:
4 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re ho batho bohle ba hapuoeng bao a entseng hore ba hapuoe Jerusalema ba isoe Babilona: 5 ‘Hahang matlo le lule ho ’ona. Lemang lirapa le je litholoana tsa tsona. 6 Nyalang basali ’me le be le bara le barali. Le batlele bara ba lona basali le be le nyalise barali ba lona e le hore le bona ba tle ba be le bara le barali. Ngatafalang moo, le se ke la fokotseha. 7 Hape le leke ho phela ka khotso motseng oo ke le isitseng ho oona ha le haptjoa ’me le o rapelle ho Jehova, etsoe ha o na le khotso le tla ba le khotso.+ 8 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Le se ke la lumela ho thetsoa ke linohe le baprofeta ba har’a lona+ hape le se ke la mamela litoro tseo ba li lorang. 9 Jehova o re: ‘Ba le profetela mashano ka lebitso la ka. Ha kea ba roma.’”+
10 Jehova o re: ‘Ha ho se ho fetile lilemo tse 70 le le Babilona, ke tla le hopola+ ’me ke tla phetha tšepiso ea ka, ke le khutlisetse hae.’+
11 Jehova o re: ‘Ke tseba hantle hore na ke tla le etsetsa’ng. Ke tla le tlisetsa khotso eseng tlokotsi,+ e le hore le be le tšepo le bokamoso bo chabileng.+ 12 Le tla mpitsa le nthapele ’me ke tla le mamela.’+
13 ‘Le tla mpatla le mphumane+ hobane le tla mpatla ka lipelo tsohle tsa lona.+ 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla bokella batho ba lona ba hapuoeng ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le hasantseng ho tsona,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla le lata sebakeng seo ke le isitseng ho sona ha le ne le haptjoa.’+
15 Empa le itse: ‘Jehova o re hlahiselitse baprofeta Babilona.’
16 Jehova o re ka morena ea lutseng teroneng ea Davida+ le ka batho bohle ba lulang Jerusalema e leng bana ba bo lona ba sa haptjoang ’moho le lona: 17 ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke ba otla ka sabole, tlala le lefu la seoa,+ ke tla etsa hore ba tšoane le lifeie* tse bolileng* tse mpe hoo li ke keng tsa jeoa.”’+
18 ‘Ke tla ba lelekisa ka sabole,+ tlala le lefu la seoa, ke ba etse ntho e tšosang ka pel’a mebuso eohle ea lefatše,+ ntho e rohakiloeng, e makalloang, e letsetsoang mololi+ le e nyefoloang har’a lichaba tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona+ 19 hobane ha baa mamela molaetsa oa ka oo ke ba rometseng oona ka bahlanka ba ka ba baprofeta, bao ke ba rommeng ka makhetlo-khetlo,’*+ ke Jehova ea chong.
‘Empa le lona ha lea mamela,’+ ke Jehova ea chong.
20 Mamelang lentsoe la Jehova, lona bohle ba hapuoeng bao ke ba tlositseng Jerusalema ka ba isa Babilona. 21 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re ka Akabe mora oa Kolaia le Tsedekia mora oa Maseia, ba le profetelang mashano ka lebitso la ka:+ ‘Ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* oa Babilona ’me o tla ba bolaea ka pel’a mahlo a lona. 22 Ntho e tla ba etsahalla e tla fetoha tlhapa e buuoang ke Bajuda bohle ba hapuoeng ba leng Babilona e reng: “E se eka Jehova a ka etsa hore u tšoane le Tsedekia le Akabe, bao morena oa Babilona a ba besitseng mollong!” 23 Ba entse lintho tse soabisang Iseraele,+ ba feba le basali ba baahisani ba bona le ho bua mashano ka lebitso la ka, mashano ao ke sa kang ka ba laela hore ba a bue.+
“Ke ’na ea tsebang ebile ke paki,”+ ke Jehova ea chong.’”
24 “Hape u tle u re ho Shemaia+ oa Nehelame: 25 ‘Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Kahobane u rometse mangolo ka lebitso la hao ho batho bohle ba Jerusalema, ho Sofonia+ mora oa moprista Maseia le ho baprista bohle, a reng: 26 ‘Sofonia, Jehova o u entse moprista ho e-na le ho etsa Jehojada moprista e le hore u hlokomele ntlo ea Jehova, u tšoare monna leha e le ofe ea hlanyang ea iketsang moprofeta le hore u mo kenye litlamong tsa maoto le matsoho.*+ 27 Ke hobane’ng ha u sa khalemela Jeremia oa Anathothe,+ ea iketsang moprofeta oa lona?+ 28 O ile a ba a re romella molaetsa ha re ntse re le Babilona a re: “Ho tla feta nako e telele. Hahang matlo le lule ho ’ona. Lemang lirapa le je litholoana tsa tsona,+ . . . ”’”’”
29 Ha moprista Sofonia+ a bala lengolo lena moo moprofeta Jeremia a ntseng a utloa, 30 Jehova a re ho Jeremia: 31 “Romela molaetsa ho batho bohle ba hapuoeng o reng: ‘Jehova o re ka Shemaia oa Nehelame: “Kahobane Shemaia o le profetetse le hoja ke sa mo roma ’me o lekile ho etsa hore le lumele mashano,+ 32 Jehova o re: ‘Ke tla otla Shemaia oa Nehelame le bana ba hae. Ha ho le ea mong oa bana ba hae ea tla pholoha har’a sechaba sena ’me a ke ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa sechaba sa ka kaha o khothalelitse batho ho fetohela Jehova,’ ke Jehova ea chong.”’”
30 Jehova a re ho Jeremia: 2 “ ’Na, Jehova Molimo oa Iseraele ke re: ‘Ngola mantsoe ’ohle ao ke u bolellang ’ona bukeng. 3 “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla lata batho ba ka ba hapuoeng e leng Iseraele le Juda,”+ ke Jehova ea chong. “Ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona ’me e be ea bona hape,”’ ke Jehova ea chong.”+
4 Ana ke mantsoe ao Jehova a a boleletseng Iseraele le Juda.
5 Jehova o re:
“Le utloile seboko sa batho ba tšohileng.
Ke tšabo feela, ha ho na khotso.
6 Ke kopa le botse, na ho na le monna ea ka belehang?
Joale ke hobane’ng ha ke bona monna e mong le e mong ea matla a itšoere mpeng*
Joaloka mosali ea belehang?+
Ke hobane’ng ha lifahleho tsohle li pulufetse?
7 Jooe! Letsatsi leo e tla ba le tšosang.*+
Ha ho le kileng la tšoana le lona.
E tla ba nako ea mahlomola bakeng sa Jakobo
Empa ke tla mo pholosa.”
8 Jehova oa mabotho o re: “Letsatsing leo, ke tla roba joko e melaleng ea bona, ke khaole liropo tse ba tlammeng likoto tse peli ’me balichaba* ha ba sa tla hlola ba ba* etsa makhoba a bona. 9 Ba tla sebeletsa Jehova Molimo oa bona, ba sebeletse Davida, morena eo ke tla mo khetha bakeng sa bona.”+
10 Jehova o re: “Uena Jakobo mohlanka oa ka, u se ke oa tšoha,
U se ke oa haroha letsoalo, uena Iseraele.+
Etsoe ke tla u pholosa u le hole,
Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsoeng ho eona ha ba ne ba haptjoa.+
Jakobo o tla khutla ’me a phele ka khotso le khutso,
Ho se na motho ea tla mo tšosa.”+
11 Jehova o re: “Ke na le uena ho u pholosa
Empa ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u hasanyelitseng ho tsona.+
Leha ho le joalo, uena nke ke ka u felisa.+
12 Jehova o re:
“Ha ho na letho le ka etsang hore u khaotse ho nyahama.+
Leqeba la hao ha le fole.
13 Ha ho na ea buellang nyeoe ea hao,
Liso tsa hao ha li phekolehe.
Ha ho mohla u tla fola.
14 Linyatsi tsa hao kaofela li u lebetse.+
Ha li sa u batla.
Ke u otlile joalokaha sera se ka u otla,+
Ke u otlile joalokaha motho ea sehloho a ka u otla,
Ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata le libe tsa hao tse ngata.+
15 Na u na le lebaka la ho lla hobane u nyahame?
Bohloko ba hao ha bo phekolehe.
Ke u entse tjena
Ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata le libe tsa hao tse ngata.+
16 Ka hona, bohle ba bolaeang batho ba hao ba tla bolaoa.+
Lira tsa hao kaofela li tla haptjoa.+
Ba u utsoetsang ba tla utsoetsoa,
Bohle ba hapang thepa ea hao le bona ke tla etsa hore ba nkeloe thepa.”+
17 “Empa ke tla u phekola ’me ke folise maqeba a hao,”+ ke Jehova ea chong,
“Le hoja ba u bitsitse mokhelo ba re:
‘Sione, sebaka seo ho se nang motho ea se batlang.’”+
18 Jehova o re:
“Ke tla lata bana ba Jakobo ba hapuoeng,+
Ke ba hauhele ’me ke lokise moo ba lulang.
Motse o tla boela o hahoe moo o neng o hahiloe pele,+
Ntlo ea boreneng e tla ema moo ho loketseng.
19 Ba tla leboha, ba hoeletse ba thabile.+
Ke tla sebetsana le bahatelli bohle ba hae.+
21 Morena oa hae o tla hlaha har’a batho ba hae
’Me ’musi oa hae o tla hlaha har’a bana ba hae.
Ke tla etsa hore a atamele ’me o tla nkatamela.”
“Etsoe ke mang ea nang le sebete sa* ho nkatamela ke sa re a atamele?” ke Jehova ea chong.
22 “Le tla ba sechaba sa ka+ ’me ke be Molimo oa lona.”+
24 Jehova o tla lula a tuka ke bohale
Ho fihlela a entse lintho tseo a li rerileng a bile a li phethile.+
Le tla utloisisa taba ena mehleng ea ho qetela.+
31 Jehova o re: “Ka nako eo, ke tla ba Molimo oa malapa ’ohle a Iseraele ’me ’ona e tla ba sechaba sa ka.”+
2 Jehova o re:
“Batho ba phonyohileng sabole ba ile ba hauheloa ke Molimo lefeelleng.
Baiseraele ba ea moo ba tla fumana phomolo.”
3 Jehova a hlaha ho ’na a le hole a re:
“Ke u ratile ka lerato le sa feleng.
Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka u tšepahalla le ho u hulela ho ’na.+
4 Ke tla boela ke u hahe ’me u tla ba sechaba hape.+
5 U tla boela u leme lirapa tsa morara lithabeng tsa Samaria.+
Balemi ba tla lema ’me ba je litholoana.+
6 Ho tla tla letsatsi leo balebeli lithabeng tsa Efraime ba tla hoeletsa ba re:
‘Emang, re nyoloheleng Sione ho Jehova Molimo oa rona.’”+
7 Etsoe Jehova o re:
“Binelang Jakobo le thabile,
Hoeletsang le thabile hobane le phahametse lichaba.+
Phatlalatsang molaetsa, le rorise Molimo le re:
‘Jehova, pholosa sechaba sa hao, Baiseraele ba setseng.’+
8 Ke tla ba lata ho tsoa naheng ea leboea.+
Ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse hole-hole tsa lefatše.+
Har’a bona ho tla ba le lifofu le ba holofetseng,+
Mosali oa moimana le ea pepang, kaofela ha bona.
Ba tla khutlela mona e le phutheho e kholo.+
9 Ba tla khutla ba ntse ba lla.+
Ke tla ba etella pele ba ntse ba kopa mohau.
Ke tla ba tataisetsa melatsoaneng,+
Tseleng e pharaletseng moo ba ke keng ba khoptjoa.
Ke ’na Ntate oa Iseraele, Efraime ke letsibolo la ka.”+
“Ea hasantseng Iseraele o tla mo bokella,
O tla mo lisa joalokaha molisa a lisa mohlape oa hae.+
12 Ba* tla tla, ba hoeletse ka thabo holim’a thaba ea Sione,+
Ba tlale thabo ka lebaka la melemo e tsoang ho Jehova,
Ka lebaka la lijo,* veine e ncha,+ oli,
Likonyana, lipotsanyane le manamane.+
Ke tla fetola masoabi a bona thabo e khaphatsehang,+
Ke tla ba tšelisa, ke etse hore ba thabe ho e-na le ho sareloa.+
14 Ke tla khotsofatsa baprista ka lijo tse ngata.*
Sechaba sa ka se tla khotsofatsoa ke melemo e tsoang ho ’na,”+ ke Jehova ea chong.
15 “Jehova o re:
‘Lentsoe le utloahala Rama,+ seboko le sello se bohloko.
Ragele o llela bana ba hae.+
O hanne ho tšeliseha
Hobane bara ba hae ha ba sa le eo.’”+
16 Jehova o re:
“‘Thola u se ke oa lla le mahlo a hao a se ke a tsoa meokho
Hobane ho na le moputso bakeng sa mosebetsi oa hao,’ ke Jehova ea chong.
‘Bara ba hao ba tla khutla naheng ea sera.’+
17 ‘Tšepo e teng bakeng sa hao,’+ ke Jehova ea chong.
‘Bara ba hao ba tla khutlela habo bona.’”+
18 “Ruri ke utloile sello sa Efraime ha a re:
‘Ke ne ke le joaloka pohoana e sa koetlisoang,
U nkhalemetse, ka khalemeleha.
Nkhutlisetse tseleng ’me hang-hang ke tla khutla
Kaha u Jehova Molimo oa ka.
19 Ke ile ka ikoahlaea eaba kea khutla,+
Ka mor’a hore u etse hore ke utloisise, ke ile ka utloa bohloko haholo.*
Ke ile ka hlajoa ke lihlong, ka soaba+
Ka lebaka la lintho tseo ke li entseng ha ke sa le mocha.’”
20 Jehova o re: “Na Efraime ha se mora oa ka oa bohlokoa, ngoana eo ke mo ratang?+
Le hoja ke mo khalemetse ka makhetlo a mangata, ke ntse ke mo hopola.
Ke kahoo ke mo hlolohetsoeng.*+
Ruri ke tla mo hauhela.+
U ele hloko tsela e kholo, tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.+
Khutla, uena moroetsana oa Iseraele, u khutlele metseng ena ea hao.
22 Uena morali ea sa tšepahaleng, u tla ’ne u ee koana le koana ho fihlela neng?
Jehova o entse ntho e ncha lefatšeng:
Mosali o tla batla monna.”
23 Jehova oa mabotho e leng Molimo oa Iseraele o re: “Nakong eo ke bokellang batho ba bona ba hapuoeng, ba tla boela ba bue mantsoe ana naheng ea Juda le metseng ea eona: ‘E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa, uena sebaka seo ba lokileng ba lulang ho sona,+ uena thaba e halalelang.’+ 24 Juda le metse eohle ea eona e tla ba le baahi, lihoai le balisa ba tla lula teng.+ 25 Etsoe ke tla khatholla motho ea khathetseng ’me ke khorise e mong le e mong ea fokotseng ke tlala.”+
26 Eaba kea phaphama ke bula mahlo, boroko ba ka bo ne bo ’natefetse.
27 Jehova o re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla atisa ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda. Ke tla atisa le liphoofolo tsa bona.”+
28 Jehova o re: “Feela joalokaha ke ne ke itokiselitse ho ba fothola, ho ba ripitla, ho ba senya,+ ho ba ntša kotsi le ho ba felisa, ke tla itokisetsa ho ba haha le ho ba tsitsisa.+ 29 Matsatsing ao, ha ba sa tla hlola ba re: ‘Bo-ntate ba jele morara o bolila empa bara ke bona ba utloang bolila boo.’+ 30 Empa motho leha e le ofe ea jang morara o bolila, ke eena ea tla utloa bolila boo. Motho e mong le e mong o tla shoela phoso ea hae.”
31 Jehova o re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla etsa selekane se secha le ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda.”+ 32 Hape Jehova o re: “Se ke ke sa tšoana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholo-holo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tšoere ka letsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta+ ‘e leng selekane sa ka seo ba ileng ba se fetohela,+ le hoja ke ne ke le mong’a bona.’”*
33 Jehova o re: “Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona,+ ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona ’me bona e tla ba batho ba ka.”+
34 Jehova o re: “Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: ‘Tsebang Jehova’+ hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui.+ Ke tla tšoarela liphoso tsa bona ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.”+
35 Ana ke mantsoe a Jehova,
Ea fanang ka letsatsi bakeng sa ho khantša motšehare
Le ka melao ea khoeli le linaleli bakeng sa ho khantša bosiu,
Ea fuluhang leoatle le ea etsang hore maqhubu a lona a loebehlane,
Eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho. O re:+
36 Jehova o re: “‘Melao ena e tla hloleha ho sebetsa
Mohla bana ba Iseraele ba khaotsang ho ba sechaba ka pel’a ka.’”+
37 Jehova o re: “‘Feela joalokaha maholimo a ke ke a methoa le metheo ea lefatše e ke ke ea tsejoa hantle, nke ke ka lahla bana bohle ba Iseraele ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo ba li entseng,’ ke Jehova ea chong.”+
38 Jehova o re: “Matsatsi aa tla ao ka ’ona Jehova a tla haheloa motse+ ho tloha Toreng ea Hananiele+ ho ea Keiting e K’honeng.+ 39 Khoele e methang+ e tla toba pele ho ea leralleng la Garebe ebe e tjekela Gooa. 40 Khohlo* eo ho lahleloang litopo le molora* ho eona le masimo ’ohle ho ea fihla Khohlong ea Kidrone+ le ho ea fihla sekhutlong sa Keiti ea Lipere+ ho elella bochabela, e tla ba ntho e halalelang ho Jehova.+ E ke ke ea felisoa kapa ea senngoa hape le ka mohla.”
32 Jehova o ile a bua le Jeremia ka selemo sa leshome sa puso ea Morena Tsedekia oa Juda e leng selemo sa bo18 sa puso ea Nebukadnezare.*+ 2 Ka nako eo, masole a morena oa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema. Moprofeta Jeremia o ne a koaletsoe ka Lebaleng la Balebeli+ ka tlung ea morena* oa Juda. 3 Morena Tsedekia oa Juda o ne a tšoere Jeremia+ eaba o re ho eena: “Ke hobane’ng ha u profeta tjee? U re: ‘Jehova o re: “Ke tla nehelana ka motse ona matsohong a morena oa Babilona ’me o tla o hapa.+ 4 Morena Tsedekia oa Juda a ke ke a phonyoha Bakalde etsoe ruri ho tla nehelanoa ka eena matsohong a morena oa Babilona ’me ba tla buisana ba shebane mahlong.”’+ 5 Jehova o re: ‘O tla isa Tsedekia Babilona ’me Tsedekia o tla lula teng ho fihlela ke etsa qeto ea hore na ke tla etsa’ng ka eena. Le hoja le ntse le loantša Bakalde, le ke ke la atleha.’”+
6 Jeremia a re: “Jehova o itse ho ’na: 7 ‘Hanamele mora oa Shalume ntate-moholo oa hao,* o tla tla ho uena a re: “Ithekele tšimo ea ka e Anathothe+ hobane u na le tokelo ea ho e reka pele.”’”+
8 Hanamele ngoan’a Ntate-moholo* a tla ho ’na Lebaleng la Balebeli joalokaha Jehova a chulo ’me a re ho ’na: “Ke kopa u reke tšimo ea ka e Anathothe, naheng ea Benjamine kaha u na le tokelo ea hore e be ea hao le ea hore u e reke. Ithekele eona.” Ntho ena e ile ea etsa hore ke tsebe hore ke Jehova ea neng a batla hore ho be joalo.
9 Eaba ke reka tšimo e Anathothe ho Hanamele ngoan’a Ntate-moholo. Ka mo bekhela chelete+ e etsang likramo tse ka bang 80* le likotoana tsa silevera tse leshome. 10 Joale ka ngola lengolo la tumellano,+ ka le tempa,* ka bitsa lipaki+ eaba ke bekha chelete likaleng. 11 Ka nka lengolo leo la tumellano le neng le koetsoe le bile le tempuoe ho ea ka taelo le molao ’moho le le neng le sa tempuoa 12 eaba ke fa Baruke+ mora oa Neria+ setloholo sa Mahaseia lengolo la tumellano le tempuoeng. Ka mo fa lona Hanamele ngoan’a Ntate-moholo a le teng. Ho ne ho boetse ho e-na le lipaki tse pakileng lengolong la tumellano le tempuoeng le Bajuda bohle ba neng ba lutse Lebaleng la Balebeli.+
13 Ka laela Baruke ba ntse ba mametse ka re: 14 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Nka mangolo ana, lengolo la tumellano le koetsoeng hammoho le le butsoeng, u a kenye ka har’a nkho ea letsopa e le hore a se ke a senyeha.’ 15 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ho tla boela ho rekoe matlo, masimo le lirapa tsa morara naheng ena.’”+
16 Eaba ke rapela Jehova ka mor’a hore ke fe Baruke mora oa Neria lengolo la tumellano. Ka re: 17 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle! U entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho la hao le matla. Ha ho letho le ka u hlolang, 18 uena ea hauhelang batho ba likete empa u tlohela bara hore ba khole litholoana tsa liphoso tsa bo-ntate ba bona,+ Molimo oa ’nete, e moholo, ea matla, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho. 19 Merero ea hao e meholo ’me liketso tsa hao li matla,+ uena eo mahlo a hao a bonang liketso tsohle tsa batho,+ e le hore u fe e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae le ho ea ka mesebetsi ea hae.+ 20 U entse lipontšo le mehlolo naheng ea Egepeta, tse ntseng li tsejoa le kajeno ’me u iketselitse lebitso Iseraele le har’a batho bohle+ feela joalokaha ho tla etsahala letsatsing lena. 21 O ntšitse batho ba hao ba Iseraele naheng ea Egepeta, ka lipontšo, ka mehlolo, ka letsoho le matla* le ka liketso tse tšabehang.+
22 Ka mor’a nako, oa ba fa naha ena eo u ileng oa hlapanyetsa baholo-holo ba bona+ hore u tla ba fa eona, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ 23 Ba ile ba tla ’me ba lula ho eona empa ha baa ka ba mamela lentsoe la hao kapa ba ikobela molao oa hao. Ha baa ka ba etsa eng kapa eng eo u ileng oa ba laela hore ba e etse, hoo u ileng oa etsa hore tlokotsi ena eohle e ba hlahele.+ 24 Banna ba tlile motseng ’me ba entse litotoma tse o thibellang e le hore ba o hape.+ Motse o tla oela matsohong a Bakalde ba o loantšang ka lebaka la sabole,+ tlala le lefu la seoa.+ Lintho tseo u li boletseng li etsahetse joalokaha u bona. 25 Le hoja motse o tla nehelloa Bakalde, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u itse ho ’na: ‘Ithekele tšimo ka chelete ’me u bitse lipaki.’”
26 Eaba Jehova o re ho Jeremia: 27 “Ke ’na Jehova, Molimo oa batho bohle. Na ho na le ntho leha e le efe e ka ntlholang? 28 Ka hona, Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona ho Bakalde le ho Nebukadnezare* morena oa Babilona ’me o tla o hapa.+ 29 Bakalde ba loantšang motse ona ba tla kena ’me ba o hotetse. Ba tla chesa motse ona+ le matlo ao marulelong a ’ona batho ba neng ba etsetsa Baale mahlabelo le ho etsa linyehelo tsa lino bakeng sa melimo e meng ’me ba ntšiteloa.’+
30 Jehova o re: ‘Batho ba Iseraele le ba Juda ba entse lintho tse fosahetseng feela mahlong a ka ho tloha bocheng ba bona.+ Batho ba Iseraele ba lula ba ntšiteloa ka liketso tsa bona. 31 Etsoe motse ona e bile sesosa sa bohale le khalefo feela ho ’na ho tloha letsatsing leo ka lona ba o hahileng ho fihlela letsatsing lena.+ Kahoo, ke tla o tlosa ka pel’a mahlo a ka.+ 32 Ke tla o tlosa ka lebaka la bokhopo bohle boo batho ba Iseraele le ba Juda ba bo entseng hore ba ntšiteloe. Kaofela ha bona, marena,+ likhosana,+ baprista, baprofeta,+ banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ba nkhalefisitse. 33 Ho e-na le hore ba khutlele ho ’na, ba mphuraletse.+ Le hoja ke lekile ho ba ruta ka makhetlo-khetlo,* ha ho le ea mong oa bona ea neng a mamela ha a khalemeloa.+ 34 Ba ne ba kenya litšoantšo tsa bona tse nyonyehang ka tlung e bitsoang ka lebitso la ka e le hore ba e silafatse.+ 35 Ho feta moo, ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale Khohlong ea Mora oa Hinome*+ e le hore ba chese bara le barali ba bona e le mahlabelo a etsetsoang Moloke+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela eona.+ Ha ho mohla nkileng ka nahana* hore ba etse ntho ena e nyonyehang ebe ba etsa hore Juda e etse sebe.’
36 Ka hona, motse ona oo le reng o tla nehelloa morena oa Babilona ka sabole, tlala le lefu la seoa, Jehova Molimo oa Iseraele o re ka oona: 37 ‘Ke tla ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke ba hasanyelitseng ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka.+ Ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena, ke ba lumelle hore ba lule ba sireletsehile.+ 38 E tla ba sechaba sa ka ’me ke tla ba Molimo oa bona.+ 39 Ke tla fetola lipelo tsa bona+ le litsela tsa bona e le hore ba ka lula ba ntšebeletsa kamehla, molemong oa bona le molemong oa bana ba bona.+ 40 Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona,+ sa hore nke ke ka tlohela ho ba etsa hantle.+ Ke tla etsa hore ba ntlhomphe e le hore ba se ke ba mphuralla.+ 41 Ke tla thabela ho ba etsetsa lintho tse ntle.+ Hape ke tla etsa hore ba lule naheng ena+ ho ea ho ile. Ke tla etsa lintho tsena ka pelo eohle ea ka le ka moea oohle oa ka.’”*
42 “Etsoe Jehova o re: ‘Feela joalokaha ke tliselitse batho bana koluoa ena, ke tla ba etsetsa melemo eohle eo ke ba tšepisitseng eona.+ 43 Ho tla rekoa masimo naheng ena+ le hoja le re: “Naha ena ha e na baahi kapa sebata hape ho nehelanoe ka eona ho Bakalde.”’
44 “‘Batho ba tla reka masimo ka chelete, ho ngoloe mangolo a tumellano ’me a koaloe le lipaki li tla bitsoa. Lintho tsena li tla etsahala naheng ea Benjamine+ le libakeng tse haufi le Jerusalema, metseng ea Juda,+ metseng e lithabeng, metseng e mabalane*+ le metseng e ka boroa hobane ke tla khutlisa batho ba bona ba hapuoeng,’+ ke Jehova ea chong.”
33 Ha Jeremia a ntse a koaletsoe ntlong e Lebaleng la Balebeli,+ Jehova a bua le eena ka lekhetlo la bobeli a re: 2 “Jehova Moetsi oa lefatše, Jehova ea bopileng lefatše a ba a le tiisa ka thata, eo lebitso la hae e leng Jehova o re: 3 ‘Mpitseng, ke tla le araba ’me ke le bolelle hang-hang lintho tse kholo le tse ke keng tsa utloisisoa tseo le sa kang la li tseba.’+
4 Etsoe ’na Jehova Molimo oa Iseraele ke bua malebana le matlo a motse ona le matlo a marena a Juda ao batho ba a helelitseng e le ho itšireletsa saboleng le litotomeng tse thibellang.+ 5 Ke boetse ke bua malebana le ba tlil’o loantša Bakalde le ho tlatsa libaka tsena ka litopo tsa batho bao ke ba bolaileng ha ke ne ke halefile haholo, bohle bao bokhopo ba bona bo entseng hore ke patele motse ona sefahleho sa ka. 6 Ke re: ‘Ke folisa motse ona ’me ke o fa bophelo bo botle.+ Ke tla phekola batho ’me ke ba fe khotso le tšireletso.+ 7 Ke tla khutlisa batho ba Juda le ba Iseraele+ ba hapuoeng ’me ke tla ba matlafatsa joaloka pele.+ 8 Ke tla ba tšoarela libe le liphoso tsohle tseo ba nketselitseng tsona e le hore ba hloeke.+ 9 Lebitso la motse ona le tla nthabisa ’me lichaba tsohle tsa lefatše tse tla utloa ka melemo eohle eo ke ba etselitseng eona li tla nthorisa le ho ntlotlisa ka lebaka la oona.+ Li tla tšoha li thothomele+ ka lebaka la melemo eohle le khotso eohle eo ke tla e tlisa motseng ona.’+
10 Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema tse fetohileng lithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utloahale 11 molumo oa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, lentsoe la ba reng: “Lebohang Jehova oa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+
‘Ba tla tlisa linyehelo tsa teboho ka tlung ea Jehova+ etsoe ke tla khutlisa batho ba hapuoeng ba naha feela joaloka pele,’ ke Jehova ea chong.
12 Jehova oa mabotho o re: ‘Ho tla boela ho be le makhulo bakeng sa balisa hore ba bothise mehlape sebakeng sena se senyehileng se se nang motho kapa phoofolo le metseng eohle ea sona.+
13 Metseng e lithabeng, e mabalane,* e ka boroa, naheng ea Benjamine, libakeng tse haufi le Jerusalema+ le metseng ea Juda,+ balisa ba tla boela ba bale linku tsa bona,’ ke Jehova ea chong.
14 ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla etsa lintho tse ntle tseo ke tšepisitseng ho li etsa ka ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda,’ ke Jehova ea chong.+ 15 ‘Matsatsing ao le ka nako eo, ke tla hlahisetsa Davida mojalefa*+ ea lokileng ea tla phethisa toka le ho loka naheng.+ 16 Matsatsing ao, Juda e tla pholosoa+ ’me Jerusalema e tla lula e sireletsehile.+ E tla bitsoa ‘Jehova ke ho Loka ha Rona.’+
17 Etsoe Jehova o re: ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la Davida ea tla lula teroneng ea Iseraele+ 18 le baprista ba Balevi ba tla lula ba e-na le monna ea emang ka pel’a ka hore a nyehele linyehelo tse feletseng tsa secheso, a chese linyehelo tsa lijo* le ho etsa mahlabelo.’”
19 Jehova a boela a re ho Jeremia: 20 “ ’Na Jehova ke re: ‘Haeba le ka senya selekane seo ke se entseng le letsatsi kapa selekane seo ke se entseng le bosiu, la etsa hore bosiu le motšehare li se hlole li e-ba teng ka nako ea tsona,+ 21 ke mohla selekane sa ka le mohlanka oa ka Davida se ka felang+ eaba ha a be le mora ea busang e le morena teroneng ea hae.+ Hape ke mohla selekane sa ka le baprista ba Balevi e leng basebeletsi ba ka se ka felang.+ 22 Feela joalokaha linaleli tsa maholimo* li ke ke tsa baloa le lehlabathe la leoatle le ke ke la baloa, ke tla atisa litloholo* tsa mohlanka oa ka Davida joalo hammoho le Balevi ba ntšebeletsang.’”
23 Jehova a boela a re ho Jeremia: 24 “Na ha oa utloa hore na batho baa ba ntse ba re’ng? Ba re: ‘Jehova o tla lahla malapa a mabeli ao a a khethileng.’ Ba tella batho ba ka hape ha ba sa ba nka e le sechaba.
25 Jehova o re: ‘Feela joalokaha ke entse selekane sa ka mabapi le bosiu le motšehare+ le melao* ea leholimo le lefatše,+ 26 ka ho tšoanang le ka mohla nke ke ka lahla litloholo tsa Jakobo le tsa mohlanka oa ka Davida eaba ha ke khethe marena a tla busa bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo har’a litloholo tsa hae. Ke tla bokella batho ba bona ba hapuoeng+ ’me ke tla ba hauhela.’”+
34 Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Jeremia, ha Nebukadnezare* morena oa Babilona, masole ’ohle, mebuso eohle ea lefatše e tlas’a puso ea hae le lichaba tsohle li loantša Jerusalema le metse eohle ea eona. O ile a re:+
2 “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Tsamaea u e’o bua le Morena Tsedekia+ oa Juda, u re ho eena: “Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona letsohong la morena oa Babilona ’me o tla o chesa ka mollo.+ 3 U ke ke oa phonyoha letsohong la hae hobane u tla tšoaroa ’me ho nehelanoe ka uena letsohong la hae.+ U tla bona morena oa Babilona ka mahlo a hao a mabeli ’me le tla bua le shebane mahlong ebe u ea Babilona.’+ 4 Leha ho le joalo, mamela lentsoe la Jehova, uena Morena Tsedekia oa Juda: ‘Jehova o re ka uena: “U ke ke oa bolaoa ka sabole. 5 U tla ichoella ka khotso,+ ba tla u etsetsa mokete oa ho chesa libano joalokaha ba etselitse bo-ntate ba hao le marena a bileng teng pele ho uena. Ba tla u llela ba re: ‘Ao Mong’a rona!’ etsoe ‘ke buile,’ ke Jehova ea chong.”’”’”
6 Eaba moprofeta Jeremia o bolella Morena Tsedekia oa Juda mantsoe ana ’ohle a le Jerusalema. 7 E ne e le ha masole a morena oa Babilona a ne a loantša Jerusalema le metse eohle ea Juda e setseng,+ a loantša Lakishe+ le Azeka.+ E ne e le eona feela metse ea Juda e neng e sirelelitsoe ka thata e sa kang ea haptjoa.
8 Ka mor’a hore Morena Tsedekia a etse selekane le sechaba sohle se neng se le Jerusalema bakeng sa ho lokolla makhoba, Jehova o ile a bolella Jeremia+ 9 hore motho e mong le e mong a lokolle lekhoba la hae la Moheberu ebang ke la monna kapa la mosali e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea entseng Mojuda oa habo lekhoba. 10 Kahoo, likhosana tsohle le batho bohle ba mamela. Ba ne ba entse selekane sa hore motho e mong le e mong a lokolle lekhoba la hae ebang ke la monna kapa la mosali ’me e se ke ea hlola e e-ba makhoba. Eaba baa mamela ’me baa ba lokolla. 11 Empa hamorao ba lata banna le basali bao ba neng ba ba lokolotse bokhobeng, ba ba etsa makhoba hape. 12 Kahoo, Jehova a bua le Jeremia ’me Jehova a re:
13 “ ’Na Jehova Molimo oa Iseraele ke re: ‘Ke entse selekane le baholo-holo ba lona+ mohla ke neng ke ba ntša Egepeta, naheng ea bokhoba ba lona+ ka re: 14 “Ka mor’a lilemo tse supileng, e mong le e mong oa lona a lokolle ngoan’abo oa Moheberu eo a mo rekiselitsoeng, ea mo sebelelitseng ka lilemo tse tšeletseng. Le mo lokolle.”+ Empa baholo-holo ba lona ha baa ka ba ’mamela kapa ba ntšekehela tsebe. 15 Haufinyane tjena,* lona le sokolohile eaba le etsa ntho e nepahetseng mahlong a ka ka hore le lokolle bana ba bo lona ’me le etse selekane le ’na ka tlung e bitsoang ka lebitso la ka. 16 Empa joale le mphetohetse, la silafatsa lebitso la ka+ ka hore le late banna le basali bao e neng e le makhoba a lona, bao le ileng la ba lokolla hore ba ee moo ba batlang eaba le ba etsa makhoba a lona hape.’
17 Ka hona, Jehova o re: ‘Ha lea ’mamela hobane ha lea ka la lokolla bana ba bo lona le batho ba habo lona.+ Kahoo, ke tla le lokolla hore le bolaoe ka sabole, lefu la seoa le tlala+ ’me ke tla etsa hore mebuso eohle ea lefatše e tšohe ha e bona ntho e le hlahetseng,’ ke Jehova ea chong.+ 18 ‘Ho tla etsahala tjena ka batho ba fetohetseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha mantsoe a selekane seo ba se entseng ka pel’a ka ka ho seha namane ka lehare ebe ba feta pakeng tsa eona*+ 19 e leng likhosana tsa Juda le tsa Jerusalema, liofisiri tsa lekhotla, baprista le batho bohle ba naha ba ileng ba feta pakeng tsa namane e sehiloeng ka lehare: 20 Ke tla ba nehella lira tsa bona le batho ba batlang ho ba bolaea ’me litopo tsa bona e tla ba lijo tsa linonyana tsa maholimo le libata tsa lefatše.+ 21 Ke tla nehelana ka Morena Tsedekia oa Juda le likhosana tsa hae matsohong a lira tsa bona, matsohong a ba batlang ho ba bolaea le matsohong a mabotho a morena oa Babilona+ a seng a sa batle ho le hlasela.+
22 Ke tla fana ka taelo ’me ke tla ba khutlisetsa motseng ona. Ba tla o loantša, ba o hape, ba o chese ka mollo.+ Ke tla etsa hore metse ea Juda e se ke ea e-ba le letho, e hloke baahi,’ ke Jehova ea chong.”+
35 Jehova a bua le ’na Jeremia mehleng ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda a re: 2 “E-ea lapeng la Barekabe,+ u bue le bona ’me u ba tlise ka tlung ea Jehova, ho e ’ngoe ea likamore tsa ho jela ebe u ba fa veine hore ba noe.”
3 Kahoo, ka tlisa mora oa Jeremia e leng Jazania setloholo sa Habazinia, bana babo, bara bohle ba hae le lelapa lohle la Barekabe 4 ka tlung ea Jehova. Eaba ke ba bitsetsa ka kamoreng ea ho jela ea bara ba Hanane mora oa Igdalia, mohlanka oa Molimo oa ’nete. Kamore eo e ne e le pel’a kamore ea ho jela ea likhosana e ka holim’a kamore ea ho jela ea Maseia mora oa Shalume molebeli oa monyako. 5 Ka beha mabekere le lijana* tse tletseng veine ka pel’a bara ba Barekabe eaba ke re ho bona: “Noang veine ke ena.”
6 Empa ba re: “Re ke ke ra noa veine hobane Jehonadabe*+ mora oa Rekabe, moholo-holo oa rona, o laetse hore rona kapa bara ba rona, re se ke ra noa veine ho hang. 7 O itse re se ke ra haha matlo, ra jala peo, ra lema lirapa tsa morara kapa hona ho ba le tsona empa re ’ne re lule litenteng e le hore re phele nako e telele naheng eo re lulang ho eona re le balichaba. 8 Kahoo, ha re noe veine ho hang, rona, basali ba rona, bara le barali ba rona hobane re mamela Jehonadabe mora oa moholo-holo oa rona Rekabe nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a re laetseng eona. 9 Hape ha re hahe matlo ao re ka lulang ho ’ona, ha re jale peo, ha re be le lirapa tsa morara kapa masimo. 10 Re ntse re lula litenteng ’me re mamela lintho tsohle tseo moholo-holo oa rona Jehonadabe* a re laetseng tsona. 11 Empa ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona a futuhela naha ena,+ ra re: ‘Tloong, re eeng Jerusalema re balehe lebotho la sesole la Bakalde le la Basiria.’ Joale re se re lula Jerusalema.”
12 Jehova a re ho Jeremia: 13 “ ’Na Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, ke re: ‘E-ea ’me u re ho batho ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: “Na ha kea le kopa ka makhetlo hore le ’mamele?”+ ke Jehova ea chong. 14 “Jehonadabe mora oa Rekabe o laetse bana ba hae hore ba se ke ba noa veine ’me ba phethile mantsoe a hae ka hore ba se ke ba noa ho fihlela letsatsing lena. Kahoo, ba mametse taelo ea moholo-holo oa bona.+ Leha ho le joalo, ’na ke buile le lona ka makhetlo* empa ha lea ka la ’mamela.+ 15 Ka le romela bahlanka bohle ba ka ba baprofeta, ke ba romela ka makhetlo-khetlo*+ ke re: ‘Ke kopa e mong le e mong oa lona a furalle litsela tsa hae tse mpe+ ’me a etse lintho tse nepahetseng. Le se ke la latela melimo e meng kapa la e sebeletsa. Ha le ka ’mamela le tla ’ne le lule naheng eo ke e fileng lona le baholo-holo ba lona.’+ Empa ha lea ka la ’mamela kapa la ntšekehela tsebe. 16 Bana ba Jehonadabe mora oa Rekabe ba phethile taelo eo moholo-holo oa bona+ a ba fileng eona empa sechaba sena sona ha sea ’mamela.”’
17 Jehova, Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Kahoo, ke tlisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema tlokotsi eohle eo ke ba lemositseng ka eona+ hobane ke buile le bona empa ha baa ka ba ’mamela, ka ’na ka ba bitsa empa ha baa ka ba nkaraba.’”+
18 Eaba Jeremia o re ho lelapa la Barekabe: “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Kaha le mametse taelo ea Jehonadabe moholo-holo oa lona ’me le ntse le boloka litaelo tsohle tsa hae le ho phetha hantle lintho tseo a le laetseng tsona, 19 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Ho tla lula ho e-na le ngoana oa Jehonadabe* mora oa Rekabe ea ntšebeletsang.”’”
36 Selemong sa bone sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, Jehova a re ho Jeremia: 2 “Nka moqolo ’me ho oona u ngole mantsoe ’ohle ao ke u boleletseng ’ona ka Iseraele, Juda+ le lichaba tsohle,+ ho tloha mehleng ea Josiase ha ke qala ho bua le uena ho fihlela kajeno.+ 3 Mohlomong ha ba ntlo ea Juda ba utloa ka tlokotsi eo ke nahanang ho ba tlisetsa eona, ba tla tlohela mekhoa ea bona e fosahetseng e le hore ke ba tšoarele liphoso tsa bona le libe tsa bona.”+
4 Eaba Jeremia o bitsa Baruke+ mora oa Neria. A mo bolella litaba tsohle tseo Jehova a neng a mo boleletse tsona. Baruke a li ngola moqolong.+ 5 Joale Jeremia a re ho Baruke: “Ha kea lumelloa ho kena ka tlung ea Jehova. 6 Ke uena ea tla tlameha ho ea ’me u balle holimo litaba tsa Jehova tse ka moqolong oo u o ngotseng ha ke ntse ke u bolella tsona. Ka letsatsi la ho itima lijo, u o balle sechaba ka tlung ea Jehova. U tla o balla batho bohle ba Juda ba tsoang metseng ea habo bona. 7 Mohlomong ba tla khutla mekhoeng ea bona e fosahetseng ebe ba kopa Jehova hore a ba hauhele kaha Jehova o itse o halefetse sechaba sena haholo.”
8 Baruke mora oa Neria a etsa sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona. A balla moqolo* oa litaba tsa Jehova holimo, a o balla ka tlung ea Jehova.+
9 Ka selemo sa bohlano sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase morena oa Juda, ka khoeli ea borobong, sechaba sohle se Jerusalema le sechaba sohle se neng se tlile Jerusalema se tsoa metseng ea Juda sa itima lijo hore Jehova a se hauhele.+ 10 Eaba Baruke o balla sechaba sohle moqolo* oa Jeremia ka tlung ea Jehova, ka kamoreng ea ho jela ea Gemaria+ mora oa mokopitsi* Shafane,+ e lebaleng le ka holimo, pel’a keiti e ncha ea ntlo ea Jehova.+
11 Ha mora oa Gemaria e leng Mikaia setloholo sa Shafane a utloa litaba tsohle tsa Jehova tse tsoang moqolong,* 12 a theohela ka tlung ea morena,* ka ofising ea mongoli. Liofisiri tsohle* tse kholo li ne li lutse moo: Mongoli Elishama,+ Delaia mora oa Shemaia, Elnathane+ mora oa Akbore,+ Gemaria mora oa Shafane, Tsedekia mora oa Hanania le liofisiri tse ling kaofela. 13 Mikaia a ba bolella litaba tsohle tseo a neng a li utloile ha Baruke a balla sechaba moqolo.*
14 Joale liofisiri tsohle tsa roma mora oa Nethania e leng Jehudi setloholo sa Shelemia ebile e le setloholoana sa Kushi, tsa mo roma ho Baruke tsa re a re: “Tloo le moqolo oo u ileng oa u balla sechaba.” Baruke mora oa Neria a nka moqolo ’me a ea ho bona. 15 Ba re ho eena: “Re kopa u lule fatše ’me u re balle oona, u o balle holimo.” Kahoo, Baruke a ba balla oona.
16 Eare hang ha ba utloa litaba tseo, ba shebana ba tšohile eaba ba re ho Baruke: “Kannete re lokela ho bolella morena litaba tsena tsohle.” 17 Ba re ho Baruke: “Re kopa u re bolelle hore na u ngotse litaba tsena tsohle joang. Na Jeremia o ne a ntse a u bolella tsona?” 18 Baruke a re ho bona: “O ile a mpolella litaba tsena tsohle eaba ’na ke li ngola moqolong* ona ka enke.” 19 Liofisiri tsa re ho Baruke: “Tsamaea u e’o ipata, uena le Jeremia e le hore ho se ke ha e-ba le mang kapa mang ea tla tseba hore na le hokae.”+
20 Joale ba ea lebaleng moo morena a neng a le hona teng ’me ba beha moqolo ka ofising ea mongoli Elishama eaba ba bolella morena lintho tsohle tseo ba li utloileng.
21 Kahoo, morena a roma Jehudi+ hore a e’o nka moqolo eaba o tla le oona ho tsoa ofising ea mongoli Elishama. Jehudi a o balla morena le liofisiri tse emeng pel’a morena. 22 Morena o ne a lutse ka tlung eo a neng a lula ho eona mariha. E ne e le khoeli ea borobong* ’me mollo o ne o ntse o tuka leifong le ka pel’a hae. 23 Ka mor’a hore Jehudi a bale likarolo tse tharo kapa tse ’nè tsa moqolo, morena o ne a tabola likarolo tseo ka thipa ea mongoli ebe o li lahlela mollong o neng o tuka leifong, ho fihlela moqolo kaofela o fella mollong. 24 Morena le bahlanka bohle ba hae ba neng ba mametse litaba tsena tsohle ha baa ka ba tšoha ebile ha baa ka ba tabola liaparo tsa bona. 25 Le hoja Elnathane,+ Delaia+ le Gemaria+ ba ile ba kopa morena ka thata hore a se ke a chesa moqolo oo, ha aa ka a ba mamela. 26 Hape, morena a laela Jeramiele mora oa morena,* Seraia mora oa Azriele le Shelemia mora oa Abdiele hore ba tšoare mongoli Baruke le moprofeta Jeremia. Empa Jehova a etsa hore ba se ke ba ba fumana.+
27 Ka mor’a hore morena a chese moqolo o nang le mantsoe ao Baruke a neng a a ngotse ha a ntse a a bolelloa ke Jeremia,+ Jehova a boela a re ho Jeremia: 28 “Nka moqolo o mong, ho oona u ngole litaba tsohle tse tšoanang le tsa moqolo oa pele, oo Morena Jojakime oa Juda a o chesitseng.+ 29 U phatlalatse molaetsa ona ka Morena Jojakime oa Juda: ‘Jehova o re: “U chesitse moqolo ona eaba u re: ‘Ke hobane’ng ha u ngotse ho oona hore ruri morena oa Babilona o tla tla ’me a felise naha ee, a etse hore e se ke ea e-ba le motho le phoofolo?’+ 30 Ka hona, Jehova o re ka Morena Jojakime oa Juda: ‘Ha ho le ea mong oa litloholo tsa hae ea tla sala hore a lule* teroneng ea Davida+ ’me setopo sa hae se tla chesoa ke letsatsi motšehare, se lale serame bosiu.+ 31 Ke tla otla eena, bana* ba hae le bahlanka ba hae bakeng sa liphoso tsa bona. Ke tla tlisetsa bona, baahi ba Jerusalema le batho ba Juda tlokotsi eo ke itseng ke tla ba tlisetsa eona+ hobane ha baa ka ba ’mamela.’”’”+
32 Kahoo, Jeremia a nka moqolo o mong, a o fa Baruke mora oa Neria, mongoli.+ Jeremia a bolella Baruke mantsoe ’ohle a moqolo* oo Morena Jojakime oa Juda a neng a o chesitse mollong+ eaba Baruke oa a ngola. Ho ile ha eketsoa mantsoe a mang a mangata a tšoanang le ao.
37 Nebukadnezare* morena oa Babilona a khetha Tsedekia+ mora oa Josiase hore e be morena naheng ea Juda+ eaba Tsedekia o lula setulong sa Konia*+ mora oa Jojakime. 2 Empa Tsedekia le bahlanka ba hae le sechaba sa naha eo ha baa ka ba mamela mantsoe a Jehova ao moprofeta Jeremia a neng a a buile.
3 Morena Tsedekia a roma Jukale+ mora oa Shelemia le Sofonia+ mora oa moprista Maseia ho moprofeta Jeremia hore ba re: “Re kopa u re rapelle ho Jehova Molimo oa rona.” 4 Jeremia o ne a itsamaela ka bolokolohi har’a sechaba kaha ba ne ba e-s’o mo kenye teronkong.+ 5 Ka nako eo, Bakalde ba ne ba thibeletse Jerusalema. Eitse ha ba utloa hore lebotho la Faro le tla le tsoa Egepeta,+ ba ikhula hore ba se ke ba futuhela Jerusalema.+ 6 Joale Jehova a re ho moprofeta Jeremia: 7 “ ’Na, Jehova Molimo oa Iseraele ke re ho baromuoa ba Morena Tsedekia: ‘Le tle le re ho morena oa Juda ea le rometseng ho ’na: “Masole a Faro a tlang ho tla u thusa a tla lokela ho khutlela Egepeta naheng ea ’ona.+ 8 Bakalde ba tla khutla, ba loantše motse ona, ba o hape ba be ba o chese.”+ 9 ’Na Jehova ke re: “Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Bakalde ba tsamaetse ruri!’ hobane ba tl’o khutla. 10 Leha le ne le ka la bolaea masole ’ohle a Bakalde a le loantšang eaba ho sala feela banna ba tsoileng likotsi, ba ne ba tla ’ne ba raohe ba tsoa litenteng tsa bona ’me ba chese motse ona.”’”+
11 Eare ha masole a Bakalde a se a ikhutse hore a se ke a futuhela Jerusalema ka lebaka la masole a Faro,+ 12 Jeremia a tloha Jerusalema a ea naheng ea Benjamine+ ho ea fumana lefa la hae har’a batho ba habo. 13 Eitse ha a fihla Keiting ea Benjamine, molaoli oa balebeli, mora oa Shelemia eo lebitso la hae e leng Irija setloholo sa Hanania, a tšoara moprofeta Jeremia eaba o re ho eena: “Uena u inehela ho Bakalde!” 14 Jeremia a re: “Ha se ’nete, ha ke inehele ho Bakalde.” Empa Irija ha aa ka a mo mamela. Ho e-na le hoo, a tšoara Jeremia ’me a mo isa ho liofisiri. 15 Liofisiri tsa halefela Jeremia+ eaba lia mo otla, ha li qeta tsa mo koalla+ ka tlung ea mongoli Jonathane e neng e fetotsoe teronko. 16 Jeremia o ne a koaletsoe ka seleng* e ka tlas’a lefatše ntlong eo. A koalloa moo matsatsi a mangata.
17 Morena Tsedekia a mo bitsa. Ha a se a le ka tlung*+ a mo botsa lipotso ka lekunutu a re: “Na ho na le molaetsa o tsoang ho Jehova?” Jeremia a re: “E, o teng. U tla nehelloa morena oa Babilona.”+
18 Jeremia a boela a re ho Morena Tsedekia: “Uena le bahlanka ba hao le sechaba see, ke le sitetsoe ka eng ha e le moo le nkentse teronkong? 19 Ba kae baprofeta ba lona ba le profetetseng ba re morena oa Babilona a ke ke a le futuhela kapa a futuhela naha ee?+ 20 Ke kopa u ’mamele khosi ea ka morena. Ke kopa u nkhauhele. U se ke oa nkhutlisetsa ka tlung ea mongoli Jonathane,+ ho seng joalo ke tl’o shoella teng.”+ 21 Morena Tsedekia a fana ka taelo ea hore Jeremia a koalloe ka tlung e ka Lebaleng la Balebeli.+ O ne a fuoa bohobe bo tsoang seterateng sa baapehi letsatsi le leng le le leng,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli.
38 Shefatia mora oa Matane, Gedalia mora oa Pashkure, Jukale+ mora oa Shelemia le Pashkure+ mora oa Malkija ba utloa ha Jeremia a re ho sechaba sohle: 2 “Jehova o re: ‘Motho ea tla sala motseng ona o tla bolaoa ka sabole, tlala le ka lefu la seoa.+ Empa ea inehelang* ho Bakalde o tla pholoha* ’me a ’ne a phele.’+ 3 Jehova o re: ‘Ruri motse ona o tla nehelloa masole a morena oa Babilona ’me morena o tla o hapa.’”+
4 Liofisiri tse kholo tsa re ho morena: “Re kopa hore monna enoa a bolaoe+ hobane o nyahamisa masole a setseng motseng mona le batho bohle ka ho ba joetsa lintho tsena. Etsoe monna enoa ha a batlele sechaba sena khotso empa o se batlela tlokotsi.” 5 Morena Tsedekia a re: “Etsang ntho eo le e batlang ka eena. Ha ho letho leo nka le etsang ho le thiba.”
6 Kahoo, ba nka Jeremia eaba ba mo kenya ka sekoting* sa Malkija mora oa morena, se neng se le Lebaleng la Balebeli.+ Ba theolela Jeremia tlase ka liropo. Ka sekoting seo ho ne ho se na metsi, ho tletse seretse feela. Kahoo, Jeremia a tetebela seretseng.
7 Ebede-meleke+ oa Moethiopia, eo e neng e le ofisiri ea lekhotla* ka tlung ea morena,* a utloa hore ba kentse Jeremia ka sekoting. Morena o ne a lutse Keiting ea Benjamine.+ 8 Kahoo, Ebede-meleke a tsoa ka tlung ea morena ’me a bua le morena a re: 9 “Khosi ea ka morena, ntho eo banna bana ba e entseng moprofeta Jeremia e mpe. Ba mo lahletse ka sekoting. O tla shoella teng ka lebaka la tlala hobane ha ho sa na bohobe motseng.”+
10 Morena a re ho Ebede-meleke oa Moethiopia: “Nka banna ba 30 mona u tsamaee le bona, le ntše moprofeta Jeremia ka sekoting pele a shoa.” 11 Kahoo, Ebede-meleke a tsamaea le banna bao, a kena ka tlung ea morena ka kamoreng e tlas’a moo ho bolokeloang matlotlo+ eaba ba nka likatana le masela a khale ba a theolela ho Jeremia ka sekoting ba sebelisa liropo. 12 Ebede-meleke Moethiopia a re ho Jeremia: “Ke kopa u kenye likatana le masela ka mahafing e le hore liropo li se ke tsa u sehla.” Jeremia a etsa joalo. 13 Eaba ba hula Jeremia ka liropo ’me ba mo nyolla ka sekoting. Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli.+
14 Morena Tsedekia a bitsa moprofeta Jeremia hore a tle monyako oa boraro o ka tlung ea Jehova eaba morena o re ho Jeremia: “Ho na le ntho eo ke batlang ho u botsa eona. U se ke oa mpatela letho.” 15 Eaba Jeremia o re ho Tsedekia: “Ha nka u bolella, joang kapa joang u tl’o mpolaea. Hape ha nka u eletsa, ha u tl’o ’mamela.” 16 Eaba Morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia lekunutung o re: “Ka Jehova ea phelang ea re fileng bophelo, nke ke ka u bolaea kapa ka u nehella banna bana ba batlang ho u bolaea.”
17 Joale Jeremia a re ho Tsedekia: “Jehova Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: ‘Ha u ka inehela* ho liofisiri tse kholo tsa morena oa Babilona, u ke ke oa shoa. Motse ona o ke ke oa chesoa ka mollo ’me uena le ba ntlo ea hao le ke ke la shoa.+ 18 Empa haeba u ke ke oa inehela* ho liofisiri tse kholo tsa morena oa Babilona, motse ona o tla nehelloa Bakalde, ba o chese ka mollo+ ’me uena u ke ke oa phonyoha matsohong a bona.’”+
19 Morena Tsedekia a re ho Jeremia: “Ke tšaba Bajuda ba balehetseng ho Bakalde hobane ha nka isoa ho bona, ba ka ’na ba ntlhahisa kotsi.” 20 Empa Jeremia a re: “U ke ke oa isoa ho bona. Ke kopa u mamele lentsoe la Jehova ka hore u mamele ntho eo ke u bolellang eona. Ha u ka etsa joalo, lintho li tla u tsamaela hantle ’me u tla ’ne u phele. 21 Empa haeba u sa inehele,* ho tla etsahala ntho ena eo Jehova a mpontšitseng eona: 22 Basali bohle ba siiloeng ka tlung ea morena oa Juda ba ntse ba tlisoa ho liofisiri tse kholo tsa morena oa Babilona+ ’me ba re:
‘Batho bao a neng a ba tšepile* ba mo thetsitse ’me ba mo hlotse.+
Ba entse hore leoto la hae le tetebele seretseng hoo a neng a sitoa ho tsoa.
Joale ba mo lahlile.’
23 Ba ntse ba tlisa basali bohle ba hae le bara ba hae kaofela ho Bakalde ’me a ke ke a phonyoha matsohong a bona. Morena oa Babilona+ o tla mo tšoara ’me motse ona o tla chesoa ka mollo ka lebaka la hae.”+
24 Eaba Tsedekia o re ho Jeremia: “U se ke oa tsebisa mang kapa mang lintho tsena e le hore u se ke oa shoa. 25 Haeba liofisiri tse kholo li utloa hore ke buile le uena ’me li tla ho uena li re: ‘Re kopa u re bolelle hore na u itse’ng ho morena. U se ke oa re patela letho, re ke ke ra u bolaea.+ Morena o itse’ng ho uena?’ 26 U tle u re ho tsona: ‘Ke ne ke kopa morena hore a se ke a nkhutlisetsa ka tlung ea Jonathane hore ke shoelle teng.’”+
27 Ka mor’a nako, liofisiri tsohle tse kholo tsa tla ho Jeremia ’me tsa mo botsa. A li bolella lintho tsohle tseo morena a itseng a li bue. Kahoo, ha lia ka tsa hlola li re letho ho eena kaha ha ho motho ea neng a utloile puisano ea hae le morena. 28 Jeremia a ’na a lula Lebaleng la Balebeli+ ho fihlela letsatsing leo Jerusalema e haptjoang ka lona. O ne a ntse a le moo ha Jerusalema e haptjoa.+
39 Ka khoeli ea leshome ha Morena Tsedekia oa Juda a e-na le lilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare* oa Babilona le masole ’ohle a hae ba tla Jerusalema ’me ba e thibella.+
2 Ka letsatsi la borobong khoeling ea bone, ha Tsedekia a e-na le lilemo tse 11 a busa, ba phunya lerako la motse ba kena.+ 3 Liofisiri tsohle tse kholo tsa morena oa Babilona tsa tla ’me tsa lula Keiting e Bohareng.+ Liofisiri tseo e ne e le Nergale-sharezere Mosamgare, Nebo-sarsekime Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le liofisiri tse ling kaofela tsa morena oa Babilona.
4 Ha Morena Tsedekia oa Juda le masole ’ohle a hae ba li bona, ba baleha+ ’me ba tsoa motseng bosiu ka tsela ea serapa sa morena. Ba tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli ’me ba ’na ba baleha ka tsela ea Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a ba lelekisa ’me a fumana Tsedekia lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko.+ Masole a mo nka a mo isa Ribla+ ho Morena Nebukadnezare* oa Babilona naheng ea Hamathe+ moo morena a ileng a mo ahlolela teng. 6 Morena oa Babilona a laela hore bara ba Tsedekia ba bolaoe ka pel’a mahlo a hae hona moo Ribla ’me morena oa Babilona a laela hore bahlomphehi bohle ba Juda ba bolaoe.+ 7 A foufatsa Tsedekia eaba ka mor’a moo o mo tlama ka litlamo tsa koporo o mo tlisa Babilona.+
8 Eaba Bakalde ba chesa ntlo ea morena* le matlo a batho+ ’me ba heletsa marako a Jerusalema.+ 9 Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng, ba balehetseng ka lehlakoreng la hae le batho ba bang kaofela ba setseng, a ba isa Babilona.
10 Empa Nebuzaradane mookameli oa balebeli a siea ba bang ba batho ba futsanehileng ka ho fetisisa naheng ea Juda, ba se nang letho. Letsatsing leo, a boela a ba fa lirapa tsa morara le masimo hore ba sebetse.*+
11 Morena Nebukadnezare* oa Babilona a fa Nebuzaradane mookameli oa balebeli litaelo tsena malebana le Jeremia: 12 “Mo nke ’me u mo hlokomele. U se ke oa mo lematsa. Empa u mo fe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a u kopang eona.”+
13 Kahoo, Nebuzaradane mookameli oa balebeli, Nebushazbane Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le banna bohle ba ka sehloohong ba morena oa Babilona ba roma banna 14 hore ba tlose Jeremia Lebaleng la Balebeli+ ’me ba mo ise ho mora oa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ hore a ee ntlong ea Gedalia. Kahoo, Jeremia a lokolloa ’me a phela le sechaba.
15 Ha Jeremia a ntse a koaletsoe Lebaleng la Balebeli,+ Jehova o ne a ile a re ho eena: 16 “Tsamaea u e’o re ho Ebede-meleke+ oa Moethiopia: ‘Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: “Ke phethahatsa mantsoe a ka ka motse ona. Ke o tlisetsa tlokotsi eseng katleho. U tla bona ha e etsahala mohlang oo.”’
17 Jehova o re: ‘Empa letsatsing leo, ke tla u pholosa ’me u ke ke oa nehelloa batho bao u ba tšabang.
18 Ke tla u pholosa ’me u ke ke oa bolaoa ka sabole. U tla fumana bophelo ba hao e le moputso*+ hobane u ntšepile,’+ ke Jehova ea chong.”
40 Jehova o ile a bua le Jeremia ka mor’a hore Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a mo lokolle Rama.+ Nebuzaradane o ne a ile a mo isa moo a tlamiloe ka liketane ’me Jeremia o ne a le har’a batho ba Jerusalema le Juda ba hapuoeng, ba neng ba isoa Babilona. 2 Joale mookameli oa balebeli a nkela Jeremia ka thoko eaba o re ho eena: “Jehova Molimo oa hao o boletse khale ka tlokotsi ena e etsahetseng mona. 3 Jehova o entse feela joalokaha a boletse hobane le sitetsoe Jehova ka hore ebe ha lea mo mamela. Ke kahoo le hlahetsoeng ke tlokotsi ena.+ 4 Kajeno ke fasolla liketane tse matsohong a hao. Haeba u bona ho le molemo hore u ee le ’na Babilona, tloo ’me ke tla u hlokomela. Empa haeba u sa batle ho ea le ’na Babilona, u se ke oa ea. Ikele hohle moo u batlang ho ea teng naheng ena.”+
5 Pele Jeremia a etsa qeto ea hore a khutle, Nebuzaradane a re: “Khutla u ee ho mora oa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ eo morena oa Babilona a mo khethileng hore a okamele metse ea Juda ’me u lule le eena har’a sechaba kapa u ee hohle moo u batlang.”
Mookameli oa balebeli a mo fa lijo le mpho eaba o mo lokolla hore a tsamaee. 6 Kahoo, Jeremia a ea Mizpa+ ho Gedalia mora oa Akikame eaba o lula le eena har’a sechaba se neng se setse Juda.
7 Ka mor’a nako, balaoli bohle ba masole ba neng ba le naheng le masole a bona, ba utloa hore morena oa Babilona o khethile Gedalia mora oa Akikame hore a buse naha a be a okamele bafutsana ba banna, basali le bana naheng eo, ba neng ba sa isoa Babilona.+ 8 Kahoo, ba ea Mizpa+ ho Gedalia. E ne e le Ishmaele+ mora oa Nethania, Johanane+ le Jonathane bara ba Karea, Seraia mora oa Tanhumethe, bara ba Efai Monetofa le Jezania+ Momakathe, bona hammoho le masole a bona. 9 Mora oa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane a ba hlapanyetsa hammoho le masole a bona a re: “Le se ke la tšaba ho sebeletsa Bakalde. Lulang naheng ena, le sebeletse morena oa Babilona ’me lintho li tla le tsamaela hantle.+ 10 ’Na ke tla lula Mizpa e le hore ke be moemeli oa lona ho* Bakalde ba tlang ho rona. Empa le lokela ho bokella veine, litholoana tsa lehlabula le oli, le li tšele linkhong tsa lona ’me le lule metseng eo le ikabetseng eona.”+
11 Bajuda bohle ba neng ba le Moabe, Amone le Edomo hammoho le ba neng ba le linaheng tse ling tsohle le bona ba utloa hore morena oa Babilona o lumeletse Bajuda ba bang hore ba lule Juda le hore o khethile mora oa Akikame, Gedalia setloholo sa Shafane hore a ba okamele. 12 Joale Bajuda bohle ba qala ho khutla libakeng tsohle tseo ba neng ba hasantsoe ho tsona, ba tla Mizpa e naheng ea Juda ho Gedalia. Ba bokella veine le litholoana tsa lehlabula tse ngata haholo.
13 Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba masole ba neng ba le naheng, ba tla Mizpa ho Gedalia. 14 Ba re ho eena: “Na ha u tsebe hore Baalise morena oa Baamone+ o rometse Ishmaele mora oa Nethania hore a u bolaee?”+ Empa Gedalia mora oa Akikame ha aa ka a ba kholoa.
15 Johanane mora oa Karea a ea Mizpa ho Gedalia ka lekunutu eaba o re ho eena: “E-re ke e’o bolaea Ishmaele mora oa Nethania, ha ho motho le ea mong ea tla tseba. Ho seng joalo, o tla u bolaea ebe batho bohle ba Juda ba tlas’a puso ea hao baa hasanngoa, Bajuda ba setseng ba tla shoa.” 16 Empa Gedalia+ mora oa Akikame a re ho Johanane mora oa Karea: “U se ke oa etsa joalo hobane ntho eo u e buang ka Ishmaele ke leshano.”
41 Ka khoeli ea bosupa, Ishmaele+ mora oa Nethania e leng mora oa Elishama, ea tsoang lelokong la borena ebile e le e mong oa banna ba ka sehloohong ba morena, a tla Mizpa+ ho Gedalia mora oa Akikame hammoho le banna ba bang ba leshome. Ha ba ntse ba ja lijo hammoho moo Mizpa, 2 Ishmaele mora oa Nethania le banna ba leshome ba neng ba e-na le eena ba ema ’me ba bolaea mora oa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane ka sabole. A bolaea monna eo morena oa Babilona a neng a mo behile hore a okamele naha. 3 Ishmaele a bolaea Gedalia le Bajuda bohle ba neng ba le pel’a Gedalia, Mizpa. A bolaea le masole a Bakalde a neng a le moo.
4 Ka letsatsi la bobeli Gedalia a bolailoe, pele mang kapa mang a tseba ka taba ena, 5 ha fihla banna ba 80 ba tsoang Shikeme,+ Shilo+ le Samaria.+ Ba fihla ba beotse litelu, ba tabotse liaparo tsa bona, ba itšehile,+ ba nkile libano tse tšoeu le lijo* tseo ba neng ba il’o li nyehela+ ka tlung ea Jehova. 6 Kahoo, Ishmaele mora oa Nethania a tloha Mizpa ho ea ba khahlanyetsa, a tsamaea a ntse a lla. Ha a teana le bona a re: “Tloong ho Gedalia mora oa Akikame.” 7 Ha ba fihla motseng, Ishmaele mora oa Nethania le banna bao a neng a e-na le bona ba ba bolaea eaba ba ba lahlela ka sekoting.
8 Empa banna ba leshome har’a bona ba re ho Ishmaele: “U se ke oa re bolaea etsoe re na le lijo tseo re li patileng naheng. Ke koro, harese le mahe a linotši.” Kahoo, a ithiba hore a se ke a ba bolaea hammoho le bana ba bo bona. 9 Joale Ishmaele a lahlela litopo tsohle tsa banna bao a neng a ba bolaile ka sekoting se seholo. Sekoti seo se ne se entsoe ke Morena Asa ha a hlasela Morena Baasha oa Iseraele.+ Ishmaele mora oa Nethania o ile a tlatsa sekoti seo ka litopo tsa banna bao.
10 Ishmaele a hapa batho bohle ba neng ba le Mizpa+ hammoho le barali ba morena le batho bohle ba neng ba setse Mizpa, bao Nebuzaradane mookameli oa balebeli a neng a ba behile tlhokomelong ea Gedalia+ mora oa Akikame. Ishmaele mora oa Nethania a ba hapa ’me a tloha a tšelela ho Baamone.+
11 Ha Johanane+ mora oa Karea le balaoli bohle ba masole ba neng ba e-na le eena ba utloa ka lintho tsohle tse mpe tseo Ishmaele mora oa Nethania a li entseng, 12 ba tsamaea le banna bohle ho ea loantša Ishmaele mora oa Nethania. Ba mo fumana Gibeone pel’a letamo le leholo.*
13 Batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile ba thaba ha ba bona Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba sesole ba neng ba e-na le eena. 14 Eaba batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile Mizpa+ ba khutlela ho Johanane mora oa Karea. 15 Empa Ishmaele mora oa Nethania le banna ba robeli ba neng ba e-na le eena ba phonyoha matsohong a Johanane, ba balehela ho Baamone.
16 Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba sesole ba neng ba e-na le eena ba khutla le batho bohle ba hapiloeng Mizpa, bao ba ba pholositseng matsohong a Ishmaele mora oa Nethania ka mor’a hore a bolaee Gedalia+ mora oa Akikame. Ba khutla le banna, masole, basali, bana le liofisiri tsa lekhotla ho tsoa Gibeone. 17 Kahoo, ba tsamaea eaba ba lula ha Kimhame pel’a Bethlehema+ ka morero oa ho theohela Egepeta+ 18 ka lebaka la Bakalde. Ba ne ba ba tšohile kaha Ishmaele mora oa Nethania o ne a bolaile Gedalia mora oa Akikame, eo morena oa Babilona a neng a mo khethile hore a okamele naha.+
42 Balaoli bohle ba sesole, Johanane+ mora oa Karea, Jezania mora oa Hoshaia le sechaba sohle, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui, ba tla 2 ’me ba re ho moprofeta Jeremia: “Re kopa u re hauhele, u re rapelle ho Jehova Molimo oa hao molemong oa batho bohle ba setseng+ etsoe re ne re le bangata empa re se re le ’maloa joalokaha u bona. 3 E se eka Jehova Molimo oa hao a ka re bolella tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona le hore na re etse’ng.”
4 Eaba moprofeta Jeremia o re: “Ke le utloile ’me ke ntse ke rapela Jehova Molimo oa lona joalokaha le nkopile. Ke tla le bolella hore na Jehova o itseng ha a le araba, nke ke ka le patela letho.”
5 Ba re ho Jeremia: “Jehova e ke e be paki ea ’nete le e tšepahalang e tla re ahlola haeba re ke ke ra hlompha litaelo tsohle tseo Jehova Molimo oa hao a tlang ho re fa tsona ka uena. 6 Re tla mamela Jehova Molimo oa rona eo re u romang ho eena ebang re rata litaelo tseo a re fang tsona kapa che. Re tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa rona e le hore lintho li tle li re tsamaele hantle.”
7 Ka mor’a matsatsi a leshome Jehova a bua le Jeremia. 8 Kahoo, a bitsa Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba sesole ba neng ba e-na le eena le sechaba sohle, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui.+ 9 A re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele, eo le itseng ke le kopele mohau ho eena o re: 10 ‘Haeba ruri le tla lula naheng ena, ke tla le haha, nke ke ka le liha. Ke tla le hloma, nke ke ka le fothola etsoe ke tla utloa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo ke le baketseng eona.+ 11 Le se ke la tšosoa ke morena oa Babilona eo le mo tšabang.’+
Jehova o re: ‘Le se ke la mo tšaba etsoe ke na le lona e le hore ke le pholose le ho le lopolla matsohong a hae. 12 Ke tla le hauhela ’me morena oa Babilona o tla le hauhela,+ a le khutlisetse naheng ea lona.
13 Empa haeba le ka re: “Re ke ke ra lula naheng ena,” ebe ha le mamele Jehova Molimo oa lona 14 ’me le re: “Re ka mpa ra ea naheng ea Egepeta,+ moo re ke keng ra bona ntoa, ra utloa molumo oa lenaka kapa ra lapela bohobe. Ke hona moo re tla lula teng.” 15 Joale mamelang Jehova lona ba setseng ba Juda. Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: “Haeba le ikemiselitse ho ea Egepeta ho ea lula teng,* 16 sera seo le se tšabang se tla le hlasela ka sabole hona moo naheng ea Egepeta le tlala eo le e tšabang e tla le latela ho ea fihla Egepeta ’me le tla shoella teng.+ 17 Batho bohle ba ikemiselitseng ho ea Egepeta hore ba lule teng ba tla bolaoa ka sabole, tlala le lefu la seoa. Ha ho le ea mong oa bona ea tla pholoha kapa a balehe tlokotsi eo ke tla ba tlisetsa eona.”’
18 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Haeba le ka ea Egepeta, ke tla le halefela joalokaha ke ile ka halefela baahi ba Jerusalema.+ Batho ba tla tšoha ha ba le bona. Le tla rohakoa, le songoe, le nyefoloe+ ’me ha le sa tla hlola le bona sebaka sena.’
19 Jehova o buile le lona, lona ba setseng ba Juda hore le se ke la ea Egepeta. Le tsebe hore kannete ke le lemositse kajeno 20 hore ha le ka etsa phoso eo feela, le tla shoa. Etsoe le itse ke bue le Jehova Molimo oa lona la re: ‘Re rapelle ho Jehova Molimo oa rona, u re bolelle sohle seo Jehova Molimo oa rona a tla se bua ’me re tla se etsa.’+ 21 Ke le boleletse kajeno hore na o itse’ng empa le tla hana ho mamela Jehova Molimo oa lona kapa ho etsa ntho leha e le efe eo a nthometseng hore ke le bolelle eona.+ 22 Joale tsebang hore le tla shoella sebakeng seo le batlang ho ea lula ho sona.+ Le tla bolaoa ka sabole, tlala le lefu la seoa.”
43 Ha Jeremia a qeta ho bolella batho kaofela mantsoe ana ’ohle a tsoang ho Jehova Molimo oa bona, litaba tsohle tseo Jehova Molimo oa bona a neng a mo romme hore a ba bolelle tsona, 2 Azaria mora oa Hoshaia, Johanane+ mora oa Karea le banna bohle ba iketelletsang pele ba re ho Jeremia: “U leshano! Jehova Molimo oa rona ha aa e-s’o re u tle ho rona u re: ‘Le se ke la ea Egepeta ho ea lula teng.’ 3 Empa ke Baruke+ mora oa Neria ea u hlohlelletsang hore u nehelane ka rona matsohong a Bakalde e le hore ba re bolaee kapa ba re hape ba re ise Babilona.”+
4 Kahoo, Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba sesole le batho kaofela ha baa ka ba mamela Jehova ha a re ba ’ne ba lule naheng ea Juda. 5 Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba sesole ba tsamaea le Bajuda bohle ba neng ba khutletse naheng ea Juda hore ba lule teng ba tsoa lichabeng tsohle tseo ba neng ba hasanyelitsoe ho tsona.+ 6 Ba tsamaea le banna, basali, bana, barali ba morena le motho e mong le e mong eo Nebuzaradane,+ mookameli oa balebeli a neng a mo siile le mora oa Akikame+ e leng Gedalia,+ setloholo sa Shafane+ hammoho le moprofeta Jeremia le Baruke mora oa Neria. 7 Ha baa ka ba mamela Jehova. Ho e-na le hoo, ba ea naheng ea Egepeta ba ba ba fihla Takpanese.+
8 Ha Jeremia a le Takpanese, Jehova a bua le eena a re: 9 “Nka majoe a maholo, u a pate setupung sa litene se monyako oa ntlo ea Faro e Takpanese ebe u a koahela ka samente moo banna ba Bajuda ba ntseng ba u bona. 10 U re ho bona: ‘Jehova oa mabotho e leng Molimo oa Iseraele o re: “Ke bitsa Nebukadnezare* morena oa Babilona, mohlanka oa ka.+ Ke tla beha terone ea hae holim’a majoe ana ao ke a patileng ’me o tla hloma tente ea hae ea borena holim’a ’ona.+ 11 O tla tla ’me a hlasele naha ea Egepeta.+ Ba bang ba tla bolaoa ke lefu la seoa, ba bang ba tla haptjoa athe ba bang bona ba tla bolaoa ka sabole.+ 12 Ke tla hotetsa matlo* a melimo ea Egepeta+ ’me morena oa Babilona o tla a chesa a be a hape melimo eo. O tla hapa naha ea Egepeta habonolo feela joalokaha molisa a ithatela ka seaparo sa hae ’me o tla tloha teng ka khotso.* 13 O tla roba lifika tsa Bethe-shemeshe* likoto naheng ea Egepeta ’me a chese matlo* a melimo ea Egepeta ka mollo.”’”
44 Molimo a bua le Jeremia hore a re ho Bajuda bohle ba neng ba lula naheng ea Egepeta,+ Migdole,+ Takpanese,+ Nofe*+ le Pathrose:+ 2 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Le bone tlokotsi eo ke e tliselitseng Jerusalema+ le metse eohle ea Juda ’me kajeno ke lithako tse se nang baahi.+ 3 Ke ka lebaka la bobe boo le bo entseng ka morero oa ho ntšiteloa ka ho etsa mahlabelo+ le ho sebeletsa melimo e meng eo lona kapa baholo-holo ba lona le sa kang la e tseba.+ 4 Ka ’na ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ka ba romela ka makhetlo-khetlo* ke re: “Ke kopa le se ke la etsa ntho ena e nyonyehang eo ke e hloileng.”+ 5 Empa ha lea ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le tlohele bobe ba lona ka ho se etsetse melimo e meng mahlabelo.+ 6 Kahoo, bohale ba ka bo ile ba tukela metse ea Juda le Jerusalema ’me metse eo ea senyeha, ea lula e se na baahi ho fihlela letsatsing lena.’+
7 Joale Jehova Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke hobane’ng ha le ipakela tlokotsi e kholo, tlokotsi ea hore monna e mong le e mong le mosali, ngoana le lesea, ba bolaoe Juda ’me ho se be le ea salang? 8 Ke hobane’ng ha le ntšiteloa ka mesebetsi ea lona ka ho etsetsa melimo e meng mahlabelo naheng ea Egepeta moo le ileng ho ea lula teng? Le tla shoa, le rohakoe le be le nyefoloe har’a lichaba tsohle tsa lefatše.+ 9 Na le se le lebetse liketso tsa lona tse mpe, tsa basali ba lona,+ tsa baholo-holo ba lona, tsa marena a Juda+ hammoho le tsa basali ba ’ona,+ tse entsoeng naheng ea Juda le literateng tsa Jerusalema? 10 Ho fihlela letsatsing lena ha le ikokobetse,* ha le ntlhomphe+ kapa hona ho mamela melao ea ka le litaelo tseo ke li fileng lona le baholo-holo ba lona.’+
11 Kahoo, Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke ikemiselitse ho le tlisetsa tlokotsi, ho felisa Juda eohle. 12 Ke tla nka Bajuda ba setseng ba pheheletseng ho ea lula Egepeta ’me kaofela ba tla shoella naheng ea Egepeta.+ Ba tla bolaoa ke sabole le tlala, ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui. Ba tla felisoa ke sabole le tlala. Batho ba tla tšoha ha ba ba bona, ba tla rohakoa, ba songoe ba be ba nyefoloe.+ 13 Ke tla otla ba lulang naheng ea Egepeta joalokaha ke otlile Jerusalema ka sabole, tlala le lefu la seoa.+ 14 Batho ba setseng ba Juda ba ileng Egepeta ho ea lula teng ba ke ke ba phela kapa ba phonyoha hore ba khutlele naheng ea Juda. Ba tla labalabela ho khutlela teng empa ba ke ke ba khutla. Ho tla khutla ba seng bakae feela ba phonyohileng.’”
15 Banna bohle ba neng ba tseba hore basali ba bona ba etsetsa melimo e meng mahlabelo le basali bohle ba neng ba eme moo ba entse letšoelehali le batho bohle ba neng ba phela Pathrose+ naheng ea Egepeta,+ ba araba Jeremia ba re: 16 “Re ke ke ra mamela litaba tseo u re boleletseng tsona ka lebitso la Jehova. 17 Empa re tla hle re phethe mantsoe ’ohle ao re a buileng ka hore re etsetse Mofumahali oa Leholimo* mahlabelo le linyehelo tsa lino+ feela joalokaha rona, baholo-holo ba rona, marena a rona le liofisiri tsa rona re ile ra etsa metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema, ha re ne re khora ’me re atlehile, re sa hlaheloe ke tlokotsi ho hang. 18 Hang hoba re khaotse ho etsetsa Mofumahali oa Leholimo* mahlabelo le linyehelo tsa lino, re ile ra haelloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, joale re felile ke sabole le tlala.”
19 Basali le bona ba re: “Banna ba rona ba ile ba re lumella ho etsetsa Mofumahali oa Leholimo* mahlabelo, linyehelo tsa lino le mahobe a sehlabelo a bopehileng joaloka eena.”
20 Eaba Jeremia o re ho batho bohle, e leng banna le basali ba bona le bohle ba neng ba bua le eena: 21 “Mahlabelo a entsoeng ke lona, baholo-holo ba lona, marena a lona, liofisiri tsa lona le batho ba naha metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema,+ Jehova o a hopotse ’me ha aa ka a a lebala.* 22 Qetellong Jehova o ne a se a sa khone ho mamella liketso tsa lona tse mpe le lintho tse litšila tseo le li entseng. Kahoo, naha ea lona ea senyeha, ea e-ba ntho e tšosang le e rohakiloeng, e se nang moahi joalokaha ho le joalo le letsatsing lena.+ 23 Ke hobane le entse mahlabelo ana le hobane le sitetsoe Jehova ’me ha lea mamela Jehova. Ha lea ka la mamela molao oa hae le litaelo tsa hae le likhopotso tsa hae. Ke ka lebaka leo le hlahetsoeng ke tlokotsi ena joalokaha le bona.”+
24 Jeremia a boela a re ho sechaba sohle ho akarelletsa le basali bohle: “Utloang lentsoe la Jehova, lona Bajuda bohle ba naheng ea Egepeta. 25 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Lintho tseo lona le basali ba lona le li buileng ka melomo ea lona, le li phethahalitse ka matsoho a lona hobane le itse: “Re tla hle re phethe boitlamo ba rona ba ho etsetsa Mofumahali oa Leholimo* mahlabelo le linyehelo tsa lino.”+ Lona basali le tla fela le phethe boitlamo ba lona ’me le bo tšepahalle.’
26 Joale utloang lentsoe la Jehova, lona Bajuda bohle ba lulang naheng ea Egepeta: ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka lebitso la ka le leholo hore ha ho na Mojuda+ leha e le ofe naheng eohle ea Egepeta ea tla hlola a ikana ka lebitso la ka a re: ‘Ka ’Musi oa Lintho Tsohle Jehova ea phelang!’+ 27 Ke ba behile leihlo e le hore ke ba tlisetse tlokotsi eseng ntho e molemo.+ Bajuda bohle ba naheng ea Egepeta ba tla bolaoa ke sabole le tlala ho fihlela ba fela.+ 28 Ke ba seng bakae feela ba tla phonyoha sabole ’me ba khutlele naheng ea Juda+ ba tsoa Egepeta. Bohle ba setseng ba Juda ba tlileng naheng ea Egepeta ho tla lula teng ba tla tseba hore na ha e le ’na e le bona, ea neng a bua ’nete ke mang.”’
29 Jehova o re: ‘Ke tla etsa pontšo ena bakeng sa lona e le hore le bone hore ke tla le otlela naheng ena, le tle le tsebe hore ke tla le tlisetsa tlokotsi joalokaha ke boletse. 30 Jehova o re: “Ke tla nehelana ka Faro Hofra, morena oa Egepeta matsohong a lira tsa hae le a batho ba batlang ho mo bolaea feela joalokaha ke nehelane ka Morena Tsedekia oa Juda matsohong a Morena Nebukadnezare* oa Babilona, eo e neng e le sera sa hae a bile a batla ho mo bolaea.”’”+
45 Ka selemo sa bone sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, Baruke+ mora oa Neria o ne a ngola bukeng mantsoe ao moprofeta Jeremia+ a neng a ntse a mo bolella ’ona. Eaba moprofeta Jeremia o re ho Baruke:
2 “Jehova Molimo oa Iseraele o re ho uena Baruke: 3 ‘U itse: “Ke malimabe hobane Jehova o nkekelelitse mesarelo holim’a ke se ke ntse ke utloile bohloko. Ke tepelelitsoe ke ho lla ’me ha ke na khotso.”’
4 U tle u re ho eena: ‘Jehova o re: “Ke qhaqha seo ke se hahileng ’me ke fothola seo ke se lemmeng. Ke tla etsa tjena naheng ena kaofela.+ 5 Empa uena u ntse u ipatlela* lintho tse kholo. Khaotsa ho li batla.”’
Jehova o re: ‘Etsoe ke tl’o tlisetsa batho bohle* tlokotsi+ empa uena ke tla u fa bophelo ba hao e le moputso* hohle moo u ka eang teng.’”+
46 Ana ke mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella moprofeta Jeremia ka lichaba:+ 2 O ile a bua ka Egepeta+ le lebotho la Faro Neko+ morena oa Egepeta ea ileng a hloloa ke Morena Nebukadnezare* oa Babilona a le Karkemishe pel’a Noka ea Eufrate ka selemo sa bone sa puso ea Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, a re:
4 Qhanehang lipere ’me le palame, lona banna ba lipere.
Itokisetseng ntoa, le roale lihelmete.
Leotsang marumo, le apare liaparo tsa tšepe.
5 Jehova o re: ‘Ke hobane’ng ha ke bona ba tšohile?
Baa baleha, bahlabani ba bona ba hlotsoe.
Ba balehile ke ho ferekana, bahlabani ba bona ha baa hetla morao.
Boemo ke bo tšosang.
6 Ba lebelo ha ba khone ho baleha ’me bahlabani ha ba khone ho phonyoha.
Ka leboea, pel’a lebopo la Noka ea Eufrate,
Ba khopiloe ’me ba oele.’+
7 Ke mang eo ea nyolohang joaloka Noka ea Nile
Joaloka linoka tseo metsi a tsona a khahlellanang?
E re: ‘Ke tla nyoloha, ke koahele lefatše.
Ke tla felisa motse le ba ahileng ho oona.’
9 Futuhang, lona lipere.
Le mathe ka lebelo, lona likariki.
Bahlabani ba ee,
Ba Kushe le Pute, ba tšoarang lithebe+
Le bahlabani ba Balude,+ ba sebelisang liqha ka boqhetseke.*+
10 Letsatsi leo ke la ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho. Ke letsatsi la phetetso, letsatsi la hore a iphetetse ho lira tsa hae. Sabole e tla ja ho fihlela e khotše, e tla noa mali a bona ho fihlela e khotsofetse. ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho, o tla etsa sehlabelo naheng ea leboea pel’a Noka ea Eufrate.+
Ha ho na thuso ea hore ebe u ekelitse meriana ea hao
Hobane ha ho na pheko bakeng sa hao.+
12 Lichaba li utloile ka ho tlotloloha ha hao.+
Sello sa hao se tletse motseng,
Etsoe mohlabani o thulana le mohlabani e mong
Ebe ka bobeli ba oela fatše.”
13 Jehova o buile le moprofeta Jeremia ka ho tla ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona ho tla hlasela naha ea Egepeta+ a re:
14 “Hasang molaetsa Egepeta, le o phatlalatse Migdole.+
Le o phatlalatse Nofe* le Takpanese,+
Le re: ‘Emang, le itokise
Kaha sabole e tla bolaea motho e mong le e mong ea le potolohileng.
15 Ke hobane’ng ha masole a lona a matla a hohotsoe?
Ha aa khona ho ema a tiile
Hobane Jehova o a sutumelelitse fatše.
16 A khoptjoa ka bongata ebile aa oa.
A ntse a buisana a re:
“Emang re baleheng, re khutleleng sechabeng sa habo rona, naheng ea habo rona
Etsoe sabole e bolaea batho ba bangata ka sehloho.”’
17 Ha masole ao a le moo, a phatlalatsa a re:
‘Faro morena oa Egepeta o bua haholo feela ha ho letho leo a le etsang.
O tlohetse monyetla* hore o fete.’+
18 Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho o re: ‘Ke hlapanya ka ’na
Hore o* tla fihla joaloka Tabore+ har’a lithaba,
A be joaloka Karmele+ pel’a leoatle.
19 Tlamang thoto le itokisetse ho baleha,
Lona baahi ba Egepeta.
Etsoe Nofe* e tla fetoha ntho e tšosang.
E tla chesoa,* e sale e se na baahi.+
20 Egepeta e joaloka khomo e ntle ea sethojana.*
Empa menoang e tla e futuhela e tsoa leboea.
21 Masole a eona a hiriloeng a joaloka manamane a nontšitsoeng ho tlola.
A khutletse morao eaba a baleha kaofela.
A ne a sa khone ho ema a tiile.+
Etsoe letsatsi la tlokotsi le a oetse holimo,
Nako ea ’ona ea ho ahloloa.’
22 ‘Lentsoe la eona le tšoana le molumo oa noha e balehang,
Masole a matla a ba lireng, a e sala morao a nkile lilepe
Joaloka banna ba remang lifate.*
23 Ba tla rema moru oa eona le hoja o teteane haholo,’ ke Jehova ea chong.
‘Etsoe ba bangata ho feta litsie, ha ba na palo.
24 Batho ba Egepeta ba tla tlotlolloa.
Ba tla nehelloa sechaba sa leboea.’+
25 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tla otla Amone+ molimo oa motse oa No,*+ ke otle Faro, Egepeta hammoho le melimo ea eona+ le marena a eona. Ke tla otla Faro le bohle ba mo tšepileng.+
26 Ke tla ba nehella batho ba batlang ho ba bolaea, ke ba nehelle Morena Nebukadnezare* oa Babilona+ le bahlanka ba hae. Empa ka mor’a moo, Egepeta e tla ba le baahi joaloka mehleng ea pele,’ ke Jehova ea chong.+
27 ‘Ha e le uena mohlanka oa ka Jakobo, u se ke oa tšoha.
U se ke oa haroha letsoalo, uena Iseraele.+
Etsoe ke tla u pholosa u le hole,
Ke pholose bana* ba hao naheng eo ba isitsoeng ho eona ha ba haptjoa.+
Jakobo o tla khutla ’me a phele ka khotso le khutso
Ho se na motho ea tla mo tšosa.’+
28 Jehova o re: ‘U se ke oa tšoha, uena mohlanka oa ka Jakobo etsoe ke na le uena.
47 Jehova o ile a bua le moprofeta Jeremia ka Bafilista+ pele Faro a hlasela Gaza. 2 Jehova a re:
“Bonang! Metsi a tla a tsoa leboea.
A tla tla ka sekhahla se kang sa sekhohola.
A tla koahela naha le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho eona,
Motse le baahi ba oona.
Banna ba tla bokolla,
Bohle ba lulang naheng ba tla hlaba seboko.
3 Ha ho utloahala molumo oa litlhako tsa lipere tse matla tsa ba lireng
Le oa likariki tsa bona tsa ntoa
’Me ho utloahala molumo oa mabili a tsona,
Bo-ntate ba ke ke ba khutlela ho tla pholosa bara ba bona
Kaha ba tla be ba thothomela ke letsoalo.*
4 Ho tla fihla letsatsi la hore Bafilista bohle ba felisoe.+
Bohle ba neng ba thusa Tire+ le Sidone+ ba tla felisoa.
5 Gaza e tla phumoha lefatla.*
Ashkelone e ripitliloe.+
Khutlela selateng sa hao.
Iphomolele ’me u khutse.
7 E ka khutsa joang
Jehova a e file taelo?
O e laetse hore e loantše
Ashkelone le lebopo la leoatle.”+
48 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re ka Moabe:+
“Ho malimabe Nebo+ hobane e ripitliloe.
Kiriathaime+ e hapuoe, baahi ba eona ba soabile.
Batho ba lulang libakeng tse sireletsehileng ba tlotlolotsoe ebile ba tšohile.+
2 Ba lireng ha ba sa rorisa Moabe.
Ba rerile ho mo liha ba le Heshbone+ ba re:
‘Tloong, a re feliseng Moabe hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba.’
Le uena Madmene, u lokela ho khutsa
Hobane sabole e u setse morao.
4 Moabe o oele.
Bana ba hae baa bokolla.
5 Tseleng e nyolohelang Luhithe batho ba nyoloha ba ntse ba lla.
Tseleng e theohelang, e tsoang Horonaime ba utloa batho ba llang ka lebaka la tlokotsi.+
6 Balehang, le pholoseng bophelo ba lona,
Le be joaloka sefate sa junipere lefeelleng.
7 Kaha uena Moabe u tšepile mesebetsi ea hao le maruo a hao,
U tla haptjoa.
Kemoshe+ o tla haptjoa
Le baprista ba hae le marena a mo sebeletsang.
8 Sera se felisang se tla kena motseng o mong le o mong.
Ha ho na motse o tla phonyoha.+
9 Etsetsang Moabe matšoao a tsela
Etsoe ha metse ea hae e felisoa, batho ba hae ba tla baleha.
Batho ba tla tšoha ha ba bona metse ea hae
E se nang baahi.+
10 Ho rohakoe motho ea phethang thomo ea Jehova ka ho se tsotelle,
Ho rohakoe motho ea sa bolaeeng ka sabole ea hae.
11 Bamoabe ba ’nile ba lula ba iketlile ho tloha bocheng ba bona
Joaloka veine eo litlheferetsi tsa eona li theohetseng tlase.
Ha ba e-s’o ntšoe ka nkhong ebe ba tšeloa ka ho e ’ngoe,
Ha ba e-s’o ka ba haptjoa.
Ke kahoo tatso ea bona e sa fetohang
Le monko oa bona o ntseng o tšoana.
12 Jehova o re: ‘Ka hona, matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla roma banna hore ba ketole Bamoabe. Ba tla ba thulamisa, ba qhale linkho tsa bona ’me ba pshatle linkho tsa bona tse kholo. 13 Bamoabe ba tla soabela Kemoshe molimo oa bona feela joalokaha ba ntlo ea Iseraele ba soabela melimo ea bona eo ba neng ba e tšepile ha ba le Bethele.+
14 Le se nka kae sebete sa ho re: “Re bahlabani ba matla, re itokiselitse ntoa”?+
Bahlankana ba hae ba matla haholo ba bolailoe,’+
Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho+ o cho joalo.
16 Bamoabe ba haufi le ho oeloa ke tlokotsi.
Nako ea hore ba oe e tla ka potlako.+
E-reng ho bona: ‘Molamu o matla, lere la botle le robiloe hampe hakaakang!’
18 Theoha boemong ba hao bo hlomphehang
’Me u lule fatše u nyoriloe,* uena morali ea lulang Dibone+
Hobane ea felisang Moabe o u futuhetse.
O tla felisa libaka tsa hao tse sirelelitsoeng ka thata.+
19 Ema pel’a tsela u shebelle ka hloko, uena ea lulang Aroere.+
Botsa monna le mosali ea balehang u re: ‘Ho etsahetse’ng?’
20 Moabe o hlabisitsoe lihlong ebile o tšohile.
Bokollang le hoeletse.
Phatlalatsang Arnone+ hore Moabe o ripitliloe.
21 Molimo o lihetse kahlolo holim’a sebaka se motsitsa.*+ O ahlotse motse oa Holone, Jahaze,+ Mefathe,+ 22 Dibone,+ Nebo+ le Bethe-diblathaime. 23 O boetse o ahlotse Kiriathaime,+ Bethe-gamule, Bethe-meone,+ 24 Keriothe,+ Bozra le metse eohle ea naha ea Moabe, e hole le e haufi.
26 Etsang hore a tahoe+ etsoe o ikhohomoselitse Jehova.+
Moabe o pitika mahlatseng a hae
Ebile oa songoa.
27 Na le ne le sa some Iseraele?+
Na o fumanoe har’a masholu
Hore ebe lea mo nyatsa le bile le mo sisinyetsa lihlooho?
28 Tlohang metseng ’me le lule mafikeng, lona baahi ba Moabe,
Le be joaloka leeba le iketsetsang sehlaha lilomong.’
29 Re utloile ka boikakaso ba Moabe, o ikhohomosa haholo.
Re utloile ka boikhantšo ba hae, boikakaso, boikhohomoso le ho iphahamisa ha hae.*+
30 Jehova o re: ‘Ke tseba kamoo a leng bohale kateng
Empa lipuo tsa hae tse se nang thuso li tla fela.
Ha ho letho leo Bamoabe ba tla le etsa.
31 Ke ka lebaka leo ke tla llela Moabe.
Ke tla bokolla ka lebaka la Bamoabe kaofela,
Ke llele banna ba Kire-hereshe.+
Mahlomela a hao a tlokomang a tšetse leoatle.
A fihlile leoatleng, a fihla Jazere.
Sera se futuhetse+
Litholoana tsa hao tsa lehlabula le morara oa hao oo u o kotutseng.
Ke entse hore veine e khaotse ho phalla moo ho tlhotloang morara ho etsa veine.*
Ha ho ea tla e tlhotla a ntse a hoeletsa ke thabo.
Mohoo e ke ke ea e-ba oa thabo.+
34 Ho na le seboko se hlahang Heshbone,+ se fihla le Eleale.+
Baa hoeletsa, seboko sa bona se fihla Jahaze,+
Seboko se hlahang Zooare se fihla Horonaime+ le Eglathe-shelishia.
Le metsi a Nimrime a tla psha.+
35 Ke tla etsa hore
Motho ea tlisang nyehelo sebakeng se phahameng
Le ea etsetsang molimo oa hae mahlabelo a fele Moabe,’ ke Jehova ea chong.
36 ‘Ke ka lebaka leo ke* tla lla joaloka lekolilo*+ ke llela Moabe.
Ke tla lla joaloka lekolilo ke llela batho ba Kire-hereshe.
Maruo ao a nang le ’ona a tla fela.
Etsoe ke pshatlile Moabe
Joaloka nkho e lahliloeng.
39 O tšohile hakaakang. Bokollang lona baahi ba Moabe.
Moabe o balehile a soabile hakaakang!
Moabe o fetohile ntho e songoang
Le ntho e tšosang ho bohle ba mo potolohileng.’
40 Etsoe Jehova o re:
41 Metse e tla haptjoa
Le libaka tsa hae tse sirelelitsoeng ka thata li tla haptjoa.
Letsatsing leo, lipelo tsa bahlabani ba Moabe
Li tla tšoana le pelo ea mosali ea pepang.
43 Tšabo, sekoti le sefi li u emetse,
Uena moahi oa Moabe,’ ke Jehova ea chong.
44 ‘Mang kapa mang ea balehang ke letsoalo o tla oela ka sekoting.
Mang kapa mang ea nyolohang ka sekoting o tla tšoasoa ke sefi
Kaha ke tla tlisetsa Moabe kotlo ka selemo seo ke se khethileng,’ ke Jehova ea chong.
45 ‘Ba balehelang Heshbone ho fumana tšireletso, ba ke ke ba fumana thuso
Kaha mollo o tla tsoa Heshbone
Le lelakabe le tsoe Sihone.+
Lelakabe leo le tla chesa phatla ea Moabe
Le mahata a bahlabani ba ntoa.+
Bara ba hao ba hapuoe
Le barali ba hao ba hapuoe.+
47 Empa matsatsing a qetellang ke tla bokella batho ba Moabe ba hapuoeng,’ ke Jehova ea chong.
‘Kahlolo ea Moabe e fella mona.’”+
“Na Iseraele ha a na bara?
Na ha a na mojalefa?
Ke hobane’ng ha Malkame*+ a hapile Gade?+
Ke hobane’ng ha batho ba mo rapelang ba lula metseng ea Iseraele?
2 Jehova o re: ‘Matsatsi aa tla
Ao ka ’ona ke tla etsa hore mokhosi oa ntoa* o utloahale Raba+ ea Baamone.+
E tla fetoha qubu ea majoe
Metse e e potolohileng* e tla chesoa.
Iseraele o tla hapa ba nkileng naha ea hae,’+ ke Jehova ea chong.
3 ‘Bokolla, uena Heshbone hobane Ai e sentsoe.
Hoeletsang, lona metse e itšetlehileng ka Raba.
Aparang masela a hoashang.*
Bokollang le solle masakeng a majoe*
Etsoe Malkame o tla haptjoa
Hammoho le baprista ba hae le liofisiri tsa hae.+
4 Uena morali ea sa tšepahaleng, ke hobane’ng ha u ithorisa ka likhohlo,*
Ka phula ea hao e mobu o motle?*
U tšepile matlotlo a hao,
U re: “Ke mang ea tla ntlhasela?”
5 Ke u tlisetsa ntho e tšabehang
E tsoang ho bohle ba u potolohileng.
Le tla qhalakanyetsoa hohle
’Me ha ho na ea tla bokella ba balehang,’ ke ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho ea chong.
6 Jehova o boetse o re: ‘Empa ka mor’a moo ke tla bokella bara ba Baamone ba hapuoeng.’”
7 Jehova oa mabotho o re ka Edomo:
“Na ha ho sa na bohlale Temane?+
Na keletso e ntle ha e sa le eo ho ba nang le kutloisiso?
Na bohlale ba bona bo na le thuso?
8 Khutlang, le balehe.
Tsamaeang le ipate mahaheng, lona baahi ba Dedane.+
Etsoe ke tla tlisetsa Esau koluoa
Ha nako ea hore ke mo otle e fihla.
9 Haeba batho ba kotulang morara ba ne ba ka tla ho uena,
Na ba ne ba ke ke ba siea o mong?
Haeba masholu a ne a ka tla bosiu,
A ne a tla nka lintho tseo a li batlang feela.+
10 Empa ke tla hlobolisa Esau hore a sale a sa apara letho.
Ke tla senola libaka tseo a ipatang ho tsona
E le hore a se ke a khona ho ipata.
Bana ba hae, bana babo le baahisani ba hae kaofela ba tla bolaoa.+
Le eena a ke ke a hlola a phela.+
11 Ntšiee le likhutsana tsa hao.*
Ke tla li sireletsa hore li lule li phela
’Me bahlolohali ba hao ba tla ntšepa.”
12 Jehova o re: “Haeba ba sa ahloleloang ho noa kopi ba tla tlameha ho e noa, na uena u tla tloheloa feela ebe ha u fuoe kotlo? U ke ke oa tloheloa feela eaba ha u fuoe kotlo hobane u tlameha ho e noa.”+
13 Jehova o re: “Ke hlapantse ka ’na hore Bozra o tla fetoha ntho e tšosang,+ o tla nyefoloa, a ripitloe, a rohakoe ’me metse eohle ea hae e tla senyehela ruri.”+
14 Ke utloile tlaleho e tsoang ho Jehova,
Moromuoa o rometsoe har’a lichaba o re:
“Phuthehang ’me le mo* futuhele.
Itokisetseng ho loana.+
15 Ke u entse ea se nang thuso har’a lichaba.
Batho ba u nyatsa haholo.+
16 U thetsitsoe ke hore ebe batho baa u tšaba,
Oa thetsoa le ke boikhohomoso ba hao,
Uena ea balehelang* lefikeng,
Ea lulang ka holim’a thaba.
Le hoja u haha sehlaha sa hao holimo joaloka ntsu,
Ke tla u theola,” ke Jehova ea chong.
17 “Edomo o tla fetoha ntho e tšosang.+ E mong le e mong ea fetang pel’a hae o tla mo makalla, a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa hae. 18 Ha ho na motho ea tla lula Edomo ’me ha ho na motho ea tla phela teng.+ E tla tšoana le Sodoma le Gomora le metse e e potolohileng ka mor’a hore e felisoe,”+ ke Jehova ea chong.
19 “Ho na le motho ea tla futuhela makhulo a sireletsehileng a Edomo joaloka tau+ e hlahang meferong e teteaneng pel’a Jordane ’me ka motsotsoana ke tla etsa hore ba* balehe naha ea bona. Ke tla beha ea khethiloeng hore a okamele naha ea Edomo. Etsoe ke mang ea tšoanang le ’na, hona ke mang ea ka nthibang? Ke molisa ofe ea ka nkemang pele?+ 20 Ka hona, utloang qeto eo Jehova a e entseng ka Edomo le hore na o nahanne ho etsa’ng ka baahi ba Temane:+
O tla etsa hore naha ea bona e felisoe ka lebaka la liketso tsa bona.
Joang kapa joang likonyana tsa mohlape li tla hulanngoa.+
21 Ha ba oa, ho tla ba le molumo o tla etsa hore lefatše le reketle.
Ho na le seboko,
Se utloahetse ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu.+
Letsatsing leo, lipelo tsa bahlabani ba Edomo
Li tla tšoana le pelo ea mosali ea pepang.”
23 Molaetsa o eang ho Damaseka:+
“Hamathe+ le Arpade ba tšohile.
Ba utloile tlaleho e mpe.
Baa shoa ke letsoalo.
Leoatle le loebehlane.
24 Damaseka o nyahame.
O batla ho baleha empa ha a khone ka lebaka la letsoalo.
Mahlomola le bohloko lia mo otla,
O tšoana le mosali ea pepang.
25 Ho tla joang hore ebe motse oa thoriso, motse oa thabo,
Ha oa lahloa kherehloa?
26 Etsoe bahlankana ba oona ba tla oela literateng tsa oona
Le masole kaofela a tla shoa letsatsing leo,” ke Jehova oa mabotho ea chong.
27 “Ke tla chesa lerako la Damaseka.
Litora tse sirelelitsoeng ka thata tsa Ben-hadade li tla cha.”+
28 Jehova o bua ka Kedare+ le mebuso ea Hazore eo Morena Nebukadnezare* oa Babilona a ileng a e hlasela. O re:
“Emang, le nyolohele Kedare,
Le felise ba lulang Bochabela.
29 Litente tsa bona le mehlape ea bona li tla haptjoa,
Le lintho tsohle tsa bona.
Likamele tsa bona li tla haptjoa.
Ba tla ba hoeletsa ba re: ‘Hohle mona hoa tšosa.’”
30 Jehova o re: “Balehelang hole.
Tsamaeang le lule mahaheng, lona baahi ba Hazore
Etsoe Morena Nebukadnezare* oa Babilona o le reretse bobe.
O rerile ho le hlasela.
31 Phahamang, le futuhele sechaba sa batho ba nang le khotso,
Ba lutseng ba sireletsehile,” ke Jehova ea chong.
“Ha baa sireletsoa ka likeiti kapa litšepe. Ba lula thoko.
32 Likamele tsa bona li tla haptjoa
Le mehlape ea bona e tla haptjoa.
Ke tla ba tlisetsa koluoa ho tsoa mahlakoreng ’ohle,” ke Jehova ea chong.
33 “Hazore e tla ba selao sa liphokojoe,
E hloke baahi ho ea ho ile.
Ha ho na motho ea tla lula moo.
Ha ho na motho ea tla phela teng.”
34 Ha Morena Tsedekia+ oa Juda a qala ho busa, Jehova o ile a bua le moprofeta Jeremia ka Elame+ a re: 35 “ ’Na Jehova oa mabotho ke re: ‘Ke roba seqha sa Baelame+ e leng sona se ba matlafatsang. 36 Ke tla tlisa holim’a Baelame meea e mene e tsoang likhutlong tse ’nè tsa lefatše.* Ke tla ba hasanyetsa hohle. Batho ba Elame ba hasantsoeng ba tla fihla lichabeng tsohle.’”
37 Jehova o re: “Ke tla etsa hore Baelame ba tšabe lira tsa bona le ba batlang ho ba bolaea. Ke tla tlisetsa Baelame tlokotsi, bohale ba ka bo tukang. Ke tla ba nehella sabole ho fihlela ke ba felisitse.
38 Ke tla beha terone ea ka Elame+ ’me ke felise morena le liofisiri tsa Elame,” ke Jehova ea chong.
39 “Empa matsatsing a qetellang ke tla bokella batho ba Elame ba hapuoeng,” ke Jehova ea chong.
50 Jehova o ile a roma moprofeta Jeremia hore a bue tjena ka Babilona+ le naha ea Bakalde:
2 “Hasang molaetsa har’a lichaba ’me le o phatlalatse.
Phahamisang letšoao* ’me le o phatlalatse.
Le se ke la pata letho.
E-reng: ‘Babilona o hapuoe.+
Molingoana Bele o soabile.+
Molingoana Merodake o tšohile.
Litšoantšo tsa hae li soabile.
Litšoantšo tsa hae tse nyonyehang* li tšohile.’
Ha ho ea lulang ho eona.
Ho balehile motho le phoofolo.
Ba tsamaile.”
4 Jehova o re: “Matsatsing ao le nakong eo, batho ba Iseraele le ba Juda ba tla ikopanya.+ Ba tla tsamaea ba ntse ba lla+ ’me ba tla batla tataiso ho Jehova Molimo oa bona ba le ’moho.+ 5 Ba tla botsa tsela e eang Sione, lifahleho tsa bona li shebile ka nģa eo,+ ba re: ‘Tloong ’me re ikopanyeng le Jehova selekaneng se sa feleng se ke keng sa lebaloa.’+ 6 Batho ba ka ba se ba tšoana le mohlape oa linku tse lahlehileng.+ Balisa ba bona ba ba lahlile.+ Ba ba tsamaisitse lithabeng le maralleng. Batho ba ka ba lebetse sebaka sa bona sa phomolo. 7 Ha lira tsa bona li ba fumana, li ile tsa ba bolaea+ eaba li re: ‘Ha re molato hobane ba sitetsoe Jehova. Ba sitetsoe Jehova, mohloli oa ho loka le tšepo ea baholo-holo ba bona.’
9 Etsoe ke bokella le ho tlisa lihlopha tsa lichaba tse kholo
Tse tsoang naheng ea leboea hore li hlasele Babilona.+
Li tla e hlasela li ikentse ngatana-’ngoe.
E tla haptjoa.
Marumo a tsona a tšoana le a mohlabani oa ntoa
A sieang batsoali ba se na bana.+
Lichaba tseo ha li khutle li sa phetha morero.
Bohle ba hapang thepa ho eona ba tla khotsofala,”+ ke Jehova ea chong.
12 ’Mè oa lona o soabile haholo.+
’Mè oa lona ea le tsoetseng o soetsehile.
Ke sechaba se ka tlase ho lichaba tsohle,
Ke lehoatata le lefeella le se nang metsi.+
13 Babilona e ke ke ea e-ba le baahi ka lebaka la khalefo ea Jehova,+
E tla ba sebaka se se nang letho.+
Mang kapa mang ea fetang pel’a Babilona o tla e sheba a tšohile,
A letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa eona.+
14 Hlaselang Babilona ka mahlakoreng ’ohle le ikentse ngatana-’ngoe,
Lona bohle ba chehang liqha.
15 Hlabelang Babilona mokhosi oa ntoa ka mahlakoreng ’ohle.
O inehetse.*
Lipilara tsa hae li oele, marako a hae a helelitsoe.+
Etsoe Jehova oa iphetetsa.+
Iphetetseng ho Babilona.
Le mo etse ntho eo a e entseng.+
E mong le e mong o tla khutlela sechabeng sa habo ka lebaka la sabole e khopo,
E mong le e mong o tla balehela naheng ea habo.+
17 Baiseraele ke linku tse hlahlathetseng.+ Litau li ba qhalakantse.+ Morena oa Asiria o ba timelitse+ eaba Morena Nebukadnezare* oa Babilona eena o phuphura masapo a bona.+ 18 Ka hona, Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tla sebetsana le morena oa Babilona le naha ea hae ka tsela e tšoanang le eo ke ileng ka sebetsana le morena oa Asiria ka eona.+ 19 Ke tla khutlisetsa Iseraele lekhulong la hae+ ’me o tla fulela Karmele le Bashane.+ O tla khotsofala lithabeng tsa Efraime+ le Gileade.’”+
20 Jehova o re: “Matsatsing ao le ka nako eo,
Molato oa Iseraele o tla batloa
Empa ho ke ke ha fumanoa letho.
Libe tsa Juda li tla batloa empa li ke ke tsa fumanoa
Etsoe ke tla tšoarela bao ke ba tlohetseng ba ntse ba phela.”+
21 Jehova o re: “Futuhelang naha ea Merathaime ’me le futuhele baahi ba Pekode.+
Le ba rinye, le ba bolaee,
Le etse lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.
22 Ho na le molumo oa ntoa naheng,
Ho na le koluoa e kholo.
23 Hamore e thuhang lichaba tsohle tsa lefatše e khaotsoe ’me e robehile.+
Babilona e fetohile ntho e tšosang hakaakang har’a lichaba.+
24 Uena Babilona, ke u chehetse leraba ’me u tšoasehile
Empa ha oa ka oa hlokomela.
U fumanoe ’me oa tšoaroa+
Etsoe Jehova ke eena eo u mo hanyelitseng.
25 Jehova o butse ka moo a bolokelang libetsa kateng.
O ntša libetsa tsa bohale ba hae+
Hobane ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho o na le mosebetsi
Naheng ea Bakalde.
26 Hlaselang Babilona ho tsoa libakeng tse hole-hole.+
Bulang meliko ea hae.+
E se eka a ke ke a ba le ba setseng.
27 Rinyang lipohoana tsohle tsa hae.+
E se eka li ka hlajoa.
Li malimabe etsoe letsatsi la tsona le fihlile
E leng nako ea hore li ahloloe.
28 Ho utloahala seboko sa batho ba balehang,
Ba balehang naheng ea Babilona
Hore ba phatlalatse ba le Sione hore Jehova Molimo oa rona oa iphetetsa,
O iphetetsa bakeng sa tempele ea hae.+
Hlomang litente ho mo potoloha, le se ke la tlohela mang kapa mang hore a phonyohe.
Mo feng moputso o loketseng bakeng sa mosebetsi oa hae.+
Mo etseng lintho tsohle tseo a li entseng.+
O ikhohomoselitse Jehova,
O ikhohomoselitse Mohalaleli oa Iseraele.+
30 Ka hona, bahlankana ba hae ba tla shoa literateng tsa hae+
Le masole ’ohle a hae a tla bolaoa* letsatsing leo,” ke Jehova ea chong.
31 “Uena moikhohomosi,+ ke khahlanong le uena,”+ ke ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho ea chong.
“Etsoe letsatsi la hao, nako eo ke tla u ahlola ka eona, e tla tla.
Ke tla chesa metse ea hao.
Mollo o tla chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e u potolohileng.”
33 Jehova oa mabotho o re:
“Batho ba Iseraele le Juda ba hateletsoe,
Bohle ba ba hapileng ba ba tšoere.+
Ba hanne ho ba lokolla.+
34 Empa Molopolli oa bona o matla.+
Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+
Ruri o tla buella nyeoe ea batho ba hae+
E le hore a tlise khotso naheng+
A be a ferekanye baahi ba Babilona.”+
35 Jehova o re: “Bakalde ba tla bolaoa ka sabole,
Baahi ba Babilona, liofisiri tsa eona le batho ba eona ba bohlale ba tla bolaoa ka sabole.+
36 Sabole e tla tlela ba buang lintho tse se nang thuso* ’me ba ke ke ba tseba hore na ba etse’ng.
Sabole e tla tlela bahlabani ba Babilona ’me ba tla tšoha.+
37 Lipere tsa bona le likariki tsa bona tsa ntoa li tla felisoa ka sabole
Hammoho le lichaba tse Babilona tse tsoakaneng.
Li tla tšoha joaloka basali.+
Matlotlo a eona a tla felisoa ka sabole ’me a tla haptjoa.+
38 Metsi a eona a malimabe hobane a tla psha.+
Etsoe ke naha ea litšoantšo tse betliloeng.+
Ba ntse ba itšoara joaloka mahlanya ka lebaka la lipono tsa bona tse tšosang.
39 Ka hona, liphoofolo tse lulang lehoatateng li tla lula ’moho le liphokojoe*
’Me limpshe li tla lula Babilona.+
Ha e sa tla hlola e e-ba le baahi.
Ho ke ke ha hlola ho e-ba le moloko o lulang teng.”+
40 Jehova o re: “Ha ho na motho ea tla lula Babilona ’me ha ho na motho ea tla phela teng.+ E tla tšoana le Sodoma le Gomora+ le metse e e potolohileng+ ka mor’a hore Molimo a e felise.
41 Sechaba se tla se tsoa leboea.
42 Sechaba seo se hlometse ka liqha le marumo.+
Se khopo ’me ha se na mohau.+
Se tla se palame lipere
’Me molumo oa sona ekare oa leoatle le loebehlanang.+
Uena morali oa Babilona, se u hlasela se ikentse ngatana-’ngoe.+
O utloile bohloko,
Bohloko bo kang ba mosali ea pepang.
44 Ho na le motho ea tla futuhela makhulo a sireletsehileng a Babilona joaloka tau e hlahang meferong e teteaneng pel’a Jordane ’me ka motsotsoana ke tla etsa hore ba* balehe naha ea bona. Ke tla beha ea khethiloeng hore a okamele naha ea Babilona.+ Etsoe ke mang ea tšoanang le ’na, hona ke mang ea ka nthibang? Ke molisa ofe ea ka nkemang pele?+ 45 Ka hona, utloang qeto eo Jehova a e entseng ka Babilona+ le hore na o nahanne ho etsa’ng ka naha ea Bakalde.
O tla etsa hore naha ea bona e felisoe ka lebaka la liketso tsa bona.+
Joang kapa joang likonyana tsa mohlape li tla hulanngoa.
46 Ha Babilona e haptjoa, ho tla utloahala lerata ’me lefatše le tla reketla.
Ho tla utloahala seboko har’a lichaba.”+
51 Jehova o re:
2 Ke tla roma baolosi Babilona.
Ba tla mo olosa ’me ba siee naha ea hae e se na letho.
Ba tla mo futuhela ka mahlakore ’ohle letsatsing la tlokotsi.+
3 Motho ea loanang ka seqha a se ke a se sebelisa.*
Ho se ke ha e-ba le ea emang a apere seaparo sa hae se entsoeng ka tšepe.
Le se ke la qenehela bahlankana ba hae.+
Felisang masole ’ohle a hae.
5 Etsoe Iseraele le Juda ha baa arohanngoa le Molimo oa bona, Jehova oa mabotho.+
Empa naha ea bona* e molato ponong ea Mohalaleli oa Iseraele.
6 Balehang Babilona,
Le pholose bophelo ba lona+
E le hore le se ke la felisoa ka lebaka la phoso ea hae.
Ena ke nako ea hore Jehova a iphetetse.
O buseletsa Babilona lintho tseo a li entseng.+
7 Babilona e ’nile ea e-ba kopi ea khauta letsohong la Jehova,
O tahile lefatše lohle.
Lichaba li tahiloe ke veine ea hae.+
Ke ka lebaka leo li hlanyang.+
8 Babilona o oele ka tšohanyetso ’me o robehile.+
Mo lleleng.+
Mo batleleng balsame bakeng sa bohloko ba hae, mohlomong o tla fola.
9 Re lekile ho folisa Babilona empa ha aa fola.
A re mo tloheleng re tsamaee, e mong le e mong a ee naheng ea habo.+
Etsoe kahlolo ea hae e fihlile maholimong,
E phahame joaloka maru.+
10 Jehova o re tliselitse toka.+
Tloong, a re boleleng mesebetsi ea Jehova Molimo oa rona Sione.+
11 Leotsang marumo.+ Nkang lithebe.*
Jehova oa iphetetsa, o iphetetsa bakeng sa tempele ea hae.
12 Phahamisang letšoao*+ hore le lihe marako a Babilona.
Eketsang balebeli, behang masole a katang.
Hlophang ba tla lalla Bababilona.
Jehova o entse leqheka,
O tla etsa baahi ba Babilona seo a itseng o tla se etsa.+
13 Uena mosali ea lulang metsing a mangata,+
Uena ea nang le maruo a mangata,+
Ho felile ka uena le maruo ao u a bokeletseng.+
14 Jehova oa mabotho o hlapantse ka lebitso la hae a re:
‘Ke tla tlisa batho ba bangata ho uena, ba tla ba bangata joaloka litsie.
Ba tla hoeletsa ba thabile hobane ba u hlotse.’+
16 Lentsoe la hae le etsa hore
Metsi a maholimong a loebehlane,
O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše.
17 Motho e mong le e mong o etsa lintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo.
Motho e mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng+
Etsoe litšoantšo* tsa hae tse entsoeng ka tšepe lia thetsa
18 Ha li na thuso,+ li lokeloa ke ho songoa.
Ha letsatsi la kahlolo le fihla, li tla timela.
19 Empa Molimo oa Jakobo ha a tšoane le lintho tsena.
Ke eena ea entseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe
Le lere la lefa la hae.+
Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+
20 U molangoana oa ka, sebetsa sa ntoa.
Ke tla thuha lichaba ka uena.
Ke tla felisa mebuso ka uena.
21 Ke tla robakanya pere le mopalami oa eona ka uena,
Ke robakanye kariki ea ntoa le mopalami oa eona ka uena.
22 Ke tla robakanya monna le mosali ka uena,
Ke robakanye ntate-moholo le moshanyana ka uena,
Ke robakanye le mohlankana le moroetsana ka uena.
23 Ke tla robakanya molisa le mohlape oa hae ka uena,
Ke robakanye sehoai le mehlape ea hae ka uena,
Ke boele ke robakanye babusi le batlatsi ba babusi ka uena.
24 Ke tla buseletsa Babilona le baahi bohle ba Kalde
Bakeng sa bokhopo bohle boo ba bo entseng Sione ka pel’a mahlo a lona,”+ ke Jehova ea chong.
Ke tla otlolla letsoho ke u hlasele ’me ke u lihe mafikeng,
Ke u etse thaba e chesitsoeng.”
26 Jehova o re: “Batho ba ke ke ba nka lejoe la sekhutlo kapa lejoe la motheo ho uena
Hobane u tla lula u se na baahi ho ea ho ile.+
27 Phahamisang letšoao* naheng.+
Letsang lenaka har’a lichaba.
Khethang* lichaba tse tla loantša Babilona.
Mo bitsetseng mebuso ea Ararate,+ Mini le Ashkenaze.+
Laelang ofisiri ea sesole hore e mo loantše.
Nyollang lipere joaloka litsie tse ngata.
28 Khethang* lichaba hore li mo hlasele
Le marena a Media,+ babusi ba eona, batlatsi bohle ba babusi ba eona
Le linaha tsohle tse pusong ea bona.
29 Lefatše le tla reketla le thothomele
Etsoe Jehova o tla phethahatsa lintho tseo a li rerileng ka Babilona,
A etse hore naha ea Babilona e be ntho e tšosang e se nang baahi.+
30 Bahlabani ba Babilona ba khaolitse ho loana.
Ba lutse libakeng tsa bona tse sirelelitsoeng ka thata.
Matlo a eona a chesitsoe.
Mekoallo ea eona e robehile.+
31 Moromuoa o kopana le moromuoa e mong
Le motlalehi o kopana le motlalehi e mong
Ha ba e’o tlalehela morena oa Babilona hore motse oa hae o hapuoe kaofela+
Hore likepe tsa loli li chesitsoe
Le hore masole a tšohile.”
33 Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re:
“Morali oa Babilona o tšoana le seotlo.
Ke nako ea ho mo hatakela.
Haufinyane nako ea kotulo e tla mo fihlela.
34 Morena Nebukadnezare* oa Babilona o nkoentse.*+
O mpherekantse.
O mpehile joaloka sejana se se nang letho.
O nkoentse joaloka noha e kholo.+
O tlatsitse mpa ea hae ka lintho tsa ka tse monate.
O ntahletse koana.
35 Mosali ea lulang Sione o re: ‘Babilona a ke a tsoe maqeba ao ke a ntšitsoeng.’+
Jerusalema o re: ‘Baahi ba Kalde ba ke ba be molato oa tšollo ea mali a ka.’”
36 Ka hona Jehova o re:
Ke tla pshesa leoatle la hae, ke pshese liliba tsa hae.+
37 Babilona o tla fetoha liqubu tsa majoe,+
Selao sa liphokojoe,+
Ntho e tšosang e bileng e letsetsoang mololi,
E se nang baahi.+
38 Kaofela ba* tla puruma joaloka litau tse matla.
Ba tla rora joaloka litaoana.”
39 Jehova o re: “Ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete ’me ke tla ba tahisa
E le hore ba thabe.+
Joale ba tla roballa ruri
’Me ba ke ke ba tsoha.+
41 Bonang kamoo Sheshake* e hapuoeng kateng+
Le kamoo ba hapileng motse o neng o rorisoa ke lefatše lohle kateng.+
Babilona e fetohile ntho e tšosang haholo har’a lichaba.
42 Leoatle le nyolohetse Babilona.
Le mo koahetse ka maqhubu a lona.
43 Metse ea hae e fetohile ntho e tšosang, lehoatata, naha e se nang metsi.
E fetohile naha eo ho se nang motho ea tla lula ho eona le ea tla feta ho eona.+
Lichaba ha li sa tla hlola li phallela ho oona
Le lerako la Babilona le tla oa.+
45 Tsoang ho eena, sechaba sa ka.+
Balehang le tle le pholohe+ bohale bo tukang ba Jehova.+
46 Le se ke la ba boi kapa la tšosoa ke tlaleho e tla utloahala naheng.
Ka selemo se seng tlaleho eo e tla tla
Ebe selemong se latelang ho tla tlaleho e ’ngoe
Ea ntoa lefatšeng le ea babusi ba loantšanang.
47 Ka hona, matsatsi aa tla
Ao ka ’ona ke tla felisa litšoantšo tse betliloeng tsa Babilona.
Naha eohle ea hae e tla tlotlolloa.
Batho bohle ba hae ba bolailoeng ba tla rapalla hohle Babilona.+
48 Maholimo le lefatše le tsohle tse ho tsona
Li tla hoeletsa li thabile ha Babilona a oa,+
Etsoe ba tl’o mo felisa ba tla tla ho eena ba tsoa leboea,”+ ke Jehova ea chong.
49 “Babilona ha aa bolaea batho ba tsoang Iseraele feela+
Empa le batho ba tsoang lefatšeng lohle ba shoeletse Babilona.
50 Lona ba phonyohileng sabole, le ’ne le tsamaee, le se ke la ema.+
Lona ba hole, hopolang Jehova.
E se eka le ka hopola Jerusalema.+
51 Re tlotlolotsoe, re utloile mantsoe a re nyefolang.
52 Jehova o re: “Ka hona, matsatsi aa tla,
Ao ka ’ona ke tla felisa litšoantšo tse betliloeng tsa Babilona
’Me naheng eohle ea hae batho ba tsoileng likotsi ba tla bobola.”+
53 Jehova o re: “Esita le haeba Babilona a ka nyolohela maholimong+
Le haeba a ka tiisa libaka tsa hae tse sirelelitsoeng ka thata,
Ke tla tlisa batho ba tl’o mo felisa.+
54 Utloang. Ho na le seboko Babilona,+
Molumo oa koluoa e mpe e tsoang naheng ea Bakalde,+
55 Jehova o felisa Babilona.
O tla tholisa lentsoe la hae le leholo,
Lerata le etsoang ke lira tsa hae le tla tšoana le la maqhubu a leoatle.
Molumo oa lentsoe la tsona o tla utloahala.
56 Ea timetsang o tla tla Babilona.+
Bahlabani ba hae ba tla haptjoa.+
Liqha tsa bona li tla robakanngoa
Etsoe Jehova ke Molimo oa phetetso.+
O tla fela a iphetetse.+
57 Ke tla tahisa liofisiri tsa hae le banna ba hae ba bohlale,+
Babusi ba hae, batlatsi ba babusi ba hae le bahlabani ba hae.
Ba tla roballa ruri
’Me ba ke ke ba tsoha,”+ Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho ke eena ea chong.
58 Jehova oa mabotho o re:
“Le hoja lerako la Babilona le le sephara, le tla heletsoa,+
Le hoja likeiti tsa hae li phahame, li tla chesoa ka mollo.
Batho ba tla sehlela lefeela.
Lichaba li tla sebetsa ka thata hore feela li beseletse mollo.”+
59 Ena ke taelo eo moprofeta Jeremia a ileng a e fa mora oa Neria+ e leng Seraia setloholo sa Mahaseia. O mo file taelo ena ha a ne a ea Babilona le Morena Tsedekia oa Juda ka selemo sa bone sa puso ea hae. Seraia e ne e le mohlokomeli oa lebotho la ntoa. 60 Jeremia a ngola ka tlokotsi eohle e neng e tla tlela Babilona bukeng, mantsoe ana ’ohle a ngotsoeng ka Babilona. 61 Ho feta moo, Jeremia a re ho Seraia: “Ha u fihla Babilona, u balle mantsoe ana ’ohle holimo. 62 Ebe u re: ‘Jehova, u itse motse ona o tla felisoa, ha ho motho ea tla lula teng kapa phoofolo e tla lula ho oona ebile o tla fetoha sebaka se se nang letho ho ea ho ile.’+ 63 Ha u qetile ho bala buka ena, u e tlamelle lejoeng ebe u e lahlela bohareng ba Noka ea Eufrate. 64 Ka mor’a moo u re: ‘Babilona e tla teba tjena ’me e ke ke ea hlola e phahama+ ka lebaka la tlokotsi eo Molimo a e tlisetsang eona. Baahi ba eona ba tla khathala.’”+
Mantsoe a Jeremia a fella mona.
52 Tsedekia+ o ne a le lilemo li 21 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna. 2 Tsedekia o ile a etsa lintho tsohle tseo Jojakime a li entseng tse sa thabiseng Jehova.+ 3 Lintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba li etsa li ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pel’a mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena oa Babilona.+ 4 Ka la leshome khoeling ea leshome ha Morena Tsedekia a e-na le lilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare* oa Babilona a tla le masole ’ohle a hae ’me a hlasela Jerusalema. Ba hloma litente pel’a eona ’me ba haha lerako le e pota-potileng ka hohle ho e thibella.+ 5 Kahoo, motse oa thibelloa ho fihlela Morena Tsedekia a e-na le lilemo tse 11 a busa.
6 Ka letsatsi la borobong khoeling ea bone,+ ho ile ha e-ba le tlala e kholo motseng ’me batho ba ne ba se na lijo naheng eo.+ 7 Qetellong lerako la motse la heletsoa ’me masole ’ohle a baleha motseng bosiu. A tsoa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabeli e haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse. A ’na a baleha ka tsela ea Araba.+ 8 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a fumana Tsedekia+ lehoatateng la Jeriko. Masole ’ohle a hae a ne a balehile. 9 A tšoara Morena Tsedekia a mo tlisa Ribla ho morena oa Babilona naheng ea Hamathe eaba oa mo ahlola. 10 Morena oa Babilona a bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae. A bolaela le likhosana tsohle tsa Juda Ribla. 11 Ka mor’a moo, morena oa Babilona a foufatsa Tsedekia,+ a mo tlama ka liketane tsa koporo, a mo tlisa Babilona ’me a mo koalla ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
12 Ka letsatsi la leshome khoeling ea bohlano, e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane mookameli oa balebeli ebile e le mohlokomeli oa morena oa Babilona, a tla Jerusalema.+ 13 A chesa ntlo ea Jehova,+ ntlo ea morena* le matlo ’ohle a Jerusalema. A boela a chesa matlo ’ohle a maholo. 14 Masole ’ohle a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako a neng a pota-potile Jerusalema.+
15 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena oa Babilona le ba bang kaofela bao e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.+ 16 Empa Nebuzaradane mookameli oa balebeli a siea ba bang ba batho ba futsanehileng ka ho fetisisa hore ba sebetse e le balemi ba morara le lihoai tse sebelisoang ka thata.+
17 Bakalde ba pshatla lipilara tsa koporo+ tse neng li le ntlong ea Jehova, literoli+ le Tanka* ea koporo,+ tse neng li le ka tlung ea Jehova ’me ba isa koporo eo eohle Babilona.+ 18 Ba nka le linkho, likharafu, lintho tse timang mollo, likotlolo,+ likopi+ le lintho tsohle tse neng li sebelisoa tempeleng tse entsoeng ka koporo. 19 Mookameli oa balebeli a nka libeisine,+ lipane tsa mollo, likotlolo, linkho, liluloana tsa lebone,+ likopi le likotlolo tse entsoeng ka khauta ea ’nete le silevera ea ’nete.+ 20 Koporo ea lipilara tse peli, Tanka,* ea lipoho tse 12 tsa koporo+ tse neng li le tlas’a Tanka le ea literoli tseo Solomone a neng a li etselitse ntlo ea Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa khonehe hore e methoe.
21 Ha e le lipilara, pilara ka ’ngoe e ne e le bophahamo ba limithara tse robeli,* e ne e ka fasoa ka khoele e bolelele ba limithara tse ka holimonyana ho tse hlano,*+ botenya ba eona e ne e le bophara ba lisenthimithara tse ka bang supa* hape e ne e le sekoti. 22 Hlooho ea pilara e ne e le ea koporo, bophahamo ba hlooho eo e ne e le limithara tse ka holimonyana ho tse peli.*+ Letanta* le likharenate tse neng li khabisitse hlooho li ne li entsoe ka koporo. Pilara ea bobeli e ne e tšoana le pilara ea pele le likharenate li ne li tšoana. 23 Ho ne ho e-na le likharenate tse 96 ka mahlakoreng. Likharenate tsohle tse neng li potolohile letanta li ne li le 100.+
24 Mookameli oa balebeli a boela a nka Seraia+ moprista e moholo, Sofonia+ moprista oa bobeli le balebeli ba bararo ba monyako.+ 25 A boela a nka mookameli a le mong oa lekhotla eo e neng e le mookameli oa masole, metsoalle e supileng ea Morena Tsedekia e neng e le motseng, mongoli oa mookameli oa masole ea neng a bokella masole ha a ea ntoeng le banna ba 60 ba ileng ba fumanoa motseng. 26 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba nka ’me a ba isa Ribla ho morena oa Babilona. 27 Morena oa Babilona a ba bolaela Ribla+ naheng ea Hamathe. Eaba Bajuda ba tlosoa naheng ea bona baa haptjoa.+
28 Bana ke batho bao Nebukadnezare* a ba hapileng: Ka selemo sa bosupa sa puso ea hae, a hapa Bajuda ba 3 023.+
29 Ka selemo sa bo18 sa puso ea Nebukadnezare,*+ batho ba 832 ba ile ba tlosoa Jerusalema.
30 Ka selemo sa bo23 sa puso ea Nebukadnezare,* Nebuzaradane mookameli oa balebeli a hapa Bajuda ba 745.+
Batho bohle ba neng ba hapuoe ba ne ba le 4 600.
31 Ka selemo sa bo37 Morena Jojakine+ oa Juda a hapuoe, ka letsatsi la bo25 khoeling ea bo12, Morena Evile-merodake oa Babilona a hauhela* Morena Jojakine oa Juda ’me a mo ntša teronkong selemong seo e bileng morena ka sona.+ 32 O ile a mo tšoara hantle ’me a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuoe le eena Babilona. 33 Jojakine a hlobola liaparo tseo a neng a li apara teronkong, a jella tafoleng ea morena kamehla bophelo bohle ba hae. 34 O ne a lula a fuoa lijo tse tsoang ho morena oa Babilona letsatsi le leng le le leng, bophelo bohle ba hae ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
Mohlomong le bolela “Jehova oa Phahamisa.”
Kapa: “khethile.”
Kapa: “qolla.”
Ka Seheberu: “pele u tsoa ka popelong.”
Kapa: “mocha.”
Kapa: “Ke u boleletse hore na u re’ng.”
Ka Seheberu: “ea tsohileng.”
Kapa: “pitsa e kholo.”
Kapa: “mosi oa sehlabelo.”
Ka Seheberu: “itlama letheka.”
Kapa: “lerato.”
Ka Seheberu: “Jehova o hokae.”
Kapa: “naheng ea serapa sa lifate tsa litholoana.”
Kapa: “lefa.”
Ka Seheberu: “Jehova o hokae?”
Kapa: “libakeng tse lebopong la leoatle.”
Mohlomong letlapeng.
Kapa: “Memfise.”
E leng nokana e tsoang Nokeng ea Nile.
Ho buuoa ka carbonate of soda.
Ka Seheberu: “khoeli.”
Kapa: “melimo esele.”
Kapa: “mabanta a lenyalo?”
Ka Seheberu: “Moarabia.”
Ka Seheberu: “U phatla e kang ea.”
Ka Seheberu: “sosobanyetsa sefahleho.”
Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “melimo esele.”
Kapa mohlomong: “monna.”
Ka Seheberu: “ea pelo ea ka.”
Kapa mohlomong: “ba le tsamaise ka.”
Ka Seheberu: “mabotho a lichaba.”
Ho buuoa ka Baale.
Kapa: “litšoantšo tsa hao.”
E leng Jehova.
Kapa: “palo.”
Kapa: “le ikotle lifubeng.”
Kapa: “o tla felloa ke sebete.”
Mokhabo-puo oa mothofatso, oo mohlomong o bontšang khauho kapa kutloelo-bohloko.
Balebeli ba shebileng motse e le ho bona hore na ba ka o hlasela neng.
Ka Seheberu: “Mala a ka.”
Ka Seheberu: “marakong a pelo ea ka.”
Kapa mohlomong: “Mohoo oa batho ba hlaselang.”
Kapa: “palo.”
Kapa: “ka ikoahlaea.”
Kapa mohlomong: “ea kulang.”
Ka Seheberu: “ha baa ka ba fokola.”
Ka Seheberu: “lifahleho.”
Ka Seheberu: “tsela.”
Ka Seheberu: “tsela.”
Ka Seheberu: “marapo.”
Kapa mohlomong: “Ha a eo.”
E leng molomo oa Jeremia.
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Kapa: “ba lipelo li manganga ebile li tletse borabele.”
Ka Seheberu: “libeke tse khethiloeng tsa kotulo.”
Kapa: “Motse oa Sione.”
Ka Seheberu: “Litsebe tsa bona ha lia bolla.”
Ka Seheberu: “ba atetsoeng ke matsatsi.”
Kapa: “taelo.”
Lehlaka le nkhang hamonate.
Kapa: “Matsoho a rona aa tepella.”
E leng Jeremia.
Ho buuoa ka mehaho eohle ea tempele.
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Kapa: “mosi oa sehlabelo.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng ke bua.”
Tlotla ea molimo oa mosali ea neng a rapeloa ke Baiseraele ba bakoenehi. Mohlomong ke molimo eo ba neng ba re o etsa hore basali ba be le bana.
Kapa: “halefisang; phephetsang.”
Kapa: “merero.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng letsatsi le leng le le leng ’me ke ba romela.”
Ka Seheberu: “ba satalalitse melala.”
Ka Seheberu: “bo khaotsoe melomong ea bona.”
Kapa: “moriri o sa kutoang; oa boinehelo.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Kapa: “ho seng mohla e kileng ea fihla pelong ea ka.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Kapa mohlomong: “motlathomo.”
Kapa: “ho falla.”
Kapa: “taelo.”
Kapa: “lifeiga.”
Kapa: “upelloa.”
Kapa: “setlolo se folisang.”
Kapa: “mofolisi.”
Ho hloekisa tšepe ka ho e qhibilihisa mollong.
Ka Seheberu: “oa mo lalla.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “litlhafunelong.”
Ka Seheberu: “bolla.”
Temana ea 11 e ne e ngotsoe ka Searame.
Kapa: “kutloisiso.”
Kapa: “moholi.”
Kapa mohlomong: “mekoallo ea metsi.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “liemahale.”
Kapa: “phefumoloho.”
E leng Jerusalema.
Kapa: “tjekeletsa.”
Kapa: “robeha.”
E leng moo liphokojoe li lulang.
Ho bonahala hore mona ho ne ho buuoa le Jeremia.
Kapa: “Ha ho be joalo.”
Ka Seheberu: “Ke tsoha hoseng ke eletsa.”
Kapa: “mosi oa sehlabelo.”
E leng Jeremia.
E leng mahlabelo a etsetsoang tempeleng.
E leng Juda.
Ka Seheberu: “liphio.”
Ka Seheberu: “liphio,” e leng menahano le maikutlo a bona.
Ho bonahala eka mona Molimo o bua le Jeremia.
Kapa: “e matheba-theba.”
Kapa mohlomong: “Ea lla.”
Ka Seheberu: “nama leha e le efe.”
Kapa: “mofumahali.”
Kapa: “li etselitsoe thibella.”
Kapa: “Moethiopia.”
Ho buuoa le Jerusalema.
Kapa: “batho ba maemo a tlase.”
Kapa: “liforong.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “mashano a lipelo tsa bona.”
Kapa: “litšoantšo tse rapeloang.”
Kapa mohlomong: “mefuta e mene ea likahlolo.” Ka Seheberu: “malapa a mane.”
Kapa mohlomong: “U ntse u tsamaea ka santhao.”
Kapa: “ho ikutloa ke soabile.”
Kapa mohlomong: “Letsatsi la hae le soabile le bile le tlotlolohile.”
Ho bonahala eka mona ho buuoa le sechaba sa Juda.
Ka Seheberu: “oa ntlosa.”
Ka Seheberu: “Mantsoe a hao a ile a fumanoa eaba kea a ja.”
Kapa: “U ntlatsitse ka molaetsa oa nyatso.”
Kapa: “U tla ba molomo oa ka.”
Lintho tseo bahetene ba neng ba li etsa ha ba hlokahalletsoe, tseo ho bonahalang hore li ne li etsoa ke Baiseraele ba bakoenehi.
Ka Seheberu: “litsela tsa bona.”
Ka Seheberu: “litopo tsa litšoantšo tsa bona.”
Kapa: “lefa la leshano.”
Kapa mohlomong: “u hotelitsoe joaloka mollo bohaleng ba ka.”
Kapa: “monna ea matla.”
Ka Seheberu: “Ea etsang nama letsoho la hae.”
Kapa: “monna ea matla.”
Kapa mohlomong: “e ke ke ea phekoloa.”
Ka Seheberu: “liphio.”
Kapa: “ka ho hloka toka.”
Ka Seheberu: “Ba nkoenehelang.” Ekare ea koeneheloang ke Jehova.
Kapa: “ba felise ka tšenyo e fetang eo habeli.”
Ka Seheberu: “ba satalatsa melala ea bona.”
Kapa: “boroa.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “joalokaha ho ne ho bonahala ho nepahetse mahlong a sebopi hore se etse joalo.”
Kapa: “ke tla ikutloa ke soabile.”
Kapa: “ke tla ikutloa ke soabile.”
Ka Seheberu: “etsa.”
Kapa: “mosi oa sehlabelo.”
Kapa: “tse sa hahoang hantle.”
Ka Seheberu: “Ke tla ba bontša mokokotlo, eseng sefahleho.”
Kapa: “tataiso.”
Ka Seheberu: “re mo otle ka leleme.”
Kapa: “matla a sabole.”
Ka Seheberu: “Keiting ea Mangeta.”
Kapa: “ho seng mohla e kileng ea fihla pelong ea ka.”
Ka Seheberu: “ba satalalitse melala hore ba se ke ba.”
Ka Seheberu: “liphio.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “thepa e hapuoeng.”
Ka Seheberu: “ke tjametse motse ona bakeng sa.”
Kapa: “phuleng.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
O boetse o bitsoa Joakaze.
Ho bonahala taelo ena e ne e fuoa Jerusalema.
O boetse o bitsoa Jojakine le Jekonia.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Uena lefatše, lefatše, lefatše.”
Ka Seheberu: “matsatsing a hae.”
Kapa: “lehlomela.”
Kapa: “naheng.”
Ka Seheberu: “Masapo a ka.”
Kapa: “batho ba sa tšepahalleng Molimo.”
Kapa: “mphetohetse.”
Ka Seheberu: “tiisa matsoho a.”
Kapa: “Ba le tšepisa lefeela.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lifeiga.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
O boetse o bitsoa Jojakine le Konia.
Kapa mohlomong: “lihahi tsa lerako le sireletsang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa mohlomong: “ho.”
Ka Seheberu: “Eaba ke tsoha hoseng ’me kea bua.”
Ka Seheberu: “a tsoha hoseng ’me a ba romela.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “bitsa morena oa Babilona le sechaba seo hore ba ikarabelle.”
Kapa: “litlhafunelong.”
Ho bonahala hore Sheshake ke lebitso le leng la Babele (Babilona).
Kapa: “malebana le.”
Kapa: “inama.”
Kapa: “ikutloa ke soabile.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “bao ke tsohileng hoseng ke ba romela.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ikutloa a soabile.”
Ka Seheberu: “ka lebitso la.”
Ka Seheberu: “thaba ea Ntlo.”
Kapa: “libaka tse phahameng tse morung.”
Kapa: “ikutloa a soabile.”
Kapa: “Tsedekia,” ho latela meqolo e meng ea khale.
Ka Seheberu: “otlolohileng.”
Ka Seheberu: “ea lokileng mahlong a ka.”
Ka Seheberu: “phomola.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “Leoatle.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “Ha ho be joalo.”
Kapa: “mofumahali.”
Kapa mohlomong: “lihahi tsa marako a tšireletso.”
Kapa: “lifeiga.”
Kapa mohlomong: “tse butsoitseng haholo.”
Ka Seheberu: “ke neng ke tsoha hoseng ’me ke ba roma.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu ho na le mantsoe a mabeli. Ho bonahala eka le leng ke “litlamo tsa maoto”, le leng lona ke “litlamo tsa matsoho le hlooho.”
Kapa: “thekeng.”
Ka Seheberu: “le leholo.”
Kapa: “basele.”
Kapa: “mo.”
Kapa: “ka tekanyo e loketseng.”
Kapa mohlomong: “etsa hore ba hlomphehe.”
Ka Seheberu: “ea faneng ka pelo ea hae e le tiiso.”
Kapa: “U tjeke le ba tšehang.”
Kapa: “lopolle.”
E leng Baiseraele.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “monono.”
Kapa: “otla serope sa ka.”
Ka Seheberu: “mala a ka a lubehileng ka lebaka la hae.”
Kapa mohlomong: “monna oa bona.”
Kapa: “Phula.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tšetsoeng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “phaleising.”
E leng ngoan’abo ntate oa hao.
E leng ngoan’abo Ntate.
Ka Seheberu: “lishekele tse supileng.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “le otlolohileng.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng ke ruta.”
Sheba Tlhaloso ea Gehena.
Kapa: “Ha ho mohla ho kileng ha fihla pelong ea ka.”
E leng metse e seng lithabeng.
E leng metse e seng lithabeng.
Ka Seheberu: “lehlomela.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “makhotla a maholimo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “litaelo.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Kajeno.”
Ke ntho e neng e etsoa mehleng ea khale ho tiisa selekane.
Kapa: “mepotjoana.”
Ka Seheberu: “Jonadabe,” khutsufatso ea lebitso la Jehonadabe.
Ka Seheberu: “Jonadabe,” khutsufatso ea lebitso la Jehonadabe.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng ’me ke bua.”
Ka Seheberu: “bao ke tsohileng hoseng ke ba romela.”
Ka Seheberu: “Jonadabe,” khutsufatso ea lebitso la Jehonadabe.
Kapa: “buka.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “bukeng.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “Liofisiri tsohle tsa lekhotla.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “bukeng.”
Ho tloha mahareng a November ho ea fihla mahareng a December. Sheba Ntlha ea B15.
Mohlomong e ne e se mora empa e le setho feela sa lelapa la boreneng.
Ka Seheberu: “A ke ke a ba le ea tla lula.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “buka.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
O boetse o bitsoa Jojakine le Jekonia.
Ka Seheberu: “ka tlung ea seliba.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “ea eang.”
Kapa: “bophelo ba hae e tla ba oona moputso oa hae.”
Kapa: “selibeng.”
Ka Seheberu: “e neng e le leqhalaha.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “Ha u ka ea.”
Ka Seheberu: “u ke ke oa ea.”
Ka Seheberu: “u sa ee.”
Ka Seheberu: “ba neng ba e-na le khotso le eena.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “Nergale-sharezere, Samgare-nebo, Sarsekime, Rabsarise.” Ke tsela e ’ngoe hape eo a ngoloang ka eona ka Seheberu.
Kapa: “moselamose ea ka sehloohong (molepi oa linaleli).”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa mohlomong: “mosebetsi o qobelloang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “ofisiri e kholo ea lekhotla.”
Kapa: “moselamose ea ka sehloohong (molepi oa linaleli).”
Ka Seheberu: “thepa e hapuoeng.”
Ka Seheberu: “ke eme ka pel’a.”
Ka Seheberu: ““lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “metsi a mangata.”
Kapa: “ikoahlaea.”
Kapa: “ho ea jaka teng ka nakoana.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “litempele.”
Kapa: “a sa tsoa kotsi.”
Kapa: “Ntlo (Tempele) ea Letsatsi,” e leng Heliopolis.
Kapa: “litempele.”
Kapa: “Memfise.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng ’me ke ba romela.”
Kapa: “utloe bohloko.”
Tlotla ea molimo oa mosali ea neng a rapeloa ke Baiseraele ba bakoenehi. Mohlomong ke molimo eo ba neng ba re o etsa hore basali ba be le bana.
Tlotla ea molimo oa mosali ea neng a rapeloa ke Baiseraele ba bakoenehi. Mohlomong ke molimo eo ba neng ba re o etsa hore basali ba be le bana.
Tlotla ea molimo oa mosali ea neng a rapeloa ke Baiseraele ba bakoenehi. Mohlomong ke molimo eo ba neng ba re o etsa hore basali ba be le bana.
Ka Seheberu: “a fihlile pelong ea hae.”
Tlotla ea molimo oa mosali ea neng a rapeloa ke Baiseraele ba bakoenehi. Mohlomong ke molimo eo ba neng ba re o etsa hore basali ba be le bana.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “lebeletse.”
Ka Seheberu: “nama eohle.”
Ka Seheberu: “thepa e hapuoeng.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Hangata lithebe tsena li ne li sebelisoa ke masole a sebelisang liqha.
Ka Seheberu: “ba chehang liqha.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “Memfise.”
Ka Seheberu: “nako.”
E leng ea tla hlola Egepeta.
Kapa: “Memfise.”
Kapa mohlomong: “fetoha lithako.”
Khomo e e-s’o be le namane.
Kapa: “rathang patsi.”
E leng Thebese.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “ka tekanyo e loketseng.”
Kapa: “matsoho a bona a tla tepella.”
E leng Kreta.
E leng hore batho ba Gaza ba tla beola lihlooho hobane ba siame ba bile ba soabile.
Kapa: “itšeha.”
Kapa: “Phula.”
Kapa: “sehlaba.”
Ka Seheberu: “ba ba tsebang mabitso.”
Kapa mohlomong: “moo ho omeletseng.”
Kapa: “holim’a sehlaba; sebataolo.”
Kapa: “Matla a Moabe a felile.”
Kapa: “pelo ea hae.”
Ka Seheberu: “ka sehatelong.”
Ka Seheberu: “pelo ea ka e.”
E leng lekolilo le letsoang lefung ha batho ba utloile bohloko.
Kapa mohlomong: “mohoo oa batho ba hlaselang.”
Kapa: “e itšetlehileng ka eona.”
Kapa: “masakeng a linku.”
Kapa: “liphula.”
Ka Seheberu: “e phallang?”
Kapa: “bana ba hao ba se nang bo-ntate.”
E leng Edomo.
Kapa: “ea tšabelang.”
Mohlomong ho buuoa ka baahi ba Edomo.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “litlhafunelong.”
Ka Seheberu: “meeeng eohle.”
Kapa: “leholimo.”
Kapa: “palo.”
Ka Seheberu e ka ’na eaba poleloana ena e amana le lentsoe “bolokoe” ’me le sebelisoa ha ho buuoa ka ntho e nyonyehang.
Kapa: “lefa la ka.”
Kapa: “tila.”
Khomo e e-s’o be le namane.
Ka Seheberu: “O fane ka letsoho la hae.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “tholisoa.”
Kapa: “baprofeta ba bohata.”
Kapa: “liphoofolo tse hlabang moolo” e leng liphoofolo tse etsang sello se kang seo ntja e se etsang bosiu.
Mohlomong ho buuoa ka baahi ba Babilona.
Ho bonahala hore Leb-kamai ke lebitso le leng la Kalde.
Kapa: “koba.”
E leng naha ea Bakalde.
Kapa mohlomong: “Tlatsang likhohlopo.”
Ka Seheberu: “o tsositse moea oa.”
Kapa: “palo.”
Kapa: “kutloisiso.”
Kapa: “moholi.”
Kapa mohlomong: “mekoallo ea metsi.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “liemahale.”
Kapa: “phefumoloho.”
Kapa: “palo.”
Ka Seheberu: “Halaletsang.”
Ka Seheberu: “Halaletsang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Mona Jeremia o bua joalokaha eka ke eena Jerusalema le Juda.
E leng ea Jerusalema kapa ea Sione.
E leng baahi ba Babilona.
Kapa: “lipoli tse tona.”
Ho bonahala hore Sheshake ke lebitso le leng la Babele (Babilona).
Kapa: “basele.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “Leoatle.”
Ka Seheberu: “Leoatle.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 18.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 12.”
Ka Seheberu: “menoana e mene.” Bophara ba monoana bo lekana le lisenthimithara tse 1,85. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Kapa: “Nete.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “a phahamisa hlooho ea.”
Ka Seheberu: “a mo fa terone e phahametseng literone tsa marena.”